Jobo
34 Elihu a boela a re:
2 “Mamelang mantswe a ka lona ba bohlale.
Mmameleng lona ba tsebang haholo.
3 Tsebe e hlahloba mantswe,
Jwalo ka ha leleme le latswa dijo.
4 A re ipatleleng hore na keng e nepahetseng.
A re iketsetseng qeto ya hore na keng e lokileng.
6 Na nka bua leshano ka hore na ke lokela ho ahlolwa jwang?
Ha ke a etsa phoso empa leqeba la ka ha le fole.’+
7 Ke mang ya tshwanang le Jobo,
Ya mamellang ho songwa ha bonolo jwalo ka ha eka o nwa metsi?
10 Ka hoo, mmameleng lona banna ba nang le kutlwisiso:
Ha se ntho e utlwahalang hore Modimo wa nnete a etse bokgopo+
Le hore Ya Matla Ohle a etse ntho e fosahetseng!+
13 Ke mang ya mo fileng matla a hore a buse lefatshe
Le hore a hlokomele dintho tsohle tse lefatsheng?
14 Haeba a ne a sheba ntho e nngwe le e nngwe eo batho ba e etsang
Ebile a ba amoha moya o phedisang+
15 Batho bohle ba ne ba tla shwa,
Ba kgutlele leroleng.+
16 Haeba o na le kutlwisiso, mmamele ka hloko.
Mamela seo ke se buang.
17 Na motho ya hloileng toka a ka busa
Kapa na o ka re mmusi ya lokileng o molato?
19 Modimo ha a rate dikgosana ho feta batho ba bang,
Ha a rate barui ho feta bafutsana*+
Hobane kaofela ba bopilwe ke yena.+
Ba thothomela haholo mme ba a shwa, ba matla le bona ba a fediswa empa ha ba fediswe ke batho.+
23 Modimo ha a behela motho le ha e le ofe
Nako ya hore a tle ka pela hae e le hore a mo ahlole.
26 O ba otlela dintho tse mpe tseo ba di etsang
Moo batho bohle ba bonang+
27 Hobane ba tlohetse ho mo latela+
Ebile ha ba na taba le ditaelo tsa hae.+
28 Ba etsa hore batho ba futsanehileng ba llele ho Modimo,
Hoo a kgonang ho utlwa sello sa ba sa kgoneng ho itshireletsa.+
29 Ha Modimo a kgetha ho thola, ke mang ya ka mo qosang?
Ha a pata sefahleho sa hae, ke mang ya ka mo bonang?
Ebang o se patela motho kapa setjhaba, ho a tshwana.
31 Na ho na le motho ya ka reng ho Modimo,
‘Ke fuwe kotlo le hoja ke sa etsa letho le lebe,+
32 Nthute dintho tseo ke sa kgoneng ho di bona,
Haeba ho ena le phoso eo ke e entseng, nke ke ka e etsa hape’?
33 Na o lebeletse hore Modimo a o etsetse se molemo empa o sa mamele ditaelo tsa hae?
Ke wena ya lokelang ho iketsetsa qeto, eseng nna.
Jwale mpolelle seo o se tsebang.