Esaia
2 Kgosana ka nngwe e tla ba sebaka sa ho ipatela moya
Le sebaka* sa ho ipatela pula e nang ka sefefo.
E tla ba jwalo ka melapo ya metsi naheng e se nang metsi+
Jwalo ka moriti wa lefika le leholo naheng e omeletseng.
3 Mahlo a ba bonang a ke ke a hlola a kwaleha
Le ditsebe tsa ba utlwang di tla mamela ka hloko.
4 Dipelo tsa ba potlakang ho tlola di tla thuisa ka tsebo
Le ba lehwelea* ba tla bua ka tsela e hlakileng le e utlwahalang.+
5 Ha ho sa tla hlola ho thwe motho ya kgopo o a fana
Le motho ya se nang boitshwaro, a ke ke a bitswa mohlomphehi.
6 Motho ya kgopo o tla bua dintho tse se nang kelello,
Pelo ya hae e tla rera dintho tse kotsi+
E le hore a kwenehele Modimo* le ho bua mashano ka Jehova
Hore a time motho ya lapileng dijo
Le hore a time motho ya nyorilweng ntho e nowang.
7 Ditsela tsa motho ya se nang boitshwaro di mpe.+
O kgothaletsa ba bang ho etsa boitshwaro bo hlabisang dihlong
E le hore a timetse motho ya mahlomoleng ka mashano+
Le ha mofutsana a bua se nepahetseng.
8 Empa ya fanang o na le merero ya ho fana
Mme o dula a batla mekgwa ya ho fana.
9 “Lona basadi ba iketlileng, emang le mamele lentswe la ka.
Lona baradi ba sa tsotelleng,+ mamelang ka hloko hore na ke reng.
10 Nakwana ka mora selemo, lona ba sa tsotelleng le tla thothomela ke letswalo
Hobane ha ho ditholwana tse tla beng di bokeletswe ha kotulo ya morara e fela.+
11 Thothomelang, lona basadi ba dutseng ba iketlile.
Ferekanang, lona ba sa tsotelleng.
12 Ikotleng difuba le lle,
Le llele masimo a matle le sefate sa morara se behang ditholwana tse ntle.
13 Naha ya batho ba ka e tla kwahelwa ke meutlwa le dihlabahlabane.
Di tla kwahela matlo ohle a boithabiso,
Motse wa thabo.+
Ofele*+ le tora ya ho lebela di fetohile dithako,
Ke moo ditonki tse hlaha di thallang* teng,
Ke lekgulo la mehlape,+
15 Ho fihlela moya o theohela ho rona o tswa hodimo+
Mme lefeella le fetoha serapa sa difate tsa ditholwana,
Le serapa sa difate tsa ditholwana se nkwa e le moru.+
17 Ho loka ha nnete ho tla etsa hore ho be le kgotso+
Mme ditholwana tsa ho loka ha nnete e tla ba kgutso le tshireletseho e sa feleng.+
18 Setjhaba sa ka se tla dula sebakeng se nang le kgotso,
Dibakeng tse sireletsehileng le dibakeng tse nang le kgutso.+
19 Empa sefako se tla ruthutha moru
Mme motse o tla batalla.