Jobo
28 Ho na le sebaka seo silevera e tjhekwang ho sona
Le sebaka seo ho hlwekiswang kgauta ho sona.+
3 Motho o etsa hore ho be le kganya sebakeng se lefifi.
O kenella sebakeng se lefifi
E le hore a fumane majwe a bohlokwa.
4 O tjheka sekoti hole le moo batho ba dulang teng,
Dibakeng tse lebetsweng tse hole le moo batho ba tsamayang.
Batho ba bang ba theohela sekoting seo ba sebedisa dithapo.
5 Dijo di mela ka hodima lefatshe.
Empa ka tlase le senyeha jwalo ka ha eka le senngwa ke mollo.*
6 Ka tlasa lona ho na le majwe a safire
Le mobu o na le kgauta.
7 Dinonyana tse jang nama ha di tsebe tsela e yang moo.
Le mmankgodi e motsho ha a eso e bone.
8 Dibata tse kgolo ha di eso hate ho yona
Le tau ha e eso ka e tsamaya ho yona.
9 Motho o pshatla lefika le thata
Ebile o heletsa dithaba.
10 O bula diforo tsa metsi+ lefikeng.
Mahlo a hae a bona dintho tsohle tsa bohlokwa.
11 O kwala mehlodi ya dinoka
Hape ntho e neng e patilwe o e tlisa kganyeng.
12 Empa bohlale le kutlwisiso di ka fumanwa hokae?+
15 Ha ho na kgauta kapa silevera e ka bo rekang.+
16 Ha ho na kgauta ya Ofire e ka bo rekang+
Kapa majwe a bohlokwa a onikse le a safire a ka bo rekang.
18 Dikorale le mahakwe ha re sa bua ka tsona+
Hobane bohlale ke ba bohlokwa ho feta mokotla o tletseng diperela.
20 Empa bohlale le kutlwisiso di ka fumanwa hokae?+
23 Ke Modimo ya tsebang tsela ya ho bo fumana.
Ke yena feela ya tsebang moo bo dulang+
24 Ka ha o bona moo lefatshe le fellang
Hape o bona dintho tsohle tse lefatsheng.+
A behela metsi moedi,+
26 Ha a ne a behela pula molao wa hore na e ne neng+
Le hore na maru a lehadima le sefefo di tsamaye hokae,+
27 O ile a bona bohlale mme a bo hlalosa.
A etsa hore bo be teng a ba a bo leka.
28 Yaba o re ho motho: