LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lff thuto 4
  • Modimo ke Mang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Modimo ke Mang?
  • O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • ITHUTE DINTLHA TSE DING
  • KAKARETSO
  • BATLA
  • Lebitso La Modimo
    Fadimehang!—2017
  • Lebitso la Modimo ke Mang?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
  • Lebitso la Jehova le Lokela ho Bolelang ho Rona?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Modimo o Batla Hore re Phele Bophelo bo Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Tse Ding
O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
lff thuto 4
Kgaolo ya 4. Setshwantsho sa sepakapaka bosiu ho na le dinaledi tse kganyang le dihlopha tsa dinaledi.

KGAOLO YA 4

Modimo ke Mang?

Printed Edition
Printed Edition
Printed Edition

Haesale ho tloha kgale batho ba rapela medimo e mengata. Empa ka Bibeleng ho buuwa ka Modimo a le mong e “moholo ho feta medimo e meng kaofela.” (2 Likronike 2:5) Ebe ke mang? Hona keng e etsang hore a be moholo ho feta medimo e meng kaofela eo batho ba e rapelang? Kgaolong ena o tlo ithuta hore Modimo eo o batla hore o mo tsebe.

1. Lebitso la Modimo ke mang, hona keng e ka o kgodisang hore o batla o le tsebe?

Ka Bibeleng Modimo o itsebahatsa ho rona. O re: “Ke nna Jehova. Ke lona lebitso la ka.” (Bala Esaia 42:5, 8.) Lebitso “Jehova” le fetoletswe ho tswa lentsweng la Seheberu le bolelang “O Etsa Hore ho be.” Jehova o batla hore re tsebe lebitso la hae. (Exoda 3:15) Ebe re ka kgodiswa keng? Re ka kgodiswa ke taba ya hore ka Bibeleng le hlaha ka makgetlo a fetang 7 000.a Jehova ke lebitso la “Modimo wa nnete mahodimong a hodimo le lefatsheng tlase.”​—Deuteronoma 4:39.

2. Bibele e re rutang ka Jehova?

Ke hobaneng ha Bibele e ruta hore hara medimo yohle eo batho ba e rapelang, Jehova ke yena Modimo wa nnete? Ho na le mabaka a mmalwa a seo. Jehova ke yena ya Matla Ohle, ka hoo ke yena feela “ya Phahameng ka ho Fetisisa hodima lefatshe lohle.” (Bala Pesaleme ya 83:18.) Bibele e re ke “ya Matla Ohle” hobane o na le matla a ho etsa ntho e nngwe le e nngwe eo a e batlang. O “bopile dintho tsohle” tse lehodimong le tse mona lefatsheng. (Tšenolo 4:8, 11) Hape, Jehova ke yena feela eo esale a le teng mme ha ho mohla a tla shwa.​—Pesaleme ya 90:2.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute haholwanyane hore na phapang ke efe pakeng tsa mabitso ao Modimo a tsebahalang ka ona le lebitso leo e leng la hae. O ka boela wa batla hore na Modimo o entse eng e le hore o mo tsebe le hore na ke hobaneng ha a o tsebisitse lebitso la hae.

Ntate ya shebileng sepakapakeng bosiu. Lebitso Jehova le ngotswe ka botenya sepakapakeng.

3. Modimo o tsebahala ka mabitso a mangata empa lebitso la hae le leng feela

Bona phapang e teng pakeng tsa mabitso ao motho a tsebahalang ka ona le lebitso leo e leng la hae. Bapala VIDEO ebe le araba dipotso tse latelang.

VIDEO: Modimo o na le Lebitso le le Leng (0:41)

  • Na ho na le phapang pakeng tsa lebitso le ditlotla tse kang “Morena”?

Bibele e ruta hore batho ba rapela medimo e mengata le marena. Bala Pesaleme ya 136:1-3 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ho buuwa ka mang ha hothwe “Modimo wa medimo” le “Morena wa marena”?

