Dipesaleme
Pina ya Asafe.+
Modimo hle, o se ke wa kgutsa kapa wa ema feela o sa etse letho.
2 Dira tsa hao di baka morusu.+
Ba o hloileng ba a ikgohomosa.*
3 Ba lohela batho ba hao mano ka bolotsana.
Ba rera ho hlasela batho ba hao bao o ba ratang.*
4 Ba re: “Tloong, a re fediseng setjhaba sena sohle+
E le hore lebitso la Iseraele le se ke la hlola le hopolwa.”
5 Ba loha leano ha mmoho.
Ba ikopantse* hore ba o hlasele.+
8 Asiria+ le yona e ikopantse le bona.
Baasiria ba thusa bara ba Lota.+ (Selah)
10 Ba ile ba fediswa Ene-dore.+
Ba fetoha moitedi bakeng sa mobu.
11 Bahlomphehi ba bona o ba etse seo o ileng wa se etsa ho Orebe le Zebe+
Le dikgosana* tsa bona o di etse seo o ileng wa se etsa ho Zeba le Zalmuna+
12 Hobane ba itse: “A re nkeng naha eo Modimo a dulang ho yona.”
13 Modimo wa ka, o etse hore ba be jwalo ka meutlwa e fefolwang ke setsokotsane,+
Jwalo ka ditlhaka tse fefolwang ke moya.
16 Ba tlotlolle
E le hore ba batle lebitso la hao, Jehova.
17 E se eka ba ka hlajwa ke dihlong mme ba tshoha ka ho sa feleng.
E se eka ba ka tlotlollwa mme ba fediswa.