Esaia
35 Lefeella le sebaka se omeletseng di tla thaba+
Le lehwatata le tla thaba mme le thunye jwalo ka dipalesa tsa safrone.+
Ba tla bona kganya ya Jehova, botle ba Modimo wa rona.
4 Ereng ho ba dipelo di tshwenyehileng:
“Ebang matla. Le se ke la tshoha.
Modimo wa lona o tla iphetetsa,
A fane ka kotlo.+
O tla tla mme a le pholose.”+
6 Ka nako eo, ya holofetseng o tla tlolatlola jwalo ka kgama,+
Ya sa kgoneng ho bua o tla hweletsa a thabile.+
Metsi a tla kolla lefeelleng
Le melapo e phalle lehwatateng.
7 Sebaka se tjhesitsweng ke letsatsi e tla ba letamo le nang le lehlaka,
Mobu o nyorilweng e be didiba tsa metsi.+
Motho ya sa hlwekang a ke ke a tsamaya ho yona.+
E boloketswe ya dumeletsweng ho tsamaya ho yona.
Ha ho mang kapa mang ya se nang kelello ya tla kgelohela ho yona.
9 Ho ke ke ha eba le tau moo.
Ha ho dibata tse bohale tse tla tla ho yona.
10 Ba lopolotsweng ke Jehova ba tla kgutla+ mme ba tle Sione ka mohoo wa thabo.+
Ba tla rwala korone ya thabo ho ya ho ile.+
Ba tla fumana thabo e kgaphatsehang le nyakallo,
Mesarelo le masisapelo e tla ba pale ya maobane.+