Kosepele ya Johanne
5 Ka mora moo, ha eba le mokete+ wa Bajuda yaba Jesu o nyolohela Jerusalema. 2 Ho ne ho ena le letamo Jerusalema Keiting ya Dinku+ le bitswang Bethezatha ka Seheberu, le nang le diphaseje tse hlano tse nang le dipilara ka mathoko. 3 Batho ba bangata ba kulang, ba sa boneng, ba holofetseng le ba shweleng ditho ba ne ba le moo. 4 *—— 5 Monna e mong o ne a ena le dilemo tse 38 a kula. 6 Ha Jesu a bona monna enwa mme a hlokomela hore o se a kutse nako e telele, a re ho yena: “Na o batla ho fola?”+ 7 Monna eo a re: “Mohlomphehi, ha ho na motho ya nkenyang ka letamong ha metsi a fuduhuwa, ha ke re ke a ya motho e mong o a mpheta.” 8 Jesu a re ho yena: “Ema o nke lempara la hao o tsamaye.”+ 9 Monna eo a fola hanghang yaba o nka lempara o a tsamaya.
Letsatsing leo e ne e le Sabatha. 10 Bajuda ba re ho monna eo: “Ke Sabatha, ha o a lokela ho jara lempara la hao.”+ 11 A re ho bona: “Motho ya mphekotseng ke yena ya itseng ke nke lempara la ka ke tsamaye.” 12 Ba re: “Ke mang ya itseng o le nke o tsamaye?” 13 Monna eo o ne a sa tsebe hore na o fodisitswe ke mang hobane Jesu o ne a se a keneletse ka hara letshwele.
14 Ha morao Jesu a kopana le yena ka tempeleng mme a re ho yena: “Ha e le mona o fodile, o se ke wa hlola o etsa sebe e le hore o se ke wa etsahallwa ke ntho e mpe le ho feta.” 15 Monna eo a ya ho Bajuda a ba bolella hore ke Jesu ya mo fodisitseng. 16 Ka hoo, Bajuda ba hlorisa Jesu hobane o ne a etsa dintho tsena ka Sabatha. 17 Jesu a re ho bona: “Haesale Ntate a sebetsa ho fihlela hona jwale, le nna ke ntse ke sebetsa.”+ 18 Bajuda ba eba le mabaka a eketsehileng a ho batla ho mo bolaya hobane ba re o tlola molao wa Sabatha ebile o iketsa ya lekanang le Modimo+ ka hore a re Modimo ke Ntate wa hae.+
19 Jesu a re ho bona: “Ke a le tiisetsa hore Mora a ke ke a etsa letho leo a iqapelang lona, o etsa feela ntho eo a bonang Ntate wa hae a e etsa.+ Mora o etsisa Ntate wa hae dinthong tsohle. 20 Ntate o rata Mora+ mme o mo bontsha dintho tsohle tseo a di etsang. O tla mo bontsha mesebetsi e meholo ho ena e le hore le ka tsota.+ 21 Feela jwalo ka ha Ntate a tsosa bafu,+ Mora le yena o tsosa bao a batlang ho ba tsosa.+ 22 Ha ho na motho eo Ntate a mo ahlolang empa o file Mora mosebetsi wa ho ahlola batho bohle+ 23 e le hore bohle ba ka hlompha Mora jwalo ka ha ba hlompha Ntate. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntate ya mo rommeng.+ 24 Ke a le tiisetsa hore ya mmamelang mme a dumela ho ya nthomileng o tla phela ka ho sa feleng.+ A ke ke a ahlolwa empa o fetile lefu a tla bophelong.+
25 Ke a le tiisetsa hore ho tloha hona jwale ho ya pele, bafu ba tla utlwa lentswe la Mora wa Modimo mme ba ileng ba mo mamela ba tla phela. 26 Jwalo ka ha Ntate a ena le matla a ho fana ka bophelo,+ o file Mora matla a ho fana ka bophelo.+ 27 O mo file matla a ho ahlola+ hobane ke Mora motho.+ 28 Le se ke la makala hobane ho na le nako eo bohle ba mabitleng* ba tla utlwa lentswe la hae+ 29 ebe ba a tswa. Ba entseng dintho tse lokileng ba tla tsohela bophelo, ba neng ba tlwaetse ho etsa dintho tse fosahetseng ba tsohele kahlolo.*+ 30 Nke ke ka etsa letho leo ke iqapelang lona. Ke ahlola ho ya ka seo Ntate a mpolellang sona. Kahlolo eo ke fanang ka yona e lokile+ hobane ha ke batle ho etsa thato ya ka empa ke batla ho etsa thato ya ya nthomileng.+
31 Haeba e le nna feela ya ipakang, bopaki ba ka ha se nnete.+ 32 Ho na le e mong ya mpakang mme ke a tseba hore bopaki boo a mpakang ka bona ke nnete.+ 33 Le romme batho ho Johanne mme o fane ka bopaki ba nnete ka nna.+ 34 Ha ke hloke bopaki bo tswang ho motho empa ke bua dintho tsena hore le pholohe. 35 Johanne e ne e le lebone le tukang le le kganyang mme ka nakwana le ne le ikemiseditse ho thabela lesedi la hae haholo.+ 36 Ke na le bopaki bo fetang ba Johanne hobane mesebetsi eo Ntate a mphileng yona e leng mesebetsi eo ke e etsang, e a paka hore Ntate o nthomile.+ 37 Le Ntate o buile hore o nthomile.+ Ha le eso utlwe lentswe la hae ebile ha le eso mo bone.+ 38 Lentswe la hae ha le a dula ka dipelong tsa lona hobane ha le dumele eo a mo rommeng.
39 Le batlisisa Mangolo+ hobane le nahana hore a tla le thusa ho fumana bophelo bo sa feleng, athe ke ona a mpakang.+ 40 Empa ha le batle ho tla ho nna+ hore le fumane bophelo. 41 Ha ke amohele thoriso e tswang ho batho. 42 Ke tseba hantle hore ha le rate Modimo. 43 Ke tlile ka lebitso la Ntate empa ha le nkamohele. Haeba motho e mong a ne a ka itlela ka lebitso la hae, le ne le tla mo amohela. 44 Le ka dumela jwang empa le rorisana, le sa batle thoriso e tswang ho eo e leng yena feela Modimo?+ 45 Le se ke la nahana hore ke tla le qosa ho Ntate. Ho na le ya le qosang, ke Moshe+ eo le mo tshepileng. 46 Hoja le ne le dumela ditaba tsa Moshe, le ne le tla dumela le tsa ka hobane o ile a ngola ka nna.+ 47 Empa haeba le sa dumele mangolo a hae, le tla dumela ditaba tsa ka jwang?”