Diketso Tsa Baapostola
10 Ho ne ho ena le monna e mong ya bitswang Korneliase motseng wa Sesarea. E ne e le molaodi wa sesole* lebothong le bitswang sehlopha sa Matadiana.* 2 Monna enwa le ba lelapa la hae ba ne ba rapela Modimo mme ba mo hlompha. O ne a phallela bafutsana ebile a dula a rapela Modimo ka matla. 3 Hoo e ka bang ka hora ya boraro+ motshehare wa mantsiboya,* a bona lengeloi la Modimo ka tsela e hlakileng ponong yaba le tla ho yena le re: “Korneliase!” 4 Korneliase a le tonela mahlo a tshohile a re: “Ke nna enwa Morena.” Lengeloi la re: “Modimo o utlwile dithapelo tsa hao ebile o bona dintho tseo o di etsetsang bafutsana. O dula a o hopola ka lebaka la dintho tsena.+ 5 Roma banna Jopa hore ba bitse Simone ya rehilweng Petrose. 6 Monna enwa ke moeti ha Simone ya suhang matlalo ya dulang pela lewatle.” 7 Hang ha lengeloi le buileng le yena le qeta ho tloha, Korneliase a bitsa lesole le mo sebeletsang le hlomphang Modimo, a bitsa le bahlanka ba bang ba hae ba babedi. 8 A ba phetela dintho tsohle tse etsahetseng yaba o ba roma Jopa.
9 Ka le hlahlamang ha ba ntse ba le leetong ba se ba le haufi le motse, Petrose a nyolohela ka hodima ntlo hoo e ka bang ka 12 motshehare* ho ya rapela. 10 Ha a le moo, a lapa haholo yaba o batla ho ja. Ha ho ntse ho phehwa, a ba le pono+ 11 yaba o bona lehodimo le bulehile mme ha hlaha ntho* e kang lesela le leholo la line le theolelwa lefatsheng le tshwerwe ka dikhona tsa lona tse nne. 12 Ka hara lesela lena ho ne ho ena le mefuta yohle ya diphoofolo tse maoto a mane, dihahabi le dinonyana. 13 Ha hlaha lentswe le reng: “Petrose, hlaba o je.” 14 Petrose a re: “Nke ke ka etsa jwalo Morena hobane ha ho mohla nkileng ka ja ntho e sa hlwekang.”+ 15 Lentswe leo la bua ka lekgetlo la bobedi la re: “Kgaotsa ho re dintho tseo Modimo a di hlwekisitseng ha di a hlweka.” 16 Lentswe leo la hlaha ka lekgetlo la boraro yaba lesela* leo le kgutlisetswa lehodimong.
17 Ha Petrose a sa ntse a maketse a ipotsa hore na pono eo a e boneng e bolelang, banna ba ronngweng ke Korneliase ba ema keiting ka mora ho botsa hore na ha Simone ke hokae.+ 18 Ba bitsa monga ntlo mme ba mo botsa hore na Simone Petrose o tjhaketse ha hae. 19 Ha Petrose a ntse a nahana ka pono eo, moya wa Modimo+ wa re: “Ho na le banna ba bararo ba tlileng ho wena. 20 Theoha o tsamaye le bona. O se ke wa ba lesisitheho ho tsamaya le bona hobane ke nna ya ba rommeng.” 21 Petrose a theoha a ya ho banna bao yaba o re: “Ke nna motho eo le ntseng le mo batla. Nka le thusa jwang?” 22 Ba re: “Re ronngwe ke molaodi wa sesole ya bitswang Korneliase.+ Ke monna ya lokileng, ya hlomphang Modimo ya bileng a buuwang hantle ke Bajuda bohle. Modimo o ile a romela lengeloi mme la laela Korneliase hore a o memele ha hae e le hore a utlwe ditaba tseo o tla di bua.” 23 A re ba kene ba robaletse.
