Dipesaleme
Ho motsamaisi. Pina ya Davida.
64 Ke tshwenyehile hle Modimo, ke kopa o nkutlwe.+
Sireletsa bophelo ba ka ha sera se ntlhasela.
3 Ba leotsa maleme a bona jwalo ka sabole.
Ba itokisetsa ho lahlela mantswe a bohloko jwalo ka metsu
4 Hore ba hlabe ya se nang molato ba le moo ba ipatileng teng.
Ba mo hlaba a sa lebella, ba sa tshabe letho.
Ba re: “Ha ho na motho ya tla a bona.”+
6 Ba batlana le ditsela tse ntjha tsa ho etsa dintho tse mpe.
Ba loha maqheka ka bohlale ba ipatile.+
Dintho tseo ba di nahanang di tebile.
7 Empa Modimo o tla ba hlaba.+
Ba tla lematswa ke motsu ka tshohanyetso.
8 Dintho tseo ba di buang di tla etsa hore ba fediswe.+
Bohle ba ba shebileng ba tla sisinya dihlooho.
9 Batho bohle ba tla tshoha,
Ba tla phatlalatsa dintho tseo Modimo a di entseng
Ebile ba tla utlwisisa diketso tsa hae.+
10 Ya lokileng o tla thaba ka lebaka la Jehova mme a balehele ho yena.+
Batho bohle ba dipelo di lokileng ba tla thaba.*