Dipesaleme
Ho motsamaisi. E letswe ka diletsa tse dikgwele. Maskile.* Pesaleme ya Davida.
2 O mmamele ka hloko mme o nkarabe.+
Ha ke kgone ho phomola hobane ke kgathatsehile+
Ebile ke ferekane
3 Ka lebaka la seo sera sa ka se se buang
Le ka lebaka la hore ya kgopo o a nkgatella.
Ba mpakela mathata a mangata,
Ba nkgalefetse ebile ba ntlhoile.+
5 Ke tshohile ebile ke a thothomela,
Ke a tlakasela.
6 Ke ntse ke re: “Hoja ke ne ke ena le mapheo jwalo ka leeba,
Ke ne ke tla fofela moo ho sireletsehileng ke dule teng.
Ke dule lefeelleng.+ (Selah)
8 Ke ne ke tla balehela sebakeng se sireletsehileng
Hole le moya o fokang ka matla, hole le sefefo.”
9 Ba ferekanye hle Jehova, o etse hore merero ya bona e se ke ya atleha*+
Hobane ke bone dintwa motseng.
10 Bosiu le motshehare ba tsamaya marakong a wona.
Ka hara wona ho na le dintho tse kotsi le mathata.+
11 Ho na le ditsietsi ka hara motse oo.
Mabaleng a wona ho dula ho ena le kgatello le mashano.+
12 Ha ke nyefolwe ke sera sa ka.+
Haeba ho ne ho le jwalo, ke ne ke tla mamella.
Ha ke hlaselwe ke sera sa ka.
Haeba ho ne ho le jwalo, ke ne ke tla ipatela sona.
14 Re ne re le metswalle e utlwanang haholo.
Re ya ntlong ya Modimo re tsamaya le batho ba bangata.
15 E se eka dira tsa ka di ka fediswa.+
E se eka di ka theohela Lebitleng* di ntse di phela
Hobane ho na le bokgopo moo di dulang teng le ka dipelong tsa tsona.
17 Mantsiboya, hoseng le motshehare ke dula ke tshwenyehile ke bile ke utlwile bohloko,+
O utlwa lentswe la ka.+
19 Modimo o tla ba utlwa a be a ba nkele kgato,+
Modimo eo esale a dutse teroneng ho tloha kgale.+ (Selah)
Ba sa kang ba tshaba Modimo,+
Ba tla hana ho fetoha.
20 O* hlasetse metswalle ya hae.+
A fetohela selekane sa hae.+
Mantswe a hae a thella ho feta oli
Empa a jwalo ka disabole tse bohale.+
Le ka mohla a ke ke a tlohela ya lokileng hore a we.+
23 Empa wena, Modimo, o tla ba dihela sekoting se tebileng haholo.+
Batho bao ba molato wa madi le ba leshano ba tla shwa ba ntse ba le batjha.+
Empa ha e le nna, ke tla o tshepa.