LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lff thuto 18
  • Re ka Tseba Bakreste ba Nnete Jwang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Re ka Tseba Bakreste ba Nnete Jwang?
  • O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • ITHUTE DINTLHA TSE DING
  • KAKARETSO
  • BATLA
  • Na Ehlile Dipaki Tsa Jehova ke Bakreste ba Nnete?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ditaba Tse Molemo di Bolelwa Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Jesu ke Motho ya Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Tse Ding
O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
lff thuto 18
kgaolo ya 18. Jesu o fa barutuwa ba hae ditaelo mme o ba romela ka bobedi ho ya bolela ka Mmuso wa Modimo.

KGAOLO YA 18

Re ka Tseba Bakreste ba Nnete Jwang?

Printed Edition
Printed Edition
Printed Edition

Batho ba dibilione ba ipolela hore ke Bakreste. Empa dintho tseo ba di dumelang di a fapana, hape ba phela ka melao e fapaneng. Jwale re ka tseba Bakreste ba nnete jwang?

1. Ho ba Mokreste ho bolelang?

Bakreste ke barutuwa kapa balatedi ba Jesu Kreste. (Bala Liketso 11:26.) Ba bontsha jwang hore ehlile ke barutuwa ba Jesu? Jesu o ile a re: “Haeba le dula lentsweng la ka, ka sebele le barutuwa ba ka.” (Johanne 8:31) Sena se bolela hore Bakreste ba nnete ba lokela ho latela dithuto tsa Jesu. Ka mehla Jesu o ne a ruta dintho tse tswang ka Mangolong. Ka hoo Bakreste ba nnete le bona ba etsa se tshwanang.​—Bala Luka 24:27.

2. Bakreste ba nnete ba bontsha jwang hore ba a ratana?

Jesu o ile a re ho balatedi ba hae: “Le ratane feela jwalo ka ha ke le ratile.” (Johanne 15:12) Jesu o ile a bontsha jwang hore o rata barutuwa ba hae? O ne a ipha nako ya bona, a ba kgothatsa ebile a ba thusa. O ile a ba a tela bophelo ba hae molemong wa bona. (1 Johanne 3:16) Ka tsela e tshwanang, Bakreste ha ba bue ka molomo feela hore ba a ratana. Dipuo le diketso tsa bona di bontsha hantle hore ba a ratana.

3. Bakreste ba nnete ba phathahane ka mosebetsi ofe?

Jesu o file barutuwa ba hae mosebetsi. “A ba romela ho bolela Mmuso wa Modimo.” (Luka 9:2) Bakreste ba mehleng ya pele ba ne ba sa rute dibakeng tsa bodumedi feela, ba ne ba ya dibakeng tseo ba ka fumanang batho ho tsona le malapeng a bona. (Bala Liketso 5:42; 17:17.) Le mehleng ena Bakreste ba nnete ba ruta batho Bibele hohle moo ba ba fumanang teng. Ka ha ba rata batho, ba tela nako le matla a bona ho ba bolella molaetsa wa Bibele o kgothatsang le o fanang ka tshepo.​—Mareka 12:31.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Bona hore na keng e kgethollang Bakreste ba nnete ho batho ba sa lateleng dithuto tsa Jesu le ba sa mo etsiseng.

4. Ba batla ho utlwisisa seo Bibele e se rutang

Bakreste ba babedi ba mehleng ya pele ba phetlile meqolo ba batla ho fumana nnete ka Bibeleng.

Bakreste ba mehleng ya pele ba ne ba nka Bibele e le ya bohlokwa

Ha se batho bohle ba ipolelang hore ke Bakreste, ba nkang Bibele e le bohlokwa. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

VIDEO: Bodumedi ba Bokreste bo ile ba Senngwa Jwang? (5:11)

  • Dikereke tse ding tse ipitsang hore ke tsa Bokreste di hlolehile jwang ho ruta dithuto tsa Jesu?

Jesu o rutile nnete e tswang ka Lentsweng la Modimo. Bala Johanne 18:37 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ho latela Jesu, re ka tseba Bakreste ba ka “lehlakoreng la nnete” jwang?

