Esaia
10 Ho madimabe ba etsang melao ya tsamaiso e kotsi+
Le ba dulang ba ngola melao e hatellang,
2 E le hore ba hanele bafutsana ka ditokelo tsa bona tsa molao
Le hore bafutsana ba hara setjhaba sa ka, ba ba sebeletse ka ho hloka toka+
Hore ba nke thepa ya bahlolohadi
4 Ha ho letho le tla etsahala haese hore motho a kokobele hara batshwaruwa
Kapa hore a wele hara ba bolailweng.
Ka lebaka la dintho tsena, Modimo o a tuka ke bohale
Ebile o ntse a phahamisitse letsoho hore a ba otle.+
Ke molamu oo ke o sebedisang ho ntsha bohale ba ka,+
Ke sebedisa lere le matsohong a hae ho fana ka kotlo.
Ke tla mo laela hore a ba tlatlape, a hape thepa ya bona e ngata,
A ba hatakele jwalo ka seretse diterateng.+
7 Empa a ke ke a batla ho etsa jwalo,
Pelo ya hae e ke ke ya rera ka tsela ena.
Ka pelong ya hae o rerile ho timetsa
Le ho fedisa ditjhaba tse ngata eseng tse fokolang”
9 Na Kalno+ ha e tshwane le Karkemishe?+
Na Hamathe+ ha e tshwane le Arpade?+
Na Samaria+ ha e tshwane le Damaseka?+
10 Ke hapile mebuso ya medimo e se nang thuso ka matla a ka,
Mebuso eo ditshwantsho tsa yona di neng di le ngata ho feta tse Jerusalema le Samaria.+
11 Ntho eo ke e entseng ho Samaria le medimo ya hae e se nang thuso,
Ke tla e etsa le ho Jerusalema le ditshwantsho tsa hae.’+
12 “Ha Jehova a qeta mosebetsi wohle wa hae Thabeng ya Sione le Jerusalema, O* tla otla morena wa Asiria hobane o a tella ebile o a ikgohomosa.+ 13 Hape morena wa Asiria o re,
‘Ke tla etsa jwalo ka matla a ka
Le ka bohlale ba ka hobane ke bohlale.
Ke tla tlosa meedi ya ditjhaba,+
Ke tla di nkela matlotlo ka mahahapa,+
Ke dihe baahi jwalo ka ya matla.+
14 Ke tla nka maruo a ditjhaba ka matla a ka
Jwalo ka ha motho a kenya letsoho ka hara sehlaha.
Ke tla bokella ntho e nngwe le e nngwe lefatsheng
Jwalo ka ha motho a bokella mahe a setseng lepalapaleng.
Ho ke ke ha eba le ya phuphutsang mapheo kapa ya ahlamisang molomo kapa ya llang jwalo ka nonyana.’”
15 Na selepe se tla iphahamisetsa motho ya rathang ka sona?
Na sakga e tla iphahamisetsa motho ya sakgang ka yona?
Na lere+ le ka tsokotsa motho ya le phahamisang?
Kapa na molamu o ka phahamisetsa motho hodimo empa a sa etswa ka patsi?
16 Ka hona Morena wa nnete, Jehova wa mabotho,
O tla otisa batho ba hae ba nonneng*+
Mme o tla besa mollo o tla tjhesa kganya ya Asiria.+
O tla tuka o tjhese ditlamatlama tsa hae le dihlahla tsa hae tsa meutlwa ka letsatsi le le leng.
18 Modimo o tla fedisa botle ba moru wa hae le ba tshimo ya hae ya difate.
Ho tla tshwana le ha motho ya kulang a ntse a fokola butlebutle.+
19 Difate tse ding kaofela tsa moru wa hae
Di tla ba nyenyane hoo moshanyana a tla kgona ho di bala.
20 Letsatsing leo, ba setseng ba Iseraele
Le ba phonyohileng ba ntlo ya Jakobo
Ha ba sa tla hlola ba itshetleha ka ya ba otlileng+
Empa ba tla itshetleha ka Jehova,
Mohalaledi wa Iseraele, ka botshepehi.
21 Ho tla kgutla ba setseng feela.
Ba setseng ba Jakobo ba tla kgutlela ho Modimo ya Matla.+
22 Le hoja batho ba hao
Ba le jwalo ka lehlabathe la lewatle, wena Iseraele,
Ho tla kgutla ba seng bakae feela hara bona.+
23 Qeto e entsweng ke Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho, ya ho fedisa batho ba hao
E tla phethahatswa naheng yohle.+
24 Ka hona Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho, o re: “Lona setjhaba sa ka se dulang Sione, le se ke la tshaba Baasiria ba neng ba le shapa ka thupa+ le ba neng ba le phahamisetsa lere la bona jwalo ka ha Egepeta e entse.+ 25 Ka mora nakwana e seng kae, kgalefo ya ka e tla fela. Bohale ba ka bo tla kokobela ha ba se ba timeditswe.+ 26 Jehova wa mabotho o tla ba tsokela sephadi+ jwalo ka ha a ne a hlola Midiane lefikeng la Orebe.+ Lere la Hae le tla ba hodima lewatle mme o tla le phahamisa jwalo ka ha a ile a etsa ho Egepeta.+
27 Letsatsing leo mojaro wa Baasiria o tla tloha lehetleng la hao*+
Le joko ya bona e tlohe molaleng wa hao.+
Joko e tla robeha+ ka lebaka la oli.”
30 Bokolla mme o hweletse, moradi wa Galime.
Hlokomela, wena Laisha.
Wena Anathothe,+ o otla pelo.
31 Madmena o balehile.
Baahi ba Gebime ba balehetse moo ho sireletsehileng.
32 Ka letsatsi lona lena, o tla ema Nobe.+
O tsokela baahi ba thaba ya Sione setebele
E leng leralla la Jerusalema.
Difate tse telele ka ho fetisisa di a rengwa
Le tse phahameng di a kokobetswa.