Kosepele ya Johanne
10 “Ke a le tiisetsa hore ya sa keneng ka lesakeng la dinku ka monyako empa a hlwa le sebakeng se seng, ke leshodu.+ 2 Ya kenang ka monyako ke yena modisa wa dinku.+ 3 Molebedi wa monyako o a mo bulela+ le dinku di mamela lentswe la hae.+ O bitsa dinku tsa hae ka mabitso, o di etella pele ha di tswa. 4 Ha a ntshitse dinku tsa hae kaofela, o tsamaya ka pela tsona mme di a mo latela hobane di tseba lentswe la hae. 5 Di ke ke tsa latela motho e mong empa di tla mo baleha hobane ha di tsebe lentswe la hae.” 6 Batho ba mametseng ba ne ba sa utlwisise papiso ena eo Jesu a ba etseditseng yona.
7 Ka hoo Jesu a re: “Ke a le tiisetsa hore ke nna monyako wa dinku.+ 8 Bohle ba ikentseng nna ke mashodu empa dinku ha di a ba mamela. 9 Ke nna monyako. Ya tlang ho nna hore a kene o tla pholoha. O tla kena a tswe mme a fumane lekgulo.+ 10 Leshodu le tlela feela ho tla utswa, ho hlaba le ho bolaya.+ Nna ke tletse hore dinku di fumane bophelo bo sa feleng. 11 Ke nna modisa ya molemo.+ Modisa ya molemo o tela bophelo ba hae molemong wa dinku.+ 12 Monna ya hirilweng eo dinku e seng tsa hae, ha a bona phiri e tla o siya dinku ebe o a baleha, phiri e sale e di bolaya ebe tse ding di a hasana 13 hobane o hirilwe mme ha a tsotelle dinku. 14 Ke nna modisa ya molemo. Ke tseba dinku tsa ka le dinku tsa ka di a ntseba+ 15 feela jwalo ka ha Ntate a ntseba le nna ke tseba Ntate.+ Ke tela bophelo ba ka molemong wa dinku.+
16 Ke na le dinku tse ding tseo e seng tsa lesaka lena.+ Le tsona ke tla di tlisa mme di tla mamela lentswe la ka, mohlape o tla ba mong le modisa a be mong.+ 17 Ntate o a nthata+ hobane ke tela bophelo ba ka+ hore ke tle ke boele ke bo fumane. 18 Ha ho motho ya nkamohang bona empa ke ithaopela ho bo tela. Ke dumeletswe ho bo tela le ho bo fumana hape.+ Ke Ntate ya mphileng taelo ena.”
19 Bajuda ba boela ba fapana ka maikutlo+ ha ba utlwa mantswe ana. 20 Ba bangata ba ne ba re: “O na le modemona ebile o a hlanya. Ke hobaneng ha le mo mamela?” 21 Ba bang ba ne ba re: “Motho ya kenweng ke modemona a ke ke a bua tjena. Ha ho mohla modemona a kileng a bula mahlo a batho ba foufetseng.”
22 Ho ne ho ena le Mokete wa Nehelo Jerusalema, e ne e le mariha. 23 Jesu o ne a tsamaya ka tempeleng phasejeng ya Solomone e nang le dipilara ka mathoko.+ 24 Bajuda ba mo potapota yaba ba re ho yena: “Re bolelle hore na o Kreste kapa ha o yena. O tla re bolella neng hore na o mang?” 25 Jesu a re: “Ke le boleletse empa ha le dumele. Mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate e a mpakela.+ 26 Ha le dumele hobane ha le dinku tsa ka.+ 27 Dinku tsa ka di mamela lentswe la ka. Ke a di tseba ebile di a ntatela.+ 28 Ke di fa bophelo bo sa feleng.+ Ha ho na motho ya tla di bolaya kapa a di hlothe letsohong la ka.+ 29 Dinku tseo Ntate a mphileng tsona di bohlokwa ho feta dintho tse ding kaofela mme ha ho na motho ya ka di hlothang letsohong la Ntate.+ 30 Nna le Ntate re momahane.”+
31 Bajuda ba boela ba thonaka majwe ho mo tlepetsa. 32 Jesu a re: “Le bone ha ke etsa mesebetsi e mengata e metle eo Ntate a itseng ke e etse. Le batla ho ntlepetsa ka majwe ka lebaka la mosebetsi ofe ho yona?” 33 Bajuda ba re: “Ha re o tlepetse ka lebaka la mesebetsi e metle empa hobane o rohaka Modimo,+ o iketsa modimo empa o le motho.” 34 Jesu a re: “Na Molaong wa lona ha ho a ngolwa ha thwe, ‘Ke itse: “Le medimo”’?*+ 35 Re a tseba hore Mangolo a ke ke a fetolwa. Jwale haeba Modimo o re batho bao lentswe la hae le ba kgalemelang ke ‘medimo,’+ 36 na le utlwa ho tshwanetse hore le re ke rohaka Modimo ha ke re ke Mora hae empa a nkgalaleditse ebile a nthometse lefatsheng?+ 37 Haeba ha ke etse mesebetsi eo Ntate a itseng ke e etse, le se ke la dumela ho nna. 38 Haeba ke a e etsa, le haeba le sa dumele ho nna, le dumele ka lebaka la mesebetsi+ e le hore le ka tseba mme la dula le utlwisisa hore nna le Ntate re momahane.”+ 39 Ba leka hape ho mo tshwara empa a baleha.
40 A kgutlela ka nqane ho Jordane moo Johanne a neng a kolobetsa a le teng+ mme a dula moo. 41 Batho ba bangata ba tla ho Jesu mme ba re: “Johanne ha a ka a etsa le mohlolo o le mong empa dintho tsohle tseo a di buileng ka monna enwa ke nnete.”+ 42 Ka hoo, batho ba bangata ba dumela ho yena.