Genese
19 Mangeloi ao a mabedi a fihla Sodoma mantsiboya. Lota o ne a dutse keiting ya Sodoma mme ha a bona mangeloi ao, a a kgahlanyetsa yaba o a a kgumamela.+ 2 A re ho ona: “Marenaka, ke kopa le tle ha ka le robaletse mme maoto a lona a hlatsuwe ebe hoseng le a tsamaya.” Yaba a re: “Tjhe, re tla robala lebaleng la motse.” 3 Empa a a phehella hoo a ileng a ya le yena ha hae. A a etsetsa mokete mme a baka bohobe bo se nang tomoso yaba a a ja.
4 Le pele mangeloi ao a robala, banna bohle ba motse wa Sodoma ho tloha ho moshanyana ho ya ho monnamoholo ba bokanela ntlo eo. 5 Ba nna ba hweletsa Lota ba re ho yena: “Banna ba tlileng ho wena bosiung boo ba kae? Ba tlise kwano re tlo etsa thobalano le bona.”+
6 Lota a tswa a ya ho bona monyako mme a kwala lemati. 7 A re: “Bana beso ke kopa le se ke la etsa ntho e mpe hakana. 8 Ke na le baradi ba babedi ba eso ka ba robala le monna. Ereng ke le tlisetse bona hore le etse sohle seo le se batlang ka bona. Empa ha e le banna bana le se ke la ba etsa letho hobane ke baeti ntlong ya ka.”*+ 9 Ba re: “Suthela kwana!” Ba boela ba re: “Moditjhaba enwa ya se nang ba habo o tlile ho tla dula mona, jwale ke enwa o sebete sa ho re ahlola. Re tla o etsa ntho e eso bonwe.” Ba bokanela* Lota mme ba mo sutumelletsa monyako hore ba robe lemati. 10 Banna ba ka tlung ba hula Lota yaba ba kwala lemati. 11 Empa ba foufatsa banna ba neng ba le monyako wa ntlo, ho tloha ho e monyenyane ho ya ho e moholo, hoo ba ileng ba kgathala ke ho batla hore na lemati le hokae.
12 Banna bao ba re ho Lota: “Na o na le ba heno moo? Tswa sebakeng sena le bona, ebang ke bakgwenyana ba hao, bara ba hao, baradi ba hao le bohle ba ntlo ya hao. 13 Re tlo fedisa motse ona ka ha Jehova o utlwile sello se entsweng ka wona.+ Ke ka hoo Jehova a re rometseng ho tla o fedisa.” 14 Lota a tswa yaba o bua le bakgwenyana ba hae ba neng ba tlo nyala baradi ba hae mme a nna a re: “Potlakang! Tswang sebakeng sena hobane Jehova o tlo fedisa motse ona.” Empa ha ba a ka ba mo nkela hloohong.+
15 Ha e eba mesong, mangeloi a phehella Lota hore a potlake, a re ho yena: “Potlaka! Tswa le mosadi wa hao le baradi ba hao ba babedi e le hore le se ke la fediswa ha mmoho le motse ona ka lebaka la sebe sa wona.”+ 16 Jehova a mo hauhela+ ha a ntse a dieha mme banna bao ba mo tshwara ka letsoho ha mmoho le mosadi wa hae le baradi ba hae ba babedi, ba ba ntshetsa ka ntle ho motse.+ 17 Ha ba qeta ho ba ntshetsa ka ntle ho motse, e mong wa banna bao a re: “Balehang e le hore le pholohe! Le se ke la hetla+ kapa la ema kae kapa kae seterekeng sena!+ Balehelang dithabeng e le hore le se ke la fediswa!”
18 Lota a re ho bona: “Jehova, ke kopa ho ya sebakeng se seng eseng moo. 19 O nkgauhetse ebile o mpontshitse mosa o moholo* ka ho pholosa bophelo ba ka.+ Empa ha ke kgone ho balehela dithabeng hobane ke tshaba hore ke tla hlahelwa ke tlokotsi ebe ke a shwa.+ 20 Ho na le motse o monyenyane o haufi, oo nka balehelang ho wona. Ke kopa o ntumelle hore ke balehele moo e le hore ke tle ke pholohe. Ke motse o monyenyane.” 21 A re ho yena: “Ho lokile, ke tla o hauhela+ hape ka hore ke se ke ka fedisa motse oo o buang ka wona.+ 22 Potlaka! Balehela teng hobane nke ke ka etsa letho ho fihlela o fihla teng.”+ Ke ka lebaka leo motse oo o ileng wa rehwa Zoware.*+
23 Letsatsi le ne le se le tjhabile ha Lota a fihla Zoware. 24 Yaba Jehova o nesa mollo le sebabole Sodoma le Gomora. Di ne di tswa ho Jehova mahodimong.+ 25 A fedisa metse ena le setereke sohle, ho akarelletsa le baahi bohle ba metse ena le dimela tsa naha.+ 26 Empa mosadi wa Lota o ne a ntse a tla ka mora Lota yaba o a hetla mme a fetoha seemahale sa letswai.+
27 Abrahama a tsoha hoseng haholo a ya sebakeng seo a neng a eme ho sona ka pela Jehova.+ 28 Ha a sheba tlase motseng wa Sodoma le wa Gomora le seterekeng sohle, a bona ntho e makatsang. Ho ne ho nyoloha mosi o motsho naheng eo, o jwalo ka mosi wa sebopi.+ 29 Modimo a hopola seo a neng a se boleletse Abrahama. Ka hoo, ha Modimo a fedisa metse ya setereke seo, a ntsha Lota metseng eo. Ke metse eo Lota a neng a dula ho yona.+
30 Ha morao Lota a tloha Zoware le baradi ba hae ba babedi mme a ya dula dithabeng+ hobane o ne a tshaba ho dula Zoware.+ A dula ka lehaheng le baradi ba hae ba babedi. 31 Moradi wa hae e moholo a re ho e monyenyane: “Ntate o tsofetse mme naheng ena ha ho na monna ya tla robala le rona ho ya ka moo ho tlwaelehileng ka teng lefatsheng lohle. 32 A re fe Ntate veine hore a nwe mme re robale le yena e le hore re be le bana ka yena.”
33 Bosiung bona boo ba nna ba fa ntate wa bona veine hore a nwe. Moradi e moholo a robala le ntate wa hae empa Lota ha a ka a utlwa ha moradi wa hae a robala le yena le ha a tsoha. 34 Letsatsing le hlahlamang moradi e moholo a re ho e monyenyane: “Ke robetse le Ntate maobane bosiu. A re mo fe veine hore a nwe le bosiung bona. O robale le yena e le hore re be le bana ka yena.” 35 Le bosiung boo ba nna ba fa ntate wa bona veine hore a nwe. E monyenyane a robala le yena empa Lota ha a ka a utlwa ha e monyenyane a robala le yena le ha a tsoha. 36 Baradi ba Lota ka bobedi ba imiswa ke ntate wa bona. 37 Moradi e moholo a ba le mora yaba o mo reha Moabe.+ Ke yena ntate wa bao kajeno ba tsejwang e le Bamoabe.+ 38 Moradi e monyenyane le yena a ba le mora mme a mo reha Ben-ami. Ke yena ntate wa bao kajeno ba tsejwang e le Baamone.+