LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Baheberu 10
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya Baheberu

      • Mahlabelo a diphoofolo ha a tlose sebe (1-4)

        • Molao ke setshwantsho (1)

      • Kreste o entswe sehlabelo hanngwe feela (5-18)

      • Tsela e ntjha e lebisang bophelong (19-25)

        • Re se ke ra tlohela ho bokana mmoho (24, 25)

      • Re se ke ra tlwaela ho etsa sebe ka boomo (26-31)

      • Re be le tumelo le sebete e le hore re mamelle (32-39)

Baheberu 10:1

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa mohlomong: “Batho.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Heb 8:5
  • +Kol 2:16, 17
  • +Heb 7:19; 9:9

Baheberu 10:2

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “ba etsang mosebetsi o halalelang.”

Baheberu 10:3

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 16:34

Baheberu 10:5

Indexes

  • Research Guide

    Tora ya ho Lebela (Ya Batho Kaofela),

    No. 6 2017 leq. 8

Baheberu 10:6

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 40:6

Baheberu 10:7

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Segerike: “moqolong wa buka.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 40:8

Baheberu 10:9

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 40:6-8

Baheberu 10:10

Mangolo a Dithupiso

  • +Gal 1:4
  • +Heb 13:12

Indexes

  • Research Guide

    Tora ya ho Lebela (E Ithutwang),

    7/2020, leq. 31

Baheberu 10:11

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 2:27, 28
  • +Ex 29:38; Nu 28:3
  • +Heb 7:18; 10:1

Baheberu 10:12

Mangolo a Dithupiso

  • +Bar 8:34

Baheberu 10:13

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 110:1; 1Ko 15:25

Baheberu 10:14

Mangolo a Dithupiso

  • +Heb 7:19

Baheberu 10:16

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Sheba Ntlha ya A5.

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 31:33; Heb 8:10

Baheberu 10:17

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 31:34; Heb 8:12

Baheberu 10:19

Mangolo a Dithupiso

  • +Heb 9:8, 24

Baheberu 10:20

Mangolo a Dithupiso

  • +Mat 27:51

Baheberu 10:21

Mangolo a Dithupiso

  • +Zak 6:13; Heb 3:6

Baheberu 10:22

Mangolo a Dithupiso

  • +1Jo 1:7
  • +Ef 5:25, 26

Baheberu 10:23

Mangolo a Dithupiso

  • +1Ko 15:58; Kol 1:23

Baheberu 10:24

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “nahanelaneng.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Kol 3:23; 1Ti 6:18

Indexes

  • Research Guide

    O ka Thaba ka ho sa Feleng!, thuto 10

Baheberu 10:25

Mangolo a Dithupiso

  • +De 31:12; Dik 2:42
  • +Esa 35:3; Bar 1:11, 12
  • +Bar 13:11; 2Pe 3:11, 12

Indexes

  • Research Guide

    O ka Thaba ka ho sa Feleng!, thuto 10

    Tora ya ho Lebela (E Ithutwang),

    4/2018, maq. 20-24

Baheberu 10:26

Mangolo a Dithupiso

  • +2Pe 2:21
  • +Mat 12:32; Heb 6:4-6; 1Jo 5:16

Baheberu 10:27

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 26:11

Baheberu 10:28

Mangolo a Dithupiso

  • +De 17:6

Baheberu 10:29

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Segerike: “ya hataketseng Mora wa Modimo.”

  • *

    Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Dithupiso

  • +Mat 26:27, 28; Lu 22:20
  • +Heb 6:4-6

Baheberu 10:30

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Sheba Ntlha ya A5.

Mangolo a Dithupiso

  • +De 32:35, 36

Baheberu 10:32

Mangolo a Dithupiso

  • +2Ko 4:6; Heb 6:4

Baheberu 10:33

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “le ema le.”

Baheberu 10:34

Mangolo a Dithupiso

  • +Mat 5:12
  • +Lu 16:9

Baheberu 10:35

Mangolo a Dithupiso

  • +Mat 10:32; 1Ko 15:58

Baheberu 10:36

Mangolo a Dithupiso

  • +Lu 21:19; Jak 5:11

Baheberu 10:37

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 26:20
  • +Hab 2:3; 2Pe 3:9

