Genese
21 Jehova a kgutlela ho Sara feela jwalo ka ha a ne a boletse mme Jehova a etsetsa Sara seo a neng a mo tshepisitse sona.+ 2 Sara a ima+ mme a tswalla Abrahama mora botsofading ba hae ka nako eo Modimo a neng a itse o tla ba le mora ka yona.+ 3 Abrahama a reha mora wa hae ya tswetsweng ke Sara lebitso la Isaka.+ 4 Ha Isaka a ena le matsatsi a robedi a hlahile, Abrahama a mo bolotsa feela jwalo ka ha Modimo a ne a mo laetse.+ 5 Abrahama o ne a le dilemo di 100 ha Isaka a hlaha. 6 Sara a re: “Modimo o entse hore ke thabe, bohle ba utlwang ka taba ena ba tla thaba* le nna.” 7 A boela a re: “Ke mang ya neng a ka nahana hore nna Sara ke tla tswalla Abrahama mora? Empa ke nna enwa ke mo tswaletse mora botsofading ba hae.”
8 Isaka a hola mme a kgweswa* yaba Abrahama o etsa mokete o moholo letsatsing leo Isaka a kgwesitsweng ka lona. 9 Empa Sara a hlokomela hore mora eo Hagare+ wa Moegepeta a mo tswaletseng Abrahama, o ne a soma Isaka.+ 10 A re ho Abrahama: “Leleka mosadi enwa wa mosebeletsi le mora wa hae hobane mora wa hae a ke ke a ja lefa le mora wa ka Isaka.”+ 11 Abrahama a utlwiswa bohloko ke ntho eo Sara a e buileng ka mora wa hae.+ 12 Modimo a re ho Abrahama: “O se ke wa utlwiswa bohloko ke ntho eo Sara a e buileng ka moshanyana le ka mosebeletsi wa hao. Mo mamele* hobane o tla ba le ditloholo* ka Isaka.+ 13 Ke tla etsa hore ho tswe setjhaba+ ho mora wa mosebeletsi wa hao+ hobane le yena ke ngwana* wa hao.”
14 Abrahama a tsoha hoseng haholo mme a nka bohobe le lekuka* le tshetseng metsi, a di beha lehetleng la Hagare yaba o re a tsamaye le mora wa hae.+ Hagare a tsamaya mme a lelera lefeelleng la Beersheba.+ 15 Metsi a ka lekukeng a fela yaba o sutumelletsa moshanyana tlasa dihlahla. 16 A tloha mme a dula a le mong hoo e ka bang bohole ba moo motsu wa seqha o ka fihlang teng, a re: “Ha ke batle ho bona ha moshanyana wa ka a shwa.” A dula holenyana yaba o lla ha bohloko.
17 Modimo a utlwa lentswe la moshanyana+ mme lengeloi la Modimo la bitsa Hagare le le mahodimong la re ho yena:+ “Molato keng Hagare? O se ke wa tshoha hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana wa hao moo a leng teng. 18 Ema, phahamisa moshanyana mme o mo tshware ka letsoho hobane ke tla mo etsa setjhaba se seholo.”+ 19 Modimo a etsa hore Hagare a bone sediba sa metsi. Hagare a ya ho sona mme a tlatsa metsi ka lekukeng yaba o fa moshanyana wa hae hore a nwe. 20 Modimo o ne a sireletsa moshanyana+ eo ha a ntse a hola. O ile a dula lefeelleng mme ya eba setsomi se sebedisang seqha. 21 O ile a dula lefeelleng la Parane.+ Mme wa hae o ile a mo fumanela mosadi wa Moegepeta.
22 Ka nako eo, Abimeleke a bua le Abrahama a ena le Fikole molaodi wa masole a hae a re: “Modimo o na le wena dinthong tsohle tseo o di etsang.+ 23 Ntlhapanyetse ka Modimo hore o ke ke wa etsetsa nna, bana le ditloholo tsa ka bolotsana le hore o tla ba mosa* ho nna le ho baahi ba naha ena eo esale o dula ho yona jwalo ka ha ke ile ka ba mosa ho wena.”+ 24 Abrahama a re: “Ke a hlapanya.”
25 Le ha ho le jwalo, Abrahama a tletleba ho Abimeleke ka sediba sa metsi seo bahlanka ba Abimeleke ba neng ba se nkile ka manganga.+ 26 Abimeleke a re: “Ha ke tsebe hore na ke mang ya entseng ntho ena. Ha o a mpolella ka yona mme ke hona ke utlwang kajeno.” 27 Yaba Abrahama o nka dinku le dikgomo o di fa Abimeleke mme ka bobedi ba etsa selekane. 28 Ha Abrahama a arola dikonyana tse tshehadi tse supileng ho diphoofolo tse ding, 29 Abimeleke a re ho Abrahama: “Ke hobaneng ha o beheletse dikonyana tsee tse tshehadi tse supileng ka thoko?” 30 Abrahama a re: “Ke dikonyana tseo ke o fang tsona e le bopaki ba hore ke tjhekile sediba sena.” 31 Ke ka lebaka leo a ileng a reha sebaka seo Beersheba*+ hobane ka bobedi ba entse kano ho sona. 32 Ba etsa selekane+ Beersheba mme ka mora moo Abimeleke le Fikole molaodi wa masole a hae ba kgutlela naheng ya Bafilista.+ 33 Abrahama a lema sefate sa tamariske Beersheba mme a bitsa lebitso la Jehova,+ Modimo ya tla dula a le teng ho ya ho ile.+ 34 Abrahama a dula* naheng ya Bafilista nako e telele.*+