Daniele
6 Dariuse a kgetha diofisiri tse kgolo tse 120 hore di okamele mmuso wohle wa hae.+ 2 Di ne di okametswe ke balaodi ba bararo ba phahameng, e mong wa bona e le Daniele.+ Diofisiri tse kgolo+ di ne di tlisa ditlaleho ho bona e le hore morena a se ke a senyehelwa. 3 Daniele o ne a sa tshwane le balaodi ba bang ba phahameng le diofisiri tse kgolo hobane o ne a le bohlale ka tsela e hlollang+ mme morena o ne a ikemiseditse ho mo phahamisa hore a okamele mmuso wohle.
4 Balaodi ba phahameng le diofisiri tse kgolo ba ne ba batlana le dintho tseo ba ka qosang Daniele ka tsona tse amanang le mmuso empa ba ne ba sa fumane letho leo ba ka mo qosang ka lona kapa bobodu le ha e le bofe hobane o ne a tshepahala, a etsa mosebetsi wa hae ka makgethe a bile a sa etse bobodu. 5 Banna bao ba re: “Re ke ke ra fumana letho leo re ka qosang Daniele ka lona, ntle le haeba re ka mo qosa ka ntho e mabapi le ho mamela molao wa Modimo wa hae.”+
6 Balaodi bana ba phahameng le diofisiri tse kgolo ba ya ho morena e le sehlopha, ba re ho yena: “Morena Dariuse, o ke o phele ka ho sa feleng. 7 Diofisiri tsohle tsa boreneng, balaodi, diofisiri tse kgolo, diofisiri tse phahameng tsa boreneng le matona, ba dumellane ka hore ho etswe molao wa borena le thibelo ya hore ka matsatsi a 30, mang kapa mang ya tla rapela modimo e mong kapa motho e mong ntle ho wena morena, a lahlelwe ka sekoting sa ditau.+ 8 Morena, e se eka o ka tiisa taelo ena mme o e saene+ e le hore e se ke ya fetolwa ho ya ka molao wa Bamede le Bapersia o sa hlakolweng.”+
9 Morena Dariuse a saena taelo le thibelo eo.
10 Hang ha Daniele a utlwa hore taelo eo e saennwe, a ya ntlong ya hae eo difensetere tsa yona tsa kamore e ka hodimo di neng di butswe di shebile Jerusalema.+ O ne a kgumama hararo ka letsatsi, a rapela a bile a rorisa Modimo wa hae jwalo ka ha a ne a tlwaetse ho etsa sena pele ho moo. 11 Ka nako eo, banna bao ba kena ka potlako ka tlung ya Daniele, ba mo fumana a ntse a rapela a kopa hore Modimo wa hae a mo hauhele.
12 Ka mora moo, ba ya ho morena mme ba mo hopotsa thibelo ya borena ba re: “Na ha o a saena thibelo e reng ka matsatsi a 30 mang kapa mang ya rapelang modimo e mong kapa motho e mong ntle ho wena morena, a lahlelwe ka sekoting sa ditau?” Morena a re: “E, ho jwalo ebile taba eo e tiisitswe ho ya ka molao wa Bamede le Bapersia, o sa hlakolweng.”+ 13 Hanghang ba re ho morena: “Daniele, eo e leng motlamuwa wa Juda,+ ha a o mamela morena ebile le thibelo ya hao ha a e mamela, o ntse a rapela hararo ka letsatsi.”+ 14 Hang ha morena a utlwa sena, a nyahama haholo yaba o nahana ka hore na a ka pholosa Daniele jwang. O ile a etsa sohle seo a ka se kgonang ho leka ho mo pholosa, letsatsi la ba la dikela. 15 Qetellong banna bao ba ya ho yena e le sehlopha mme ba re: “Morena, hopola hore ho ya ka molao wa Bamede le Bapersia thibelo kapa taelo eo morena a e tiisang e ke ke ya fetolwa.”+
16 Ka lebaka leo, morena a laela hore ba tlise Daniele mme ba mo lahlele ka sekoting sa ditau.+ Morena a re ho Daniele: “Modimo wa hao eo o dulang o mo sebeletsa o tla o pholosa.” 17 Ka mora moo, ba tlisa lejwe mme ba kwahela sekoti ka lona. Morena a beha letshwao lejweng leo ka reng ya hae e tempang le ka reng ya bahlomphehi ba hae e le hore qeto e neng e entswe ka Daniele e se ke ya fetolwa.
18 Morena a ya phaleising ya hae. A qeta bosiu bohle a sa je, a sa batle le boithabiso* a bile a sa kgone ho robala. 19 Hang feela ha letsatsi le tjhaba, morena a tsoha yaba o mathela sekoting sa ditau. 20 Ha a fihla sekoting, a hweletsa Daniele ka pelo e bohloko, a re ho yena: “Daniele, mohlanka wa Modimo ya phelang, na Modimo wa hao eo o dulang o mo sebeletsa o kgonne ho o pholosa ditaung?” 21 Daniele a re ho morena: “Morena, o ke o phele ka ho sa feleng. 22 Modimo wa ka o rometse lengeloi yaba le kwala melomo ya ditau+ tsena, ka hoo ha di a ntematsa+ hobane o mphumane ke se na molato ebile le wena ha ke a o sitelwa ka letho morena.”
23 Morena a thaba haholo mme a laela hore Daniele a ntshwe ka sekoting. Ha Daniele a ntshwa ka sekoting, o ne a sa lemala ho hang hobane o ne a tshepile Modimo wa hae.+
24 Morena a laela hore banna ba neng ba qositse* Daniele ba latwe yaba ba lahlelwa ka sekoting sa ditau le bana ba bona le basadi ba bona. Ditau di ile tsa ba hlasela mme tsa robakanya masapo ohle a bona le pele ba fihla fatshe ka sekoting seo.+
25 Morena Dariuse a ngolla ditjhaba tsohle, merabe le batho ba buang dipuo tse fapaneng ba dulang lefatsheng lohle a re:+ “E se eka le ka ba le kgotso e ngata. 26 Ke fana ka taelo ya hore batho bohle ba dulang dibakeng tse pusong ya ka ba lokela ho tshaba Modimo wa Daniele+ hobane ke Modimo ya phelang ebile o tla dula a le teng ka ho sa feleng. Mmuso wa hae o ke ke wa fediswa le puso* ya hae e ke ke ya fela.+ 27 O a pholosa,+ o a lopolla ebile o etsa dipontsho le dintho tse hlollang mahodimong le lefatsheng.+ O pholositse Daniele hore a se ke a bolawa ke ditau.”
28 Daniele o ile a atleha mmusong wa Dariuse+ le mmusong wa Saeruse wa Mopersia.+