Dipesaleme
Pesaleme ya Davida.
2 Rorisang Jehova hobane lebitso la hae le tshwanelwa ke thoriso.
Inamelang* Jehova le apere diaparo tse halalelang.*
3 Lentswe la Jehova le utlwahala hodima metsi.
Lentswe la Modimo ya kganyang le a duma.+
Jehova o hodima metsi a mangata.+
4 Lentswe la Jehova le matla.+
Lentswe la Jehova le a hlolla.
5 Lentswe la Jehova le roba difate tsa kedare.
Jehova o robakanya dikedare tsa Lebanone.+
6 O etsa hore Lebanone* e tlolatlole jwalo ka namane
Le hore Sirione+ e tlolatlole jwalo ka pohwana ya naheng.
7 Lentswe la Jehova le otla ka malakabe a mollo.+
8 Lentswe la Jehova le thothometsa lefeella.+
Jehova o etsa hore lefeella la Kadeshe+ le thothomele.
9 Lentswe la Jehova le etsa hore kgama e tshehadi e thothomele e be e tswale
Ebile le hlohlora meru.+
Bohle ba ka tempeleng ya hae ba re: “Kganya!”
11 Jehova o tla fa batho ba hae matla.+
Jehova o tla hlohonolofatsa batho ba hae ka ho ba fa kgotso.+