LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 5
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya Deuteronoma

      • Selekane sa Jehova Horebe (1-5)

      • Melao e Leshome e a phetwa (6-22)

      • Batho ba tshohile Thabeng ya Sinai (23-33)

Deuteronoma 5:2

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 19:5; Heb 9:19, 20

Deuteronoma 5:4

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “difahleho di tadimane.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 19:9, 18; Dik 7:38

Deuteronoma 5:5

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 20:19; Gal 3:19
  • +Ex 19:16

Deuteronoma 5:6

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 13:3; 20:2

Deuteronoma 5:7

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 20:3-6; 2Ma 17:35

Deuteronoma 5:8

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 26:1; De 4:15, 16, 23; 27:15; Dik 17:29

Deuteronoma 5:9

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 23:24; 1Ko 10:14
  • +Ex 34:14; De 4:24; Esa 42:8; Mat 4:10
  • +Ex 34:6, 7

Deuteronoma 5:10

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Deuteronoma 5:11

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 22:28; Le 19:12
  • +Ex 20:7; Le 24:16

Deuteronoma 5:12

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 16:23; 20:8-10; 31:13

Deuteronoma 5:13

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 34:21

Deuteronoma 5:14

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “ka hara dikeiti.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 16:29
  • +Ne 13:15
  • +Ex 23:12
  • +De 10:17; Ef 6:9

Deuteronoma 5:15

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 6:6; De 4:34

Deuteronoma 5:16

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “dintho di o tsamaele hantle.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 21:15; Le 19:3; De 27:16; Pr 1:8; Mar 7:10
  • +Ex 20:12; Ef 6:2, 3

Deuteronoma 5:17

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 9:6; Ex 20:13; Nu 35:20, 21; Mat 5:21; Bar 13:9

Deuteronoma 5:18

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 20:14; 1Ko 6:18; Heb 13:4

Deuteronoma 5:19

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 20:15; Le 19:11; Pr 30:8, 9; 1Ko 6:10; Ef 4:28

Deuteronoma 5:20

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 20:16; 23:1; Le 19:16; De 19:16-19; Pr 6:16, 19; 19:5

Deuteronoma 5:21

Mangolo a Dithupiso

  • +Mat 5:28
  • +Ex 20:17; Lu 12:15; Bar 7:7

Indexes

  • Research Guide

    Tora ya ho Lebela (E Ithutwang),

    2/2019, leq. 22

Deuteronoma 5:22

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “mantswe.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 19:9, 18
  • +Ex 24:12; 31:18; De 4:12, 13

Deuteronoma 5:23

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 20:18; Heb 12:18, 19

Deuteronoma 5:24

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 24:17
  • +De 4:33, 36

Deuteronoma 5:27

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 20:19; Heb 12:18, 19

Deuteronoma 5:28

Mangolo a Dithupiso

  • +De 18:16, 17

Deuteronoma 5:29

Mangolo a Dithupiso

  • +De 10:12; Job 28:28; Pr 1:7; Mat 10:28; 1Pe 2:17
  • +Pr 4:4; 7:2; Moe 12:13; Esa 48:18; 1Jo 5:3
  • +Pes. 19:8, 11; Jak 1:25

