Dipesaleme
96 Binelang Jehova pina e ntjha.+
Binelang Jehova lona bohle ba lefatsheng.+
2 Binelang Jehova, le rorise lebitso la hae.
Letsatsi le letsatsi le bolele ditaba tse monate tsa ka moo a pholosang ka teng.+
4 Jehova o moholo mme o tshwanelwa ke ho roriswa haholo.
O lokela ho tshajwa ho feta medimo e meng kaofela.
6 O potapotilwe ke kganya le bokgabane.*+
Matla le botle di sehalalelong sa hae.+
8 Rorisang Jehova hobane lebitso la hae le tshwanelwa ke thoriso.+
Tlisang mpho mme le kene mabaleng a hae.
9 Inamelang* Jehova le apere diaparo tse halalelang.*
Le thothomele ka pela hae, lona bohle ba lefatsheng.
10 Ereng ho ditjhaba: “Jehova ke Morena.+
Lefatshe le tiisitswe ka thata ebile le ke ke la suthiswa.*
O tla ahlola* ditjhaba ka toka.”+
11 Mahodimo a ke a thabe le lefatshe le ke le thabe.
Lewatle le tsohle tse ho lona di ke di hweletse di thabile.+