Numere
17 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bua le Baiseraele mme o nke molamu o le mong lelokong le leng le le leng la bona, ho dikgosana tsa leloko ka leng+ mme kaofela e be melamu e 12. O ngole lebitso la e mong le e mong molamung wa hae. 3 O ngole lebitso la Arone molamung wa Levi hobane ho na le molamu o le mong bakeng sa hlooho ya leloko ka leng. 4 O behe melamu eo ka tenteng ya pokano ka pela Bopaki,+ moo ke itlhahisang teng ho wena ka mehla.+ 5 Molamu wa monna eo ke mo kgethang+ o tla ba le dithunthung mme ke tla etsa hore Baiseraele ba kgaotse ho nkorotlela+ jwalo ka ha le lona ba le korotlela.”+
6 Ka hoo, Moshe a bua le Baiseraele mme dikgosana tsohle tsa bona tsa mo fa melamu, molamu bakeng sa kgosana e nngwe le e nngwe ya leloko ka leng, ya eba melamu e 12 mme molamu wa Arone o ne o le hara melamu ya bona. 7 Jwale Moshe a beha melamu eo ka pela Jehova ka tenteng ya Bopaki.
8 Ka letsatsi le hlahlamang, ha Moshe a kena ka tenteng ya Bopaki, a bona molamu wa Arone o emelang lelapa la Levi o ena le dithunthung, o hlahisitse dithunthung, o thuntse dipalesa o bile o ena le dialmonde tse butswitseng. 9 Jwale Moshe a ntsha melamu yohle ka pela Jehova a e tlisa ho batho bohle ba Iseraele. Ba e sheba mme monna e mong le e mong a nka molamu wa hae.
10 Yaba Jehova o re ho Moshe: “Kgutlisetsa molamu wa Arone+ ka pela Bopaki hore o bolokwe e le pontsho+ bakeng sa marabele+ e le hore ba tle ba kgaotse ho nkorotlela le hore ba se ke ba shwa.” 11 Hanghang Moshe a etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse. A fela a etsa jwalo.
12 Baiseraele ba re ho Moshe: “Jwale re tlo shwa, re tlo fediswa, kaofela re tlo fediswa. 13 Mang kapa mang ya atamelang tabernakele ya Jehova o tla shwa.+ Na re tla qetella re shwele ka tsela eo?”+