Kosepele ya Luka
1 Batho ba bangata ba lekile ho batlisisa dintho tsohle tse etsahetseng le ho di ngola fatshe e leng dintho tseo le rona re di dumelang.+ 2 Ba bang bao e neng e le dipaki tse boneng ka mahlo+ ba bile ba phatlalatsa molaetsa wa Modimo, ba re boleletse tsona.+ 3 Jwale mohlomphehi Theofilase,+ ke hlahlobisisitse dintho tsena tsohle mme le nna ka etsa qeto ya ho o ngolla tsona ka tatellano ya tsona. 4 Ke entse tjena e le hore o kgodisehe hore dintho tseo o di rutilweng ke nnete.+
5 Mehleng ya Morena Heroda*+ wa Judea, ho ne ho ena le moprista e mong ya bitswang Zakaria wa sehlopha sa Abija.+ Mohatsa wa hae o ne a tswa lelapeng la Arone, lebitso la hae e le Elizabetha. 6 Jehova* o ne a ba nka ba lokile, ba se na molato hobane ba ne ba phela ka melao yohle ya hae. 7 Ba ne ba se na bana hobane Elizabetha o ne a sa kgone ho ba le bana ebile ba ne ba se ba hodile haholo.
8 Zakaria o ne a etsa mosebetsi wa boprista ka pela Modimo ka ha e ne e le nako ya hore sehlopha seo a welang ho sona+ se sebeletse Modimo tempeleng. 9 Ho ya ka tlwaelo* ya boprista, nako ya hae ya ho nyehela dibano+ ya fihla yaba o kena ka sehalalelong sa Jehova.*+ 10 Ka nako eo batho ba bangata ba ne ba ntse ba rapela ka ntle. 11 Yaba lengeloi la Jehova* le ema ka lehlakoreng le letona la aletare ya dibano moo Zakaria a le bonang. 12 Empa ha a le bona a ferekana, a tshoha. 13 Le ha ho le jwalo, lengeloi la re ho yena: “Zakaria, o se ke wa tshoha hobane Modimo o utlwile thapelo ya hao. Ka hoo, mosadi wa hao Elizabetha o tla o tswalla mora mme o tla mo reha Johanne.+ 14 O tla thaba haholo le batho ba bangata ba tla thabela hore ebe o tswetswe+ 15 hobane Jehova* o tla mo nka e le motho wa bohlokwa.+ Empa ha a lokela ho nwa veine kapa jwala ho hang.+ O tla tlala moya o halalelang le pele a hlaha,*+ 16 a thuse Baiseraele ba bangata ho kgutlela ho Jehova* Modimo wa bona.+ 17 Hape Modimo o tla mo roma hore a mo etelle pele ka moya le matla a tshwanang le a Elia.+ O tla etsa hore dipelo tsa bontate di tshwane le tsa bana,+ a thuse ba sa mameleng hore ba be bohlale mme ba etse dintho tse nepahetseng, e le hore a lokisetse Jehova* setjhaba.”+
18 Yaba Zakaria o re ho lengeloi: “Ke e kgolwe jwang taba ee empa nna le mosadi wa ka re se re tsofetse tjee?” 19 Lengeloi la re: “Ke nna Gabariele+ ya dulang a le haufi le Modimo+ mme ke rometswe ho tla bua le wena le ho o bolella ditaba tsena tse monate. 20 Empa ka ha ha o kgolwe ditaba tsa ka tse tla phethahala ka nako ya teng, o ke ke wa kgona ho bua ho fihlela dintho tsena di etsahala.” 21 Ka nako eo batho ba ne ba emetse hore Zakaria a tswe ka sehalalelong, ba mpa ba makatswa ke ho bona a dieha. 22 Ha a tswa o ne a sa kgone ho bua, a bua le bona ka matsoho. Yaba ba nka hore o sa tswa bona pono ka sehalalelong. 23 Ha nako ya hae ya hore a etse mosebetsi o halalelang* e fedile, a ya ha hae.
24 Ka mora matsatsinyana mosadi wa hae Elizabetha a ima yaba o ikwalla ka tlung ka dikgwedi tse hlano hobane a re: 25 “Jehova* o nketseditse sena, o nkgopotse e le hore a tlose sekgobo sa ka.”+
26 Ka mora dikgwedi tse tsheletseng e le moimana, Modimo a romela lengeloi Gabariele+ motseng wa Galilea o bitswang Nazaretha 27 ho etela Maria,+ e leng morwetsana+ ya neng a lebeleditswe ke Josefa wa leloko la Davida. 28 Ha le fihla ho yena la re: “Dumela wena ya hlohonolofetseng, Jehova* o na le wena.” 29 Mantswe ao a mo makatsa haholo yaba o a ipotsa hore na tumediso eo ke ya mofuta ofe. 30 Lengeloi leo la re ho yena: “Maria, o se ke wa tshoha hobane Modimo o o hauhetse. 31 O tla ima, o tswale mora+ ebe o mo reha Jesu.+ 32 O tla ba matla,+ a bitswe Mora wa Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa.+ Jehova* o tla mo fa terone ya ntate wa hae Davida,+ 33 puso ya hae e ke ke ya fela+ mme e tla ba morena wa bana ba Jakobo ka ho sa feleng.”
34 Empa Maria a re ho lengeloi leo: “Ke tla ba le ngwana jwang ke eso robale le monna?”+ 35 Lengeloi leo la mo araba la re: “Moya o halalelang o tla ba hodima hao,+ matla a Ya Phahameng ka ho Fetisisa a o sireletse. Ka hoo, ngwana eo e tla ba ya halalelang,+ a bitswe Mora wa Modimo.+ 36 Elizabetha mong ka wena le yena ke moimana wa dikgwedi tse tsheletseng, o lebeletse mora le hoja a tsofetse ebile batho ba re ha a kgone ho ba le bana 37 empa ntho e nngwe le e nngwe e a kgoneha ho Modimo.”+ 38 Jwale Maria a re: “Nna ke lekgoba la Jehova,* e se eka mantswe ao a ka phethahala ho nna.” Yaba lengeloi leo le a tsamaya.
39 Ka mora moo Maria a tsamaya a potlakile ho ya motseng wa Juda e leng sebaka se dithaba. 40 A kena ka tlung ha Zakaria yaba o dumedisa Elizabetha. 41 Yare ha Elizabetha a utlwa Maria a mo dumedisa, lesea le ka mpeng ya hae la raha, Elizabetha a tlala moya o halalelang 42 yaba o a hweletsa o re: “O hlohonolofetse hara basadi, le ngwana eo o tlo ba le yena o hlohonolofetse. 43 Ke utlwa e le tlotla hore ebe ke tjhaketswe ke mme wa Morenaka. 44 Hang ha ke utlwa o ntumedisa lesea le ka mpeng ya ka le ile la raharaha hobane le thabile. 45 Ho lehlohonolo mosadi ya ileng a kgolwa dintho tseo Jehova* a di tshepisitseng hobane di tla phethahala kaofela.”
46 Yaba Maria o re: “Ke tlotlisa Jehova,*+ 47 nke ke ka kgaotsa ho rorisa Modimo Mopholosi wa ka+ ke thabile 48 hobane o hlohonolofaditse nna lekgoba la hae le hoja ke le motho wa boemo bo tlase.+ Ho tloha hona jwale ho ya pele meloko yohle e tla phatlalatsa hore ke thabile+ 49 hobane Ya Matla Ohle o nketseditse dintho tse kgolo, le lebitso la hae le a halalela,+ 50 ka mehla o hauhela ba mo tshabang.+ 51 O entse dintho tse kgolo ka letsoho la hae le matla, a qhalakanya bohle bao dipelo tsa bona di tletseng boikgohomoso,+ 52 a theola banna ba matla diteroneng,+ a phahamisa ba maemong a tlase.+ 53 O kgotsofaditse bafutsana ka dintho tse ntle+ empa barui o ba tlohetse ba se na letho. 54 O thusa mohlanka wa hae Iseraele ho bontsha hore o hopola tshepiso ya hae ya ho ba mohau ka ho sa feleng,+ 55 feela jwalo ka ha a ile a bolella baholoholo ba rona e leng Abrahama le ditloholo*+ tsa hae.” 56 Maria a dula le yena dikgwedi tse ka bang tharo yaba o kgutlela hae.