4. Jehova o batla hore o tsebe lebitso la hae, o be o le sebedise

O ka tseba jwang hore Jehova o batla hore o tsebe lebitso la hae? Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

VIDEO: Na Modimo o na le Lebitso?​—Karolwana (3:11)

Setshwantsho se tswang videong ya ‘Na Modimo o na le Lebitso?​—Karolwana.’ Ntate ya shebileng lebitso la Modimo, Jehova, ho Pesaleme ya 83:18 ka ‘Phetolelo ya King James’ ya 1611.
  • O nahana hore ke hobaneng ha Jehova a batla hore batho ba tsebe lebitso la hae?

Jehova o batla hore batho ba sebedise lebitso la hae. Bala Baroma 10:13 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Na ho bohlokwa hore o sebedise lebitso la Modimo, e leng Jehova?

  • O ikutlwa jwang ha motho e mong a hopola lebitso la hao, a bile a le sebedisa?

  • O nahana hore Jehova o ikutlwa jwang ha o sebedisa lebitso la hae?

5. Jehova o batla hore o be motswalle wa hae

Mme e mong wa naheng ya Cambodia, eo lebitso la hae e leng Soten, o ile a re ho ithuta lebitso la Modimo e ile yaba ntho “e mo thabisang ka ho fetisisa lefatsheng.” Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso ena.

VIDEO: Ke ne ke Batla ho Tseba Modimo wa Nnete (8:18)

Ditshwantsho: Ditshwantsho tse tswang videong ya ‘Ke ne ke Batla ho Tseba Modimo wa Nnete.’ 1. Mme Soten o dutse tlasa sefate ka morung mme o rapela Modimo. 2. Ntate Herold o ruta mme Soten hore lebitso la Modimo ke Jehova.
  • Videong ee, ho ithuta lebitso la Modimo ho ile ha ama mme Soten jwang?

Pele o ka ba motswalle wa motho ya itseng, hangata ntho ya pele eo o ithutang yona ka yena ke lebitso la hae. Bala Jakobo 4:8a ebe le buisana ka dipotso tse latelang:

  • Jehova o o mema hore o etseng?

  • Ho tseba lebitso la Modimo le ho le sebedisa ho ka nna ha o thusa jwang hore o be motswalle wa hae?

BATHO BA BANG BA RE: “Modimo o mong feela, ka hoo ha ho tsotellehe hore na o mo bitsa mang.”

  • Na o a dumela hore Jehova ke lebitso la Modimo?

  • O ka hlalosa jwang taba ya hore Modimo o batla hore re sebedise lebitso la hae?

KAKARETSO

Jehova ke lebitso la Modimo a le mong feela wa nnete. O batla hore re tsebe lebitso la hae, re be re le sebedise e le hore re be metswalle ya hae.

Re Ithutileng?

  • Keng e etsang hore Jehova a fapane hole le medimo e meng eo batho ba e rapelang?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho sebedisa lebitso la Modimo?

  • Keng e bontshang hore Jehova o batla hore o be motswalle wa hae?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Hlahloba mabaka a mahlano a re kgodisang hore Modimo o teng.

“Na Modimo o Teng?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute hore na ke hobaneng ha ho dumela hore haesale Modimo a le teng e le ntho e utlwahalang.

“Modimo o Bopilwe ke Mang?” (Molula-Qhooa, August 1, 2014)

Ithute hore na ke hobaneng ha re lokela ho sebedisa lebitso la Modimo, esita le haeba re sa tsebe hore na kgale kwana le ne le bitswa jwang.

“Jehova ke Mang?” (Sehlooho se websaeteng)

Na tsela eo re bitsang Modimo ka yona ke ya bohlokwa? Bala hore na ke hobaneng ha re re o na le lebitso le le leng feela.

“Modimo o na le Mabitso a Makae?” (Sehlooho se websaeteng)

a Hore o fumane dintlha tse eketsehileng mabapi le hore na lebitso la Modimo le bolelang le hore na ke hobaneng ha diphetolelong tse ding tsa Bibele le ntshitswe, o ka bala bukana ya Tataiso ya ho Ithuta Lentswe la Modimo.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share