Kosepele ya Matheu
4 Moya o halalelang wa tataisetsa Jesu lefeelleng. Ha a le moo, Diabolose a mo leka.+ 2 E ne e le ka mora hore a itime dijo ka matsatsi a 40 le masiu a 40 mme o ne a utlwa a lapile. 3 Diabolose+ a atamela mme a re ho yena: “Haeba o mora wa Modimo, bolella majwe ana hore a fetohe mahobe.” 4 Empa Jesu a araba a re: “Mangolo a re: ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela empa o tla phela le ka lentswe le leng le le leng le tswang molomong wa Jehova.’”*+
5 Yaba Diabolose o mo isa motseng o halalelang+ yaba o mo emisa hodima tora* ya tempele.+ 6 A re ho yena: “Haeba o mora wa Modimo, itihele fatshe etswe Mangolo a re: ‘O tla romela mangeloi a hae ho wena. A tla o jara ka matsoho e le hore leoto la hao le se ke la kgoptjwa ke lejwe.’”+ 7 Jesu a re ho yena: “Mangolo a boetse a re: ‘O se ke wa leka Jehova* Modimo wa hao.’”+
8 Diabolose a boela a mo isa thabeng e phahameng haholo, a mo bontsha mebuso yohle ya lefatshe le maruo a yona.+ 9 A re ho yena: “Ke tla o fa dintho tsena kaofela ha o ka kgumama wa nthapela.”* 10 Jesu a re ho yena: “Tloha Satane! Mangolo a re: ‘Ke Jehova* Modimo wa hao eo o lokelang ho mo rapela+ ebile ke yena feela eo o lokelang ho mo sebeletsa.’”+ 11 Diabolose a mo tlohela+ yaba mangeloi a a tla ho tla matlafatsa Jesu.+
12 Ha Jesu a utlwa hore Johanne o tshwerwe,+ a kgutlela Galilea.+ 13 Ka mora hore a tlohe Nazaretha, a dula Kapernauma+ ka thoko ho lewatle diterekeng tsa Zabulone le Nefthali 14 e le hore ho ka phethahala mantswe ao moprofeta Esaia a ileng a a bua ha a re: 15 “Lona baahi ba naha ya Zabulone le Nefthali, pela tsela ya lewatle, ka lehlakoreng le leng la Jordane, Galilea ya ditjhaba, 16 batho ba dutseng lefifing ba ile ba bona lesedi le leholo. Ha e le ba dutseng sebakeng sa moriti wa lefu, lesedi+ le ile la ba tjhabela.”+ 17 Ho tloha ka nako eo ho ya pele, Jesu a qala ho ruta a re: “Bakang hobane Mmuso wa mahodimo o atametse.”+
18 Ha a tsamaya haufi le Lewatle la Galilea, a bona bana ba motho ba babedi ba akgela letlowa* la ho tshwasa ditlhapi ka lewatleng ka ha e ne e le batshwasi ba ditlhapi.+ E mong e ne e le Simone ya bitswang Petrose,+ e mong e le Andrease. 19 A re ho bona: “Ntshaleng morao, ke tla le etsa batshwasi ba batho.”+ 20 Hanghang ba tlohela matlowa a bona yaba ba a mo latela.+ 21 Ha a fetela pele, a bona ba bang ba babedi bao e neng e le bana ba motho e leng Jakobo le Johanne bara ba Zebedea.+ Ba ne ba le ka sekepeng ba ena le ntate wa bona Zebedea, ba lokisa matlowa a bona yaba o a ba bitsa.+ 22 Hanghang ba siya ntate wa bona ha mmoho le sekepe, ba latela Jesu.
23 A tsamaya Galilea+ yohle a ruta ka matlung a bona a thapelo,*+ a bua ka ditaba tse monate tsa Mmuso a bile a phekola mafu a mefuta yohle.+ 24 Siria yohle e ile ya tseba ka yena mme batho ba moo ba mo tlisetsa bohle ba kulang, ba opelwang,+ ba nang le bademona,+ ba tshwerweng ke sethwathwa*+ le ba shweleng ditho yaba o a ba phekola. 25 Ka lebaka leo, letshwele le leholo le tswang Galilea, Dekapolise,* Jerusalema, Judea le ka lehlakoreng le leng la Jordane la mo latela.