Kosepele ya Matheu
7 Kgaotsang ho ahlola+ e le hore le se ke la ahlolwa 2 hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona+ mme batho ba tla le tshwara ka tsela eo le ba tshwarang ka yona.*+ 3 Ke hobaneng ha o sheba lehlokwana le ka leihlong la ngwaneno empa wena o sa bone lepolanka* le ka leihlong la hao?+ 4 Kapa ke jwang o ka reng ho ngwaneno: ‘Ere ke ntshe lehlokwana ka leihlong la hao’ empa wena o ena le lepolanka ka leihlong? 5 Wena moikaketsi, ntsha lepolanka le ka leihlong la hao pele, o tsebe ho bona hantle hore na o ka ntsha lehlokwana le ka leihlong la ngwaneno jwang.
6 Le se ke la fa dintja dintho tse halalelang kapa la lahlela diperela tsa lona ka pela dikolobe+ e le hore le ka mohla di se ke tsa hatakela diperela ka maoto yaba di a le hlasela.
7 Le nne le kope, le tla fuwa.+ Le nne le batle, le tla fumana. Hape le nne le kokote, le tla bulelwa.+ 8 Mang kapa mang ya kopang o a fuwa,+ ya batlang o a fumana le ya kokotang o a bulelwa. 9 Ke mang hara lona eo e ka reng ha mora wa hae a mo kopa bohobe yaba o mo fa lejwe? 10 Kapa ha a mo kopa tlhapi ebe o mo fa noha? 11 Ka hona, haeba lona le hoja le le baetsadibe le tseba ho fa bana ba lona dimpho, le tsebe hore jwang kapa jwang le Ntate wa lona ya mahodimong o tla fana ka dintho tse molemo+ ho ba mo kopang.+
12 Ka hona, dintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona.+ Ha e le hantle, ena ke ntho e bolelwang ke Molao le Baprofeta.+
13 Kenang ka keiti e nyenyane*+ hobane keiti e isang timelong e kgolo le tsela e lebisang teng e sephara mme ba kenang ka yona ba bangata. 14 Athe keiti e isang bophelong e nyenyane* le tsela e isang teng e patisane mme ke ba seng bakae ba e fumanang.+
15 Hlokomelang baprofeta ba bohata+ ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku+ empa ka hare e le diphiri tse harolang.+ 16 Le tla ba tseba ka diketso* tsa bona. Na ho na le mohla batho ba kgang morara meutlweng kapa difeie* hlabahlabaneng?+ 17 Ho hlakile hore sefate se seng le se seng se setle se hlahisa ditholwana tse ntle empa sefate se seng le se seng se bodileng se hlahisa ditholwana tse se nang thuso.+ 18 Sefate se setle se ke ke sa beha ditholwana tse se nang thuso kapa sefate se bodileng sa hlahisa ditholwana tse ntle.+ 19 Sefate se seng le se seng se sa hlahiseng ditholwana tse ntle se a rengwa ebe se lahlelwa mollong.+ 20 Ka hona, le tla tseba batho bao ka diketso tsa bona.+
21 Ha se e mong le e mong ya reng ho nna: ‘Morena, Morena,’ ya tla kena Mmusong wa mahodimo empa ho tla kena feela ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.+ 22 Ho na le mohla ba bangata ba tla re ho nna: ‘Morena, Morena,+ na ha re a ka ra profeta ka lebitso la hao, ra leleka bademona ka lebitso la hao, ra ba ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao?’+ 23 Le ha ho le jwalo, ka nako eo ke tla re ho bona: ‘Ha ke a ka ka le tseba le ka mohla. Tlohang ho nna, lona ba tlolang molao.’+
24 Ka hona, e mong le e mong ya utlwang mantswe ana a ka mme a a phetha, o tla tshwana le monna ya bohlale ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa.+ 25 Pula ya tsholoha, merwallo ya tla le meya ya foka yaba e otla ntlo eo empa ha e a ka ya wa hobane e ne e thehilwe hodima letlapa. 26 Ho feta moo, e mong le e mong ya utlwang mantswe ana a ka empa a sa a phethe, o tla tshwana le monna wa sethoto ya ileng a haha ntlo ya hae lehlabatheng.+ 27 Pula ya tsholoha, merwallo ya tla le meya ya foka yaba e otla ntlo eo mme ya wa,+ ya putlama hampe.”
28 Ha Jesu a qeta ho bua mantswe ana, batho ba ne ba tsota tsela eo a rutang ka yona+ 29 ka ha ha a ba ruta, ho ne ho utlwahala hore o fuwe matla a bolaodi ke Modimo.+ O ne a sa ba rute jwalo ka bangodi ba bona.