Buka ya Bobedi ya Dikronike
27 Jothame+ o ne a le dilemo di 25 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 16. Lebitso la mme wa hae e ne e le Jerusha moradi wa Tsadoke.+ 2 Jothame o ne a etsa dintho tse thabisang Jehova jwalo ka ntate wa hae Uzia+ empa yena ha a ka a kena ka tempeleng ya Jehova a sa tshwanela.+ Batho ba ne ba ntse ba etsa dintho tse mpe. 3 O ile a haha keiti e hodimo ya ntlo ya Jehova+ mme a etsa mosebetsi o moholo wa ho haha lebota la Ofele.+ 4 A boela a haha metse+ dithabeng tsa Juda+ le metse e sireleditsweng ka marako+ le ditora+ merung. 5 A lwantsha morena wa Baamone+ mme a mo hlola. Ka hoo, selemong seo Baamone ba mo fa dikhilokramo tse 34 200* tsa silevera, dilithara tse 2 200 000* tsa koro le tse 2 200 000 tsa harese. Baamone ba ile ba mo patala ka dintho tsena le ka selemo sa bobedi le sa boraro.+ 6 Jothame a ba matla hobane o ne a ikemiseditse ho mamela Jehova Modimo wa hae.
7 Histori yohle ya Jothame, dintwa tseo a di lwanneng le dintho tseo a di entseng, di ngotswe Bukeng ya Marena a Iseraele le a Juda.+ 8 O ne a le dilemo di 25 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 16.+ 9 Jothame a shwa* mme a patelwa Motseng wa Davida.+ Mora wa hae Akaze ya eba morena.+