57 Nako ya hore Elizabetha a pepe ya fihla yaba o ba le ngwana moshanyana. 58 Baahisani le beng ka yena ba utlwa hore Jehova* o mo hauhetse haholo yaba ba thaba le yena.+ 59 Ka letsatsi la borobedi ba tla ho tla bolotsa ngwana.+ Ba ne ba rerile ho mo rehella ka ntate wa hae Zakaria. 60 Empa mme wa hae a re: “Tjhe! Lebitso la hae ke Johanne.” 61 Yaba ba re ho yena: “Empa ha ho le ya mong wa beng ka wena ya rehilweng lebitso lena.” 62 Jwale ba buisana le ntate wa ngwana ka puo ya matsoho ba mo botsa hore na o batla hore ngwana a rehwe mang. 63 A kopa hore ba mo fe lepolanka le sephara mme a ngola mantswe ana: “Lebitso la hae ke Johanne.”+ Yaba kaofela ba a makala. 64 Hanghang molomo wa hae wa buleha, leleme la raroloha yaba o a bua+ o rorisa Modimo. 65 Batho bohle ba phelang tikolohong eo ba tshoha mme dintho tsena kaofela tsa buuwa hohle dithabeng tsa Judea. 66 Bohle ba neng ba di utlwile ba ile ba dula ba nahana ka tsona mme ba ipotsa ba re: “Hantlentle ngwana eo e tla ba eng ha a se a le moholo?” Ba ne ba tjho jwalo hobane ba hlokomela hore Jehova* o ne a ena le yena.*
67 Zakaria a tlala moya o halalelang mme a profeta a re: 68 “Ho roriswe Jehova* Modimo wa Iseraele+ hobane o hauhetse batho ba hae ebile o ba lopolotse.+ 69 O re hlahiseditse mopholosi ya matla*+ ntlong ya mohlanka wa hae Davida,+ 70 feela jwalo ka ha a boletse ka baprofeta ba hae ba halalelang ho tloha kgale.+ 71 O ile a bolela hore o tla re pholosa matsohong a dira tsa rona le ho bohle ba re hloileng.+ 72 Hape o tla phethahatsa mantswe ao a a boleletseng baholoholo ba rona a be a ba hauhele. O tla hopola selekane+ sa hae se halalelang 73 e leng kano eo a ileng a e etsetsa moholoholo wa rona Abrahama+ 74 ya hore o tla re pholosa matsohong a dira ebe ka mora moo o re fa monyetla o ikgethang wa ho mo etsetsa mosebetsi o halalelang re sa tshabe letho, 75 re tshepahala re bile re lokile ka pela hae ka matsatsi ohle. 76 Empa wena ngwanaka, o tla bitswa moprofeta wa Modimo Ya Phahameng ka ho Fetisisa ka ha o tla tsamaya ka pela Jehova* ho lokisa ditsela tsa hae,+ 77 ho fa batho ba hae molaetsa wa hore o tla ba pholosa ka hore a ba tshwarele dibe.+ 78 Modimo o tla etsa jwalo hobane a le mohau. Ka lebaka la mohau ona re tla bona kganya e tswang lehodimong e tshwanang le ya ha letsatsi le tjhaba. 79 E tla kgantshetsa ba dutseng lefifing le moriting wa lefu+ le ho tataisetsa maoto a rona tseleng ya kgotso.”
80 Ngwana e monyenyane a nna a hola yaba o tlala moya wa Modimo ho fihlela nako ya hore a ye ho Baiseraele e fihla.