Esaia
14 Jehova o tla hauhela Jakobo+ mme a kgethe Baiseraele hape.+ O tla ba tsitsisa* naheng ya bona+ mme baditjhaba ba ikopanye le bona. Ba tla ikamahanya le ntlo ya Jakobo.+ 2 Ditjhaba di tla ba nka di ba kgutlisetse sebakeng sa bona mme ntlo ya Iseraele e tla inkela banna le basadi ba tsona e ba etse basebeletsi+ naheng ya Jehova. Ba tla hapa ba neng ba ba entse batlamuwa mme ba laole bahatelli ba bona.*
3 Letsatsing leo Jehova a o fang phomolo bohlokong ba hao, pherekanong ya hao le bokgobeng bo sehloho boo o neng o le ho bona,+ 4 o tla bua maele ana ho* morena wa Babilona:
“Bonang ka moo mohatelli* a weleng ka teng.
Kgatello e emisitse.+
6 O robile ya otlang ditjhaba a sa kgaotse a bile a halefile,+
Eo ka bohale a busang ditjhaba a bile a di hlorisa a sa kgaotse.+
7 Lefatshe lohle le phomotse mme le kgotsong.
Batho ba hweletsa ba thabile.+
8 Le difate tsa junipere di thabetse ho bona ntho e o etsahaletseng
Ha mmoho le dikedare tsa Lebanone.
Di re, ‘Haesale o wa,
Ha ho moremi wa patsi ya re futuhelang.’
Ka lebaka la hao le tsositse bafu
E leng baetapele* bohle ba lefatshe ba hatellang.
Le etsa hore marena ohle a ditjhaba a raohe diteroneng tsa ona.
10 Kaofela ha ona a re ho wena,
‘Athe le wena o se o hloka matla jwalo ka rona?
O se o tshwana le rona?
Tshenyane* e adilwe tlasa hao jwalo ka bethe,
Diboko ke seaparo sa hao.’
12 O wele hampe hakaakang ho tswa lehodimong,
Wena ya kganyang, mora wa mafube!
O dihetswe hampe hakaakang lefatsheng,
Wena ya hlotseng ditjhaba!+
13 O itse ka pelong, ‘Ke tla nyolohela mahodimong,+
Ke phahamisetse terone ya ka hodima dinaledi tsa Modimo,+
Ke dule thabeng eo ho bokanwang ho yona,
Dikarolong tse hole ka ho fetisisa ka leboya.+
14 Ke tla nyolohela ka hodima maru,
Ke iketse hore ke tshwane le Ya Phahameng ka ho Fetisisa.’
16 Ba o bonang ba tla o tonela mahlo,
Ba o hlahlobisise ba re,
‘Na eo ke yena monna ya neng a sisinya lefatshe,
Ya neng a etsa hore mebuso e thothomele,+
17 Ya entseng hore lefatshe le be jwalo ka lefeella,
Ya dihileng metse ya lona+
Le ya hanneng ho lokolla batshwaruwa ba hae hore ba ye hae?’+
18 Marena a mang ohle a ditjhaba,
Kaofela ha ona a phomotse ka tlhompho,
E mong le e mong ka lebitleng* la hae.
O apesitswe ditopo tsa banna ba hlabilweng ka sabole,
Ba theohelang sekoting se majwe
Jwalo ka setopo se hataketsweng ka maoto.
Mabitso a bana ba batho ba kgopo a ke ke a hlola a hopolwa.
21 Lokisang sebaka seo ho tla bolaelwa bana ba hae ho sona
Ka lebaka la phoso ya baholoholo ba bona
E le hore ba se ke ba phahama, ba busa lefatshe
Yaba ba tlatsa naha ka metse ya bona.”
22 Jehova wa mabotho o re, “Ke tla ba hlasela.+
Ke tla tlosa lebitso, baphonyohi, bana le ditloholo tse teng Babilona,”+ ke Jehova ya tjhong.
23 Jehova wa mabotho o re, “Ke tla e etsa lehae la dinoko mme e be sebaka se kollang metsi. Ke tla e fiela hore ho fele ka yona.”*+
24 Jehova wa mabotho o hlapantse a re:
“Ho tla etsahala feela jwalo ka ha ke rerile.
Ho tla phethahala feela jwalo ka ha ke entse qeto.
Joko ya hae e tla tloswa hodima bona,
Mojaro wa hae o tloswe mahetleng a bona.”+
26 Ena ke qeto e etseditsweng lefatshe lohle.
Lena ke letsoho le phahamiseditsweng* ditjhaba tsohle.
Letsoho la hae le phahame,
Ke mang ya ka le theolang?+
28 Selemong seo Morena Akaze a shweleng+ ka sona ha etswa phatlalatso ena:
29 “Wena Filistia le bohle ba ho wena, le se ke la thaba
Hobane feela lere la ya le otlang le robehile.
30 Ha matsibolo a bafutsana a ja
Le batho ba hlokang ba ithoballa ba sireletsehile,
Ke tla bolaya motso wa hao ka tlala
Le ba setseng ba hao ba tla bolawa.+
31 Bokollang, lona ba keiting. Llang, lona baahi ba motse.
Kaofela ha lona le tla nyahama, lona batho ba Filistia.
Mosi o tla o tswa leboya,
Ha ho ya tlang a hulana ka morao sehlopheng sa hae.”
32 Ba lokela ho reng ha ba araba baromuwa ba setjhaba?
Hore Jehova o radile motheo wa Sione+
Le hore bafutsana ba hara batho ba hae ba tla tshabela teng.