Dipesaleme
Mabapi le Solomone.
2 E se eka a ka buella nyewe ya batho ba hao ka ho loka
Le ya batho ba hao ba maemong a tlase ka toka.+
3 Dithaba di ke di tlisetse batho kgotso
Le maralla a ke a tlise ho loka.
4 A ke a buelle* batho ba maemo a tlase,
A pholose bara ba ba futsanehileng,
A be a silakanye molotsana.+
5 Ba tla o tshaba ha feela letsatsi le ntse le le teng
Le ha feela kgwedi e ntse e le teng,
Molokong o mong ka mora o mong.+
6 O tla ba jwalo ka pula e nelang jwang bo kutilweng,
A be jwalo ka dipula tsa medupe tse nosetsang lefatshe.+
8 O tla ba le batho bao a ba busang ho tloha lewatleng le leng ho ya ho le leng
Le ho tloha Nokeng* ho ya dikarolong tse hole tsa lefatshe.+
10 Marena a Tarshishe le a dihlekehlekeng a tla patala lekgetho.*+
Marena a Sheba le a Seba a tla tlisa dimpho.+
11 Marena ohle a tla mo inamela,
Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa.
12 O tla pholosa ya futsanehileng ya llang ho kopa thuso
Le ya maemong a tlase le mang kapa mang ya se nang mothusi.
13 O tla qenehela ba maemong a tlase le ba futsanehileng
Ebile o tla pholosa bafutsana.
14 O tla ba pholosa ho ba ba hatellang le ho ba ba lwantshang,
Madi a bona e tla ba a bohlokwa mahlong a hae.
15 A ke a phele mme a fuwe kgauta ya Sheba.+
A ke a rapellwe ka mehla,
E se eka a ka hlohonolofatswa ka dinako tsohle.
16 Ho tla ba le dijo* tse ngata lefatsheng.+
Di tla ba ngata le hodima dithaba.
Masimo a morena a tla hlahisa dijalo tse ngata jwalo ka tsa Lebanone,+
Batho ba dulang metseng ba tla ba bangata jwalo ka dimela tsa lefatshe.+
E se eka batho ba ka hlohonolofatswa ka lebaka la hae.+
Ditjhaba tsohle di ke di phatlalatse hore o thabile.
18 Ho ke ho roriswe Jehova Modimo, Modimo wa Iseraele,+
Eo e leng yena feela ya etsang dintho tse hlollang.+
19 Lebitso la hae le kganyang le ke le roriswe ka ho sa feleng+
Le kganya ya hae e tlale lefatsheng lohle.+
Amen le Amen.