La Pele le Yang ho Bathesalonika
4 Bana beso, re se re le rutile hore na le lokela ho itshwara jwang e le hore le thabise Modimo+ mme le se le ntse le etsa jwalo. Re a le eletsa le ho le kopa ka lebitso la Morena Jesu hore le tswele pele ho etsa jwalo le ho feta. 2 Le tseba ditaelo tseo re le fileng tsona tse tswang ho Morena Jesu.
3 Modimo o batla hore le halalele+ le hore le se ke la etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano.*+ 4 E mong le e mong a tsebe ho laola mmele wa hae+ e le hore o dule o halalela+ ebile o hlompheha. 5 Le se ke la etsisa batho ba ditjhaba ba sa tsebeng Modimo,+ ba laolwang ke ditakatso tsa bona tse feteletseng tsa ho etsa thobalano.+ 6 Ho se ke ha eba le motho ya tlolang melao eo ya boitshwaro yaba o utlwisa ngwanabo bohloko. Jehova* o tla otla batho ba etsang dintho tsena kaofela feela jwalo ka ha re ile ra le bolella le ho le lemosa ka matla. 7 Modimo ha a re bitsetsa hore re phele bophelo bo ditshila, o re bitseditse hore re halalele.+ 8 Motho ya sa mameleng dithuto tsena ha a telle batho empa o tella Modimo+ ya le fang moya o halalelang.+
9 Ha e le taba ya ho rata bana ba bo lona,+ ha le hloke hore re le ngolle ka yona hobane Modimo ke yena ya le rutang hore le ratane.+ 10 Ha e le hantle, le rata bana ba bo rona ba Macedonia kaofela. Le ha ho le jwalo, re a le kopa bana beso hore le tswele pele ho rata bana ba bo lona le ho feta. 11 Le ikemisetse ho phela ka kgotso,+ le se ke la kenakenana le ditaba tsa batho ba bang,+ hape le sebetse+ feela jwalo ka ha re ile ra le laela. 12 Ha le etsa jwalo, le tla etsa hore batho ba le shebileng+ ba bone hore le phela bophelo bo hlomphehang le hore ha le hloke letho.
13 Bana beso, re batla hore le tsebe hore na ho tla etsahalang ka bafu+ e le hore le se ke la hlomoha jwalo ka batho ba se nang tshepo.+ 14 Haeba re dumela hore Jesu o ile a shwa a ba a tsoha,+ re boetse re dumela hore Modimo o tla tsosa bohle ba shweleng e le balatedi ba Jesu e le hore ba ka ba le Jesu.+ 15 Re le bolella taba ena e tswang lentsweng la Jehova:* Rona ba tla beng ba ntse ba phela mohla Morena a bang teng, re ke ke ra nyolohela lehodimong pele ho ba seng ba ntse ba shwele. 16 Etswe Morena o tla theoha lehodimong a tshwere terompeta ya Modimo, a fana ka ditaelo ka lentswe la lengeloi le leholo.+ Barutuwa ba Kreste ba shweleng ba tla tsoha bafung pele.+ 17 Ka mora moo, rona ba ntseng ba phela re tla nkelwa marung+ ho bona e le hore re kopane le Morena+ sepakapakeng. Ka hoo, re tla dula re e na le Morena.+ 18 Le nne le tshedisane ka mantswe ana.