Ho Baroma
12 Ka hona bana beso, ka ha Modimo o le qenehetse, ke kopa hore le mo fe mmele ya lona+ le bophelo ba lona jwalo ka ha eka ke sehlabelo se halalelang+ seo a tla se amohela le be le mo sebeletse ka kelello yohle.+ 2 Le kgaotse ho etsisa batho ba lefatshe lena.* Ho ena le hoo, le dumelle Modimo hore a fetole tsela eo le nahanang ka yona+ e le hore le ka ikgodisa hore thato ya Modimo+ e molemo, e a amoheleha hape e phethahetse.
3 Ka lebaka la mosa* oo Modimo a mpontshitseng wona, ke eletsa e mong le e mong wa lona hore a se ke a inka a le bohlokwa haholo.+ Empa e mong le e mong a inahane hantle ho ya ka tumelo eo Modimo a mo abetseng yona.+ 4 Etswe mmeleng o le mong re na le ditho tse ngata+ tse etsang mesebetsi e fapaneng. 5 Ka tsela e tshwanang le hoja re le bangata, re mmele o le mong o momahaneng le Kreste. Re boetse re ditho tsa mmele o le mong mme re a hlokana.+ 6 Kaofela ha rona re na le dimpho tse fapaneng ho ya ka mosa oo Modimo a re bontshitseng wona.+ Ka hoo, haeba re ena le mpho ya ho profeta, a re profeteng ho ya ka tumelo eo re nang le yona. 7 Haeba re fuwe mosebetsi, re o etse ka boitelo bohle kapa haeba mpho ya rona e le ho ruta, re rute ka boitelo bohle.+ 8 Haeba mpho ya hao e le ho kgothatsa* ba bang,+ ba kgothatse.* Haeba mpho ya hao e le ho fana,+ o fane. Ya etellang* pele a etse jwalo ka mafolofolo.+ Ya hauhelang a etse jwalo ka pelo yohle.+
9 Le ratane ka tsela e se nang boikaketsi.+ Nyonyang se kgopo+ le kgomarele se molemo. 10 Ratanang ka matla jwalo ka bana ba motho. Eba wa pele wa ho bontsha hore o hlompha batho ba bang.+ 11 Le se ke la ba botswa empa le sebetse ka thata.*+ Dumellang moya o halalelang+ hore o etse hore le be mafolofolo. Le sebeletse Jehova* ka pelo yohle.+ 12 Thabang ka lebaka la tshepo eo le nang le yona. Mamellang ha le ena le mathata.+ Le se ke la kgaotsa ho rapela.*+ 13 Arolelanang seo le nang le sona le badumedimmoho le lona* ho ya ka hore na ba hlokang.+ Itlwaetseng ho amohela baeti.+ 14 Kopelang ba le hlorisang tlhohonolofatso,+ le se ke la ba bua hampe.+ 15 Thabang le ba thabileng, llang le ba llang. 16 Le nahanele ba bang ka tsela e tshwanang le eo le inahanelang ka yona. Le se ke la ikgohomosa* empa le ikokobetse.*+ Le se ke la inka le le bohlale.+
17 Haeba batho ba bang ba le etsa hampe, le se ke la ba etsa hampe le lona.+ Etsang dintho tseo batho bohle ba nkang di lokile. 18 Le etse sohle seo le ka se kgonang e le hore le be le kgotso le batho bohle.+ 19 Baratuwa, le se ke la iphetetsa empa le dumelle Modimo hore a bontshe kgalefo ya hae.+ Mangolo a re: “Jehova* o re: ‘Phetetso ke ya ka, ke tla fana ka kotlo.’”+ 20 Empa “haeba motho ya o hloileng a lapile, o mo fe dijo. Haeba a nyorilwe, o mo fe se nowang. Etswe o tla be o bokella mashala a mollo hloohong ya hae.”*+ 21 O se ke wa itlohela hore o hlolwe ke bobe empa o nne o hlole bobe ka botle.+