Ka le hlahlamang a itokisa yaba o tsamaya le bona. Barutuwa ba bang ba Jopa ba tsamaya le yena. 24 Letsatsi ka mora moo, Petrose a fihla Sesarea. Ka ha Korneliase o ne a ba lebeletse, o ne a bitsitse beng ka yena le metswalle ya hae ya hlooho ya kgomo. 25 Ha Petrose a kena, Korneliase a mo kgahlanyetsa, a kgumama yaba o a mo inamela. 26 Empa Petrose a mo phahamisa yaba o re: “Ema, le nna ke motho.”+ 27 Petrose a kena le yena ka tlung ba ntse ba bua yaba o fumana ho ena le batho ba bangata ka moo. 28 A re ho bona: “Le tseba hantle hore molao ha o dumelle Bajuda ho kopana le batho ba ditjhaba tse ding kapa ho ba atamela.+ Empa Modimo o mpontshitse hore ha ke a lokela ho re motho o silafetse.+ 29 Ka hoo, ke tlile ke sa tsilatsile ha ke bitswa. Ke kopa le mpolelle hore na le mpitseditseng.”
30 Korneliase a re: “Matsatsi a mane a fetileng ka yona nako ena, ke ne ke ntse ke rapela ka tlung ya ka. E ne e le hora ya boraro motshehare wa mantsiboya.* Ka nako eo, ha hlaha monna ya diaparo di kganyang. A ema ka pela ka 31 yaba o re: ‘Korneliase, Modimo o utlwile thapelo ya hao ebile o ntse a hopola dintho tseo o di etseditseng bafutsana. 32 Roma banna Jopa hore ba bitse Simone ya rehilweng Petrose. Monna enwa ke moeti ha Simone ya suhang matlalo ya dulang pela lewatle.’+ 33 Ke ile ka o romela molaetsa hanghang. Ka hoo, ke a leboha ha o tlile. Ke rona bana, kaofela ha rona re eme ka pela Jehova* ho tla utlwa dintho tsohle tseo a o laetseng hore o di bue.”
34 Petrose a re: “Jwale ke utlwisisa hantle hore Modimo ha a leeme*+ 35 empa o amohela motho wa setjhaba sefe kapa sefe ya mo hlomphang le ya etsang dintho tse lokileng.+ 36 Modimo o ile a roma Jesu Kreste* ho Baiseraele hore a ba bolelle ditaba tse monate tsa kgotso+ hore Jesu ke yena Morena wa bohle.+ 37 Le a tseba hore ka mora hore Johanne a bolelle batho ka kolobetso, ho ile ha buuwa ka taba ena ho tloha Galilea+ ho ya tswa dibakeng tsohle tsa Judea: 38 Ke taba e mabapi le Jesu ya neng a tswa Nazaretha. Modimo o ile a mo fa matla a ba a mo kgetha ka moya o halalelang.+ O ne a tsamaya hohle dibakeng tsena a etsa dintho tse ntle a bile a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolose+ hobane Modimo o ne a ena le yena.+ 39 Re dipaki tsa dintho tsohle tseo a ileng a di etsa naheng ya Bajuda ho akareletsa le Jerusalema. Empa ba ile ba mo bolaya ka ho mo fanyeha palong.* 40 Modimo o ile a mo tsosa ka letsatsi la boraro+ mme a etsa hore a bonahale ho batho. 41 Ha a ka a etsa hore a bonwe ke batho bohle empa o ile a bonwa ke batho bao Modimo a ileng a ba kgetha esale pele hore e tle e be dipaki e leng rona ba ileng ba ja le ho nwa le yena ka mora hore a tsohe bafung.+ 42 Hape o ile a re laela hore re bolelle batho le ho fana ka bopaki bo hlakileng+ ba hore enwa ke yena ya kgethilweng ke Modimo hore e be moahlodi wa ba phelang le wa bafu.+ 43 Baprofeta bohle ba a paka+ hore e mong le e mong ya dumelang ho yena o tla tshwarelwa dibe ka lebitso la hae.”+
44 Ha Petrose a ntse a bua, moya o halalelang wa theohela hodima bohle ba utlwang lentswe.+ 45 Barutuwa ba bolotseng ba neng ba tlile le Petrose ba makala hobane batho ba ditjhaba le bona ba ne ba fuwa mpho ya moya o halalelang. 46 Ba ile ba ba utlwa ba bua dipuo tse ding* mme ba tlotlisa Modimo.+ Petrose a re: 47 “Batho bana ba fumane moya o halalelang jwalo ka rona. Jwale ke mang ya ka ba hanelang hore ba kolobetswe?”+ 48 A laela hore ba kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste.+ Ba mo kopa hore a qete nako e teletsana a dula le bona.