Baheberu 10:38

Mangolo a Dithupiso

  • +Joh 3:16; Bar 1:17
  • +Hab 2:4

Baheberu 10:39

Mangolo a Dithupiso

  • +2Pe 2:20

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

Heb. 10:1Heb 8:5
Heb. 10:1Kol 2:16, 17
Heb. 10:1Heb 7:19; 9:9
Heb. 10:3Le 16:34
Heb. 10:6Pes. 40:6
Heb. 10:7Pes. 40:8
Heb. 10:9Pes. 40:6-8
Heb. 10:10Gal 1:4
Heb. 10:10Heb 13:12
Heb. 10:111Sa 2:27, 28
Heb. 10:11Ex 29:38; Nu 28:3
Heb. 10:11Heb 7:18; 10:1
Heb. 10:12Bar 8:34
Heb. 10:13Pes. 110:1; 1Ko 15:25
Heb. 10:14Heb 7:19
Heb. 10:16Jer 31:33; Heb 8:10
Heb. 10:17Jer 31:34; Heb 8:12
Heb. 10:19Heb 9:8, 24
Heb. 10:20Mat 27:51
Heb. 10:21Zak 6:13; Heb 3:6
Heb. 10:221Jo 1:7
Heb. 10:22Ef 5:25, 26
Heb. 10:231Ko 15:58; Kol 1:23
Heb. 10:24Kol 3:23; 1Ti 6:18
Heb. 10:25De 31:12; Dik 2:42
Heb. 10:25Esa 35:3; Bar 1:11, 12
Heb. 10:25Bar 13:11; 2Pe 3:11, 12
Heb. 10:262Pe 2:21
Heb. 10:26Mat 12:32; Heb 6:4-6; 1Jo 5:16
Heb. 10:27Esa 26:11
Heb. 10:28De 17:6
Heb. 10:29Mat 26:27, 28; Lu 22:20
Heb. 10:29Heb 6:4-6
Heb. 10:30De 32:35, 36
Heb. 10:322Ko 4:6; Heb 6:4
Heb. 10:34Mat 5:12
Heb. 10:34Lu 16:9
Heb. 10:35Mat 10:32; 1Ko 15:58
Heb. 10:36Lu 21:19; Jak 5:11
Heb. 10:37Esa 26:20
Heb. 10:37Hab 2:3; 2Pe 3:9
Heb. 10:38Joh 3:16; Bar 1:17
Heb. 10:38Hab 2:4
Heb. 10:392Pe 2:20
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
  • 33
  • 34
  • 35
  • 36
  • 37
  • 38
  • 39
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Baheberu 10:1-39

Ho Baheberu

10 Molao ke setshwantsho feela+ sa dintho tse molemo tse tlang ho tla+ empa ha se dintho tseo ka sebele. Molao* oo ha o etse hore batho ba atamelang Modimo ba hloke sebe hobane feela ba etsa mahlabelo selemo le selemo.+ 2 Ha ho ne ho le jwalo, mahlabelo a ka be a emisitswe hobane ba a tlisang* ba ka be ba hlwekisitswe e le hore ba se ke ba hlola ba ikutlwa ba le molato ka lebaka la dibe tsa bona. 3 Empa mahlabelo ao a hopotsa batho dibe tsa bona selemo le selemo.+ 4 Etswe ho ke ke ha kgoneha hore madi a dipoho le a dipodi a tlose dibe.

5 Ha Kreste a tla lefatsheng o ile a re ho Modimo: “‘O ne o sa batle nyehelo le sehlabelo empa o ile wa ntokisetsa mmele. 6 Ha o a ka wa amohela dinyehelo tsa setjheso le dinyehelo tsa sebe.’+ 7 Ke ile ka re: ‘Bona, ke tlile. (Ho ngotswe ka nna moqolong.*) Ke tletse ho etsa thato ya hao Modimo wa ka.’”+ 8 Ka mora hore a re: “Ha o a ka wa batla kapa wa amohela mahlabelo, dinyehelo, dinyehelo tsa setjheso le dinyehelo tsa sebe” e leng mahlabelo a nyehelwang ho ya ka Molao, 9 o ile a re: “Ke tletse ho etsa thato ya hao.”+ O fedisa tsa pele e le hore a ka tiisa sa bobedi. 10 Ka “thato” eo ya Modimo,+ re halaleditswe ka sehlabelo sa mmele wa Jesu Kreste se nyehetsweng hanngwe ebile e le la ho qetela.+