Deuteronoma 5:32

Mangolo a Dithupiso

  • +De 6:3, 25; 8:1
  • +De 12:32; Jos 1:7, 8

Deuteronoma 5:33

Mangolo a Dithupiso

  • +De 10:12
  • +De 4:40; 12:28; Bar 10:5

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

Deut. 5:2Ex 19:5; Heb 9:19, 20
Deut. 5:4Ex 19:9, 18; Dik 7:38
Deut. 5:5Ex 20:19; Gal 3:19
Deut. 5:5Ex 19:16
Deut. 5:6Ex 13:3; 20:2
Deut. 5:7Ex 20:3-6; 2Ma 17:35
Deut. 5:8Le 26:1; De 4:15, 16, 23; 27:15; Dik 17:29
Deut. 5:9Ex 23:24; 1Ko 10:14
Deut. 5:9Ex 34:14; De 4:24; Esa 42:8; Mat 4:10
Deut. 5:9Ex 34:6, 7
Deut. 5:11Ex 22:28; Le 19:12
Deut. 5:11Ex 20:7; Le 24:16
Deut. 5:12Ex 16:23; 20:8-10; 31:13
Deut. 5:13Ex 34:21
Deut. 5:14Ex 16:29
Deut. 5:14Ne 13:15
Deut. 5:14Ex 23:12
Deut. 5:14De 10:17; Ef 6:9
Deut. 5:15Ex 6:6; De 4:34
Deut. 5:16Ex 21:15; Le 19:3; De 27:16; Pr 1:8; Mar 7:10
Deut. 5:16Ex 20:12; Ef 6:2, 3
Deut. 5:17Ge 9:6; Ex 20:13; Nu 35:20, 21; Mat 5:21; Bar 13:9
Deut. 5:18Ex 20:14; 1Ko 6:18; Heb 13:4
Deut. 5:19Ex 20:15; Le 19:11; Pr 30:8, 9; 1Ko 6:10; Ef 4:28
Deut. 5:20Ex 20:16; 23:1; Le 19:16; De 19:16-19; Pr 6:16, 19; 19:5
Deut. 5:21Mat 5:28
Deut. 5:21Ex 20:17; Lu 12:15; Bar 7:7
Deut. 5:22Ex 19:9, 18
Deut. 5:22Ex 24:12; 31:18; De 4:12, 13
Deut. 5:23Ex 20:18; Heb 12:18, 19
Deut. 5:24Ex 24:17
Deut. 5:24De 4:33, 36
Deut. 5:27Ex 20:19; Heb 12:18, 19
Deut. 5:28De 18:16, 17
Deut. 5:29De 10:12; Job 28:28; Pr 1:7; Mat 10:28; 1Pe 2:17
Deut. 5:29Pr 4:4; 7:2; Moe 12:13; Esa 48:18; 1Jo 5:3
Deut. 5:29Pes. 19:8, 11; Jak 1:25
Deut. 5:32De 6:3, 25; 8:1
Deut. 5:32De 12:32; Jos 1:7, 8
Deut. 5:33De 10:12
Deut. 5:33De 4:40; 12:28; Bar 10:5
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
  • 33
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Deuteronoma 5:1-33

Deuteronoma

5 Jwale Moshe a bitsa Baiseraele bohle a re ho bona: “Lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, le ithute tsona mme le di phethe. 2 Jehova Modimo wa rona o entse selekane le rona Horebe.+ 3 Jehova o entse selekane sena le rona kaofela ba phelang kajeno eseng le baholoholo ba rona. 4 Jehova o buile le lona ka ho toba* thabeng a le hara mollo.+ 5 Ka nako eo, ke ne ke eme pakeng tsa lona le Jehova+ ho le bolella mantswe a Jehova ka ha le ne le tshaba ho nyolohela thabeng ka lebaka la mollo.+ O ile a re:

6 ‘Ke nna Jehova Modimo wa hao ya o ntshitseng naheng ya Egepeta ntlong ya bokgoba.+ 7 Le ka mohla o se ke wa rapela medimo e meng ntle ho nna.+

8 O se ke wa iketsetsa setshwantsho+ kapa ntho le ha e le efe e tshwanang le ntho e hodimo mahodimong kapa e tlase lefatsheng kapa e metsing ka tlasa lefatshe. 9 O se ke wa di inamela kapa wa di sebeletsa+ hobane nna Jehova Modimo wa hao, ke Modimo ya batlang hore batho ba inehele ho nna feela,+ ya fanang ka kotlo ho bara ka lebaka la diphoso tsa bontata bona, ho moloko wa boraro le moloko wa bone wa ba ntlhoileng.+ 10 Empa ke bontsha mosa* melokong e sekete ya ba nthatang mme ba mamela ditaelo tsa ka.

