Dipesaleme
Ho motsamaisi. Pina ya Davida.
41 Ho thaba mang kapa mang ya nahanelang motho ya boemong bo tlase.+
Jehova o tla mo pholosa nakong ya mahlomola.
2 Jehova o tla mo sireletsa a be a mo boloke a phela.
Batho ba tla bona hore o thabile.+
A ke ke a nehelana ka yena ho dira tsa hae.+
3 Jehova a ke ke a mo lahla ha a kula a le betheng.+
O tla mo hlokomela ha a ntse a kula.
4 Ke ile ka re: “Jehova nkgauhele.+
O mphodise+ hobane ke o sitetswe.”+
5 Dira tsa ka di bua dintho tse mpe ka nna di re:
“O tla shwa neng mme lebitso la hae le nyamele?”
6 Ha e mong wa bona a tlo mpona, o bua leshano.
O batlana le dintho tse mpe tseo a ka di buang ka nna.
Ka mora moo o a tswa, o di hasa hohle.
7 Bohle ba ntlhoileng ba a sebelana.
Ba rera ho nketsa hampe ba re:
8 “O hlahetswe ke ntho e mpe haholo.
Ha e le mona a wele ha a sa tla ema hape.”+
9 Le motho eo ke neng ke phela le yena ka kgotso, eo ke neng ke mo tshepa,+
Ya neng a ja bohobe ba ka o mphetohetse.+
10 Jehova, nkgauhele mme o mphahamise
Hore ke tle ke ba ahlolele seo ba se entseng.
11 Ke tla tseba ka sena hore ke a o kgahlisa:
Ha sera sa ka se sa kgone ho ntlhola e le hore se thabe.+
12 O ntlotlile hobane ke a tshepahala.+
O tla mpeha pela hao ka ho sa feleng.+
Amen le Amen.