Esaia
65 “Ke itlhahisitse ho batho ba sa kang ba botsa ka nna.
Ke entse hore ba sa kang ba mpatla ba mphumane.+
Ke itse: ‘Ke nna enwa, ke nna enwa!’ ho setjhaba se neng se sa ipiletse lebitsong la ka.+
2 Ke otlolotse matsoho a ka letsatsi lohle bakeng sa setjhaba sena se manganga,+
Se tsamayang tseleng e fosahetseng,+
Se latelang menahano ya sona.+
3 Ke batho ba dulang ba ntshitelwa ke ntse ke shebile,+
Ba etsetsang mahlabelo dirapeng+ le ba tjhesang mahlabelo* hodima ditene.
5 Ba re: ‘Dula moo o leng teng. O se ke wa nkatamela
Ka ha ke halalela ho o feta.’*
Batho bana ba tswela pele ho nkgalefisa* jwalo ka mollo o tukang letshehare lohle.
6 Dibe tsa bona di ngotswe ka pela ka.
7 Jehova o re: ‘Bakeng sa diphoso tsa bona le diphoso tsa baholoholo ba bona+
Ka ha ba entse sehlabelo hodima dithaba
Mme ba nthohakile hodima maralla,+
Ke tla qala ka ho ba fa moputso wa bona o feletseng.’”*
8 Jehova o re:
“Feela jwalo ka ha veine e ntjha e fumanwa sehlahleng sa morara
Ebe motho e mong o re: ‘O se ke wa se senya hobane se sa ntse se ena le thuso,’*
Ke tla etsa jwalo molemong wa bahlanka ba ka,
Nke ke ke ba timetsa kaofela.+
9 Ke tla hlahisa bana* ho tswa lelokong la Jakobo,
Ho tswa lelokong la Juda ke hlahise motho eo e tla ba mojalefa wa dithaba tsa ka.+
Bakgethwa ba ka ba tla di rua
Le bahlanka ba ka ba dule teng.+
10 Sharone+ e tla ba lekgulo bakeng sa dinku.
11 Empa lona le hara batho ba lahlang Jehova,+
Ba lebalang thaba ya ka e halalelang,+
Ba tekang tafole bakeng sa modimo wa Mahlohonolo
Le ba tlatsang kopi ya veine e tswakilweng bakeng sa modimo ya Laolang Bokamoso.
12 Ka hoo, ke tla le nehella sabole,+
Kaofela le tla inama hore le bolawe+
Hobane ke hweleditse empa ha le a ka la araba.
Ke buile empa ha le a ka la mamela.+
Le nnile la etsa dintho tse fosahetseng mahlong a ka
Mme la kgetha ntho e sa nthabiseng.”+
13 Ka hona, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re:
“Bahlanka ba ka ba tla ja empa lona le tla lapa.+
Bahlanka ba ka ba tla nwa+ empa lona le tla nyorwa.
Bahlanka ba ka ba tla thaba+ empa lona le tla swaba.+
14 Bahlanka ba ka ba tla hweletsa ba thabile hobane dipelo tsa bona di thabile.
Lona le tla lla ka lebaka la dipelo tse bohloko.
Le tla bokolla hobane le wele moya.
15 Le tla iketsetsa lebitso le lebe leo bakgethwa ba ka ba tla le sebedisa ha ba lakaletsa batho bomadimabe.
Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o tla le bolaya kaofela.
Empa o tla bitsa bahlanka ba hae ka lebitso le leng+
16 E le hore mang kapa mang ya ipatlelang tlhohonolofatso lefatsheng
A tle a hlohonolofatswe ka Modimo wa nnete*
Le hore mang kapa mang ya hlapanyang lefatsheng
17 Ke bopa mahodimo a matjha le lefatshe le letjha.+
18 Ka hona thabang mme le nyakalle ka ho sa feleng ka lebaka la seo ke se bopang.
Ke etsa hore Jerusalema e be sesosa sa nyakallo
Le batho ba yona hore e be sesosa sa thabo e kgaphatsehang.+
19 Ke tla thabiswa ke Jerusalema mme ke thabiswe ke setjhaba sa ka.+
Modumo wa ho lla kapa dillo tsa mahlomola ha di sa tla hlola di utlwahala ho yona.”+
20 “Sebakeng seo, ha ho sa tla hlola ho eba le lesea le phelang matsatsi a seng makae feela
Kapa motho ya hodileng ya tla phela nako e kgutshwanyane.
Mang kapa mang ya shwang a le dilemo di lekgolo o tla nkwa e le moshanyana feela.
Moetsadibe o tla shwa hobane a rohakilwe le hoja a phetse dilemo tse lekgolo.*
21 Batho ba tla haha matlo mme ba dule ho ona,+
Ba tla lema dirapa tsa morara mme ba je ditholwana tsa tsona.+
22 Ba ke ke ba haha matlo ebe motho e mong o dula ho ona,
Ba ke ke ba lema ebe ho ja batho ba bang.
Matsatsi a setjhaba sa ka a tla ba jwalo ka matsatsi a sefate.+
Setjhaba sa ka se tla thabela mosebetsi oo se o etsang.
24 Le pele ba hweletsa, ke tla araba.
Ha ba sa ntse ba bua, ke tla utlwa.
25 Phiri le konyana di tla fula ha mmoho,
Tau e tla ja jwang jwalo ka poho,+
Dijo tsa noha e be lerole.
Di ke ke tsa ntsha batho kotsi kapa tsa senya ntho le ha e le efe thabeng ya ka e halalelang,”+ ke Jehova ya tjhong.