Kosepele ya Matheu
11 Ha Jesu a qeta ho fa barutuwa ba hae ba 12 ditaelo, a tloha moo hore a yo ruta le ho bolela metseng e meng.+
2 Empa ka ha Johanne o ne a utlwetse ka mesebetsi ya Kreste a le teronkong,+ a roma barutuwa ba hae ho yena+ 3 hore ba mo botse potso ena: “Na ke wena Ya Tlang kapa re lebelle e mong?”+ 4 Jesu a ba araba a re: “Tsamayang le bolelle Johanne hore na le utlwang le hore na le bonang:+ 5 Hona jwale ba foufetseng ba a bona,+ ba holofetseng ba a tsamaya, balepera+ ba ntse ba fodiswa, ba sa utlweng ditsebeng ba a utlwa le bafu ba ntse ba tsoswa, bafutsana bona ba bolellwa ditaba tse monate.+ 6 Ho thaba motho ya ntshepang a sa belaele.”*+
7 Ha barutuwa ba Johanne ba ntse ba le tseleng, Jesu a re ho matshwele ka Johanne: “Monna eo le mo boneng lefeelleng ke mang?+ Na ke motho ya kang lehlaka le ntseng le tsukutlwa ke moya?+ 8 Le bone mang? Na le bone monna ya apereng diaparo tse turu? Batho ba apereng diaparo tse turu ba matlong a marena. 9 Jwale ha e le hantle, e ne e le mang? Na e ne e le moprofeta? E, e ne e le moprofeta a bile a le bohlokwa haholo ho feta baprofeta.+ 10 Enwa ke eo ho ngotsweng tjena ka yena: ‘Ke romela moromuwa wa ka pele ho wena* ya tla lokisa tsela ya hao ka pela hao.’+ 11 Ka nnete ke re ho lona, hara bohle ba kileng ba phela, ha ho eso hlahe mang kapa mang e moholo ho Johanne Mokolobetsi empa motho e monyenyane Mmusong wa mahodimo o moholo ho yena.+ 12 Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi ho tla fihlela jwale, batho ba sebeletsa ho kena Mmusong wa mahodimo mme ba sebetsang ka thata ba a o fumana.+ 13 Etswe bohle e leng Baprofeta le Molao, ba ile ba profeta ho fihlela Johanne a fihla.+ 14 Ebang le a kgolwa kapa ha le kgolwe, ke yena ‘Elia ya tlang.’+ 15 Ya nang le ditsebe a ke a utlwe.
16 Moloko oo ke tla o bapisa le mang?+ O jwalo ka bana ba banyenyane ba dutseng dimmarakeng ba ntseng ba buisana le metswalle ya bona 17 ba re: ‘Re ile ra le letsetsa lekodilo yaba ha le tantshe, ra lla yaba ha le utlwe bohloko.’ 18 Ka tsela e tshwanang, Johanne o tlile a sa je, a sa nwe empa batho ba re: ‘O na le modemona.’ 19 Mora motho yena o tlile a ja, a nwa+ empa batho ba re: ‘Bonang motho enwa ya jang ho feta tekano le ya ipolaisang veine. Ke motswalle wa babokelli ba lekgetho le baetsadibe.’+ Le ha ho le jwalo, dintho tse lokileng tseo motho a di etsang di bontsha hore o bohlale.”+
20 Jesu a qala ho kgalemela baahi ba metse eo a entseng mehlolo* ho yona hobane ha ba a ka ba baka. A re: 21 “Ho madimabe lona baahi ba Korazine le Bethsaida. Hoja mehlolo e etsahetseng metseng ya lona e etsahetse Tire le Sidone, e ka be e le kgale baahi ba teng ba bakile, ba apere lesela le hwashang* le ho dula moloreng.+ 22 Empa ke re ho lona, ka Letsatsi la Kahlolo, kotlo ya baahi ba Tire le Sidone e tla ba bobebe ho feta ya lona.+ 23 Le lona baahi ba Kapernauma,+ na Modimo o tla le phahamisetsa lehodimong? Ho hang. O tla le theolela Lebitleng*+ hobane hoja baahi ba Sodoma ba ile ba bona mehlolo* eo le e boneng motseng wa lona, motse wa bona o ka be o ntse o le teng ho fihlela letsatsing lona lena. 24 Empa ke re ho lona, ka Letsatsi la Kahlolo, kotlo ya baahi ba Sodoma e tla ba bobebe ho feta ya lona.”+
25 Ka nako eo, Jesu a re: “Ke o rorisa phatlalatsa, Ntate, Morena wa lehodimo le lefatshe hobane o patetse ba bohlale le ba nang le kelello dintho tsena empa o di senoletse bana ba banyenyane.+ 26 E, Ntate hobane ke thato ya hao hore ho be jwalo. 27 Ntate ke yena ya mphileng dintho tsohle. Ha ho na motho ya ntsebang* hantle haese Ntate+ ebile ha ho na motho ya tsebang Ntate+ hantle haese nna le mang kapa mang eo ke ratang ho mo ruta ka Ntate.+ 28 Tloong ho nna, lona bohle ba sehlang le ba imetsweng, ke tla le kgatholla. 29 Jarang joko ya ka le ithute ho nna hobane ke bonolo ebile ke ikokobeditse+ mme le tla kgatholoha. 30 Etswe joko ya ka ha e boima le mojaro wa ka o bobebe.”