11 O se ke wa sebedisa lebitso la Jehova Modimo wa hao hampe+ hobane Jehova o tla fana ka kotlo ho mang kapa mang ya sebedisang lebitso la hae hampe.+

12 Boloka letsatsi la Sabatha mme o le nke le halalela feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa hao a o laetse.+ 13 O etse mosebetsi wohle wa hao ka matsatsi a tsheletseng+ 14 empa letsatsi la bosupa ke sabatha ya Jehova Modimo wa hao.+ O se ke wa etsa mosebetsi le ha e le ofe,+ ebang ke wena, mora wa hao, moradi wa hao, lekgoba la hao la monna kapa la mosadi, poho ya hao, tonki ya hao, phoofolo ya hao e ruilweng kapa moditjhaba wa hao ya dulang motseng* wa hao,+ e le hore lekgoba la hao la monna le la mosadi le ka phomola jwalo ka wena.+ 15 Hopola hore o ne o le lekgoba naheng ya Egepeta le hore Jehova Modimo wa hao o ile a o ntsha teng ka letsoho le matla.+ Ke ka lebaka leo Jehova Modimo wa hao a o laetseng hore o boloke letsatsi la Sabatha.

16 Hlompha ntate wa hao le mme wa hao+ feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa hao a o laetse e le hore o ka phela nako e telele le hore o atlehe* naheng eo Jehova Modimo wa hao a o fang yona.+

17 O se ke wa bolaya.+

18 O se ke wa feba.+

19 O se ke wa utswa.+

20 O se ke wa bua leshano ha o fana ka bopaki ka motho e mong.+

21 O se ke wa lakatsa mosadi wa motho e mong.+ O se ke wa lakatsa ntlo ya motho e mong, tshimo ya hae, lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, poho ya hae, tonki ya hae kapa ntho le ha e le efe ya motho e mong+ ka lebaka la boithati.’

22 Jehova o boleletse setjhaba sohle sa lona ditaelo* tsena thabeng ka lentswe le phahameng a le hara mollo, leru le botsho bo boholo+ mme ha a ka a eketsa letho. Ka mora moo, a di ngola hodima matlapa a mabedi a lejwe yaba o mpha ona.+

23 Empa hang ha le utlwile lentswe lefifing, ha thaba e ntse e tuka,+ dihlooho tsohle tsa maloko a lona le banna ba baholo ba tla ho nna. 24 Jwale la re, ‘Bona, Jehova Modimo wa rona o re bontshitse kganya ya hae le boholo ba hae mme re utlwile lentswe la hae le tswa hara mollo.+ Letsatsing lena re bone hore Modimo a ka bua le motho mme a tswela pele a phela.+ 25 Jwale, ke hobaneng ha re lokela ho shwa? Haeba re tswela pele ho utlwa lentswe la Jehova Modimo wa rona, re tla shwa ka ha mollo ona o moholo o ka re tjhesa. 26 Ke mang ya kileng a utlwa lentswe la Modimo ya phelang le bua hara mollo jwalo ka rona, le ha ho le jwalo a nna a phela? 27 Wena atamela mme o mamele sohle seo Jehova Modimo wa rona a tla se bua, ke wena ya tla re bolella sohle seo Jehova Modimo wa rona a tla o bolella sona, re tla mamela mme re se phethe.’+

28 Jehova o utlwile hore na le itseng ho nna mme Jehova o itse, ‘Ke utlwile hore na setjhaba sena se itseng ho wena. Sohle seo se se buileng se molemo.+ 29 Hoja se ne se ka dula se ntshaba+ mme se mamela ditaelo tsohle tsa ka,+ se ne se tla atleha ka ho sa feleng ha mmoho le bara ba sona.+ 30 Eya ho sona mme o re: “Kgutlelang ditenteng tsa lona.” 31 Empa wena o dule mona le nna, ke o bolelle ditaelo tsohle le melao eo o lokelang ho e ruta setjhaba le eo se tla e mamela naheng eo ke se fang yona hore e be ya sona.’ 32 Jwale le etse bonnete ba hore le mamela ditaelo tsa Jehova Modimo wa lona.+ Le se ke la kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi.+ 33 Le tsamaye ditseleng tsohle tseo Jehova Modimo wa lona a le laetseng tsona+ e le hore le atlehe mme le phele nako e telele naheng eo le tla e nka hore e be ya lona.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share