5. Ba ruta molaetsa wa Bibele

Bakreste ba mehleng ya pele ba malapeng a batho, ba ba ruta Bibele.

Bakreste ba mehleng ya pele ba ne ruta batho Lentswe la Modimo

Pele Jesu a kgutlela lehodimong, o ile a fa balatedi ba hae mosebetsi o ntseng o tswela pele le letsatsing lena. Bala Matheu 28:19, 20 le Liketso 1:8 ebe le buisana ka potso ena:

  • Mosebetsi wa ho ruta batho Bibele o ne o tla etswa ho isa boholeng bofe?

6. Ba phela ntho eo ba e rutang

Keng e ileng ya kgodisa ntate Tom hore o fumane bodumedi ba nnete? Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

VIDEO: Ke ile ka Tlohella Bodumedi (5:20)

  • Videong ee, keng e ileng ya etsa hore ntate Tom a lahle tshepo bodumeding?

  • Ke hobaneng ha a kgodisehile hore o fumane bodumedi ba nnete?

Diketso di bua ho feta dipolelo. Bala Matheu 7:21 ebe le buisana ka potso ena:

  • Na taba ya bohlokwa ho Jesu ke dintho tseo re reng re a di dumela kapa tseo diketso tsa rona di bontshang hore re a di dumela?

7. Ba a ratana

Lelapa la mehleng ya baapostola le isetsa Bakreste mmoho le bona baskete e tshetseng dijo.

Bakreste ba mehleng ya pele ba ne ba ratana

Na Bakreste ba ee ba behe bophelo ba bona kotsing molemong wa Bakrestemmoho le bona? Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

VIDEO: O ile a Kgetha ho Tela Bophelo ba Hae (2:55)

  • Videong ee, keng e ileng ya susumetsa ntate Lloyd ho beha bophelo ba hae kotsing molemong wa ntate Johansson?

  • Na o nahana hore o entse dintho jwalo ka Mokreste wa nnete?

Bala Johanne 13:34, 35 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • O nahana hore barutuwa ba Jesu (Bakreste ba nnete) ba ne ba tla tshwara batho ba merabe e meng kapa batho ba tswang dinaheng tse ding jwang?

  • Ba ne ba tla etsa seo jwang nakong ya dintwa?

BATHO BA BANG BA RE: “Bakreste ba entse dintho tse mpe haholo, bodumedi ba bona e ka ba ba nnete jwang?”

  • Ke lengolo lefe leo o ka le ballang motho le bontshang hore na Bakreste ba nnete ke ba jwang?

KAKARETSO

Bakreste ba nnete ba latela dithuto tsa Bibele, ba ratana ka lerato le se nang boithati ebile ba ruta nnete e tswang ka Bibeleng.

Re Ithutileng?

  • Bakreste ba nnete ba theha tumelo ya bona hokae?

  • Keng e kgethollang Bakreste ba nnete?

  • Bakreste ba nnete ba etsa mosebetsi ofe?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Ithute haholwanyane ka sehlopha sa batho ba mamelang dithuto tsa Jesu Kreste le ho mo etsisa.

Dipaki Tsa Jehova ke Bomang? (1:13)

Bona hore na keng e ileng ya susumetsa mme eo e neng e le moitlami hore a fumane “lelapa la batho ba ratang Modimo.”

“Ba ile ba Sebedisa Bibele ho Araba Potso e Nngwe le e Nngwe!” (Molula-Qhooa, April 1, 2014)

Bona hore na Bakreste ba nnete ba bontsha jwang hore ba rata Bakrestemmoho le bona ba hlokang thuso.

Re Thusa Banababo Rona ba Hlahetsweng ke Dikoduwa​—Karolwana (3:57)

Bona hore na Bakreste ba mehleng ya pele le Bakreste ba nnete ba mehleng ena ba bontsha jwang hore ba etsa dintho tseo Jesu a neng a itse di ne di tla kgetholla balatedi ba hae.

“Ke Matshwao Afe a Kgethollang Bakreste ba nnete?” (Molula-Qhooa, March 1, 2012)

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share