Dipesaleme
Pina. Pesaleme ya Davida.
2 Tsoha, wena seletsa se dikgwele, le wena harepa.+
Ke tla tsoha ka meso.
3 Jehova, ke tla o rorisa hara batho.
Ke tla o binela* dipina tsa thoriso hara ditjhaba.
5 Modimo, bontsha boholo ba hao mahodimong.
E se eka kganya ya hao e ka ba lefatsheng lohle.+
6 Re pholose ka letsoho la hao le letona mme o nkarabe
E le hore bahlanka ba hao bao o ba ratang ba ka pholoswa.+
7 Modimo o buile a le kgalalelong ya hae* a re:
Juda ke lere la ka la bolaodi.+
9 Moabe ke sekotlolo seo ke hlatswetsang ho sona.+
Ke tla lahlela seeta* sa ka hodima Edomo.+
Ke tla hweletsa ke thabile hobane ke hlotse Filistia.”+
10 Ke mang ya tla ntlisa motseng o sireleditsweng ka thata?
Ke mang ya tla etsa hore ke fihle Edomo?+
11 Na ha se wena Modimo wa ka?
Empa jwale o re lahlile. Modimo wa rona ha o sa tsamaya le rona.+