11 Moprista e mong le e mong o a ema e le hore a etse mosebetsi wa hae o halalelang letsatsi le letsatsi+ le hore a etse mahlabelo kgafetsa+ le hoja mahlabelo ao a sa kgone ho tlosa dibe ka ho feletseng.+ 12 Empa Kreste yena o ile a nyehela sehlabelo se le seng e le hore a ka re lopolla sebeng ka ho sa feleng yaba o dula ka letsohong le letona la Modimo.+ 13 Ho tloha ka nako eo, o ne a se a emetse hore dira tsa hae di behwe tlasa maoto a hae.+ 14 Ka sehlabelo se le seng feela, o entse hore bohle ba ntseng ba halaletswa ba phethahale+ ka ho sa feleng. 15 Moya o halalelang le wona o a re pakela hore taba eo ke nnete ka ha o re: 16 “‘Selekane seo ke tla se etsa le bona ka mora matsatsi ao ke sena: Ke tla kenya molao wa ka dipelong tsa bona ke be ke o ngole dikelellong tsa bona,’ ke Jehova ya tjhong.”*+ 17 Ka mora moo o re: “Ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona le diketso tsa bona tse mpe.”+ 18 Ha Modimo a tshwarela dibe, ha ho sa hlokahala nyehelo bakeng sa sebe.

19 Bana beso, ka lebaka la madi a Jesu, re na le sebete sa ho kena sebakeng se halalelang+ 20 hobane Jesu o re buletse tsela e yang moo. Tsela eo ke tsela e ntjha e lebisang bophelong. O re buletse yona ka ho fetela ka nqane ho kgaretene+ e tshwantshetsang nama ya hae. 21 Hape re na le moprista e moholo ya okametseng ntlo ya Modimo.+ 22 Ka hoo, a re atameleng Modimo ka dipelo tsohle ebile re ena le tumelo e matla hobane dipelo tsa rona di hlwekisitswe, matswalo a rona ha a sa re tshwenya+ le mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.+ 23 A re tsweleng pele ho bolella batho bohle ka tshepo eo re nang le yona re sa tsilatsile+ hobane ya re tshepisitseng o a tshepahala. 24 A re tsotellaneng* e le hore re ka susumeletsana ho ba lerato le ho etsa dintho tse ntle.+ 25 Re se ke ra tlohela ho bokana mmoho+ jwalo ka ha ba bang ba tlwaetse empa re kgothatsane.+ Re etse dintho tsena le ho feta hobane re a bona hore letsatsi le ntse le atamela.+

26 Haeba re tlwaela ho etsa sebe ka boomo ka mora hore re fumane tsebo ya nnete,+ ha ho sa na sehlabelo se seng se tla nyehelwa bakeng sa dibe tsa rona.+ 27 Ho tla be ho se ho setse feela hore re emele kahlolo e tshosang le bohale bo tukang ba Modimo bo tla bolaya batho ba mo hanyetsang.+ 28 Motho ya sa mameleng Molao wa Moshe o ne a bolawa a sa hauhelwe ka mora hore batho ba babedi kapa ba bararo ba fane ka bopaki.+ 29 Jwale motho ya furallang Mora wa Modimo ka ho tella,* ya kgellang fatshe madi a bohlokwa a selekane+ ao a ileng a halaletswa ka ona ebile a rohakile moya wa Modimo ya re bontshang mosa,* yena le nahana hore o tla fumana kotlo e boima hakae?+ 30 Re a tseba hore Modimo o ile a re: “Phetetso ke ya ka, ke tla fana ka kotlo.” Hape o ile a re: “Jehova* o tla ahlola batho ba hae.”+ 31 Ke ntho e tshosang hore motho a otlwe ke Modimo ya phelang.

32 Le se ke la lebala matsatsi a pele ao ka ona le ileng la mamella mathata a mangata ha le ntse le lwana ntwa e boima ka mora hore Modimo a le kgantshetse lesedi.+ 33 Ka dinako tse ding, le ne le tlotlollwa le ho hloriswa ka pela batho mme ka dinako tse ding le thusa* ba hlahelwang ke dintho tse jwalo. 34 Le ile la utlwela ba teronkong bohloko. Ha le a ka la fellwa ke thabo ha le nkelwa dintho tsa lona+ hobane le ne le tseba hore le na le letlotlo le molemo ho feta, le sa senyeheng.+

35 Le se ke la kgaotsa ho ba sebete hobane le tla putswa haholo.+ 36 Le hloka ho ba le mamello+ e le hore ha le se le entse thato ya Modimo le ka fumana seo Modimo a se tshepisitseng. 37 Ho setse “nako e sa fediseng pelo,”+ “ya tlang o tla fihla mme a ke ke a dieha.”+ 38 “Empa mohlanka wa ka ya lokileng o tla phela hobane a ena le tumelo”+ feela “ha a ka tjhetjha, nke ke ka thaba.”+ 39 Ha re batho ba tjhetjhelang morao ebe re a fediswa+ empa re batho ba nang le tumelo e le hore re pholose bophelo ba rona.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share