Buka ya Pele ya Dikronike
16 Ba tlisa Areka ya Modimo wa nnete mme ba e beha ka tenteng eo Davida a neng a e hlometse yona.+ Yaba ba etsetsa Modimo wa nnete dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo a kopanetsweng.+ 2 Ha Davida a qeta ho etsa dinyehelo tsa setjheso+ le mahlabelo a kopanetsweng,+ a hlohonolofatsa batho ka lebitso la Jehova. 3 Ho ekelletsa moo, a fa Baiseraele bohle, monna le mosadi e mong le e mong bohobe bo sedikadikwe, bohobe ba ditholwana tsa palema le bohobe ba morara o omisitsweng. 4 A kgetha Balevi ba bang hore ba sebeletse ka pela Areka ya Jehova,+ ho tlotlisa,* ho leboha le ho rorisa Jehova Modimo wa Iseraele. 5 Asafe+ e ne e le hlooho mme Zakaria e le wa bobedi ho yena. Jeiele, Shemiramothe, Jehiele, Matithia, Eliabe, Benaia, Obede-edomo le Jeiele+ ba ne ba bapala diletsa tse dikgwele le diharepa+ mme Asafe a letsa disimbala.+ 6 Baprista Benaia le Jahaziele ba ne ba letsa diterompeta ka mehla ka pela areka ya selekane sa Modimo wa nnete.
7 Letsatsing leo Davida a qapa pina ka lekgetlo la pele ho leboha Jehova mme a re Asafe+ le bana babo ba e bine ba re:
11 Batlang Jehova+ le mo kope hore a le fe matla a hae.
Le mo kope ka mehla hore a le thuse.+
12 Hopolang dintho tse hlollang tseo a di entseng,+
Mehlolo ya hae le dikahlolo tseo a faneng ka tsona,
O ahlola lefatshe lohle.+
15 Hopolang selekane sa hae ka ho sa feleng,
Tshepiso eo a e entseng* ho meloko e sekete,+
16 Selekane seo a se entseng le Abrahama+
Le kano eo a e entseng ho Isaka,+
17 Eo a faneng ka yona e le molao ho Jakobo+
Hape e le selekane se tla dula se le teng ho Iseraele,
19 Sena se etsahetse ha le ne le fokola ka palo,
Le fokola haholo ka palo mme le le baditjhaba naheng eo.+
20 Ba ne ba tsamaya ba tloha setjhabeng se seng ho ya ho se seng,
Ba tloha mmusong o mong ho ya ho batho ba bang.+
21 Ha a ka a dumella motho le ha e le ofe ho ba hatella+
Empa o ile a kgalemela marena ka lebaka la bona,+
24 Bolellang ditjhaba ka kganya ya hae,
Le bolelle batho bohle ka mesebetsi ya hae e metle.
25 Jehova o moholo mme o tshwanelwa ke ho roriswa haholo,
O lokela ho tshajwa ho feta medimo e meng kaofela.+
29 Rorisang Jehova hobane lebitso la hae le tshwanelwa ke thoriso.+
Tlisang mpho mme le kene ka pela hae.+
Inamelang* Jehova le apere diaparo tse halalelang.*+
30 Le thothomele ka pela hae, lona bohle ba lefatsheng.
Lefatshe le tiisitswe ka thata ebile le ke ke la suthiswa.*+
32 Lewatle le tsohle tse ho lona di ke di hweletse di thabile.
Masimo le tsohle tse ho ona di ke di thabe.
33 Ka nako e tshwanang difate tsa moru di ke di hweletse di thabile ka pela Jehova
Hobane o a tla,* o tlo ahlola lefatshe.
E le hore re ka rorisa lebitso la hao le halalelang,+
Re o rorise re thabile.+
36 Jehova Modimo wa Iseraele a ke a roriswe
Ka ho sa feleng.’”
Batho bohle ba re, “Amen!”* mme ba rorisa Jehova.
37 Davida a siya Asafe+ le bana babo moo ka pela areka ya selekane sa Jehova hore ba nne ba sebeletse ka pela Areka,+ ba etsa dintho tseo ba neng ba tlwaetse ho di etsa letsatsi le letsatsi.+ 38 A siya le Obede-edomo le bana babo ba 68. A kgetha Obede-edomo, mora wa Jeduthune le Hosa hore e be balebedi ba dikeiti. 39 A beha moprista Tsadoke+ le bapristammoho le yena ka pela tabernakele ya Jehova sebakeng se phahameng Gibeone+ 40 hore ba nyehele dinyehelo tsa setjheso ho Jehova ka mehla aletareng ya dinyehelo tsa setjheso hoseng le mantsiboya, le ho etsa dintho tsohle tse ngotsweng molaong wa Jehova oo a o laetseng Baiseraele.+ 41 Ba ne ba ena le Hemane le Jeduthune+ le banna bohle ba kgethilweng ka mabitso ho leboha Jehova+ hobane “lerato* la hae ha le fele le ka mohla.”+ 42 Ba ne ba ena le Hemane+ le Jeduthune ba letsa diterompeta, disimbala le diletsa tsa ho rorisa* Modimo wa nnete mme bara ba Jeduthune+ ba le keiting. 43 Ka mora moo, batho bohle ba ya malapeng a bona mme Davida a hlohonolofatsa ba lelapa la hae.