Buka ya Pele ya Samuele
21 Ha morao Davida a tla Nobe+ ho moprista Akimeleke. Akimeleke a thothomela ha a kopana le Davida mme a re ho yena: “Ke hobaneng ha o tsamaya o le mong?”+ 2 Davida a araba moprista Akimeleke a re: “Morena o ntaetse hore ke etse ntho e itseng empa o itse ke se ke ka bolella motho le ha e le ofe ka ntho eo a itseng ke yo e etsa le ka ditaelo tseo a mphileng tsona. Ke hlophisitse le bahlanka ba ka hore re kopane sebakeng se itseng. 3 Jwale haeba ho ena le mahobe a mahlano ao o ka fanang ka ona, mphe ona kapa o mphe ntho le ha e le efe e teng.” 4 Empa moprista a re ho Davida: “Ha ho na bohobe mona boo nka fanang ka bona, bohobe bo teng ke bohobe bo halalelang.+ Bahlanka ba hao ba ka bo ja haeba ba ile ba ba hole le basadi.”*+ 5 Davida a araba moprista a re: “E se e le nako re sa kopane le basadi jwalo ka dinakong tse fetileng ha ke ne ke ya ntweng.+ Haeba bahlanka bao ba dula ba halalela esita le ha ba ronngwe mesebetsing e tlwaelehileng, kajeno e tlameha ebe ba halalela le ho feta mosebetsing ona o kgethehileng.” 6 Ka hoo, moprista a mo fa bohobe bo halalelang+ hobane ho ne ho se na bohobe bo bong ntle le bohobe ba pontsho, bo neng bo tlositswe ka tabernakeleng ya Jehova mohla ho neng ho behwa bo botjha.
7 E mong wa bahlanka ba Saule o ne a le moo ka letsatsi leo hobane o ne a tlamehile ho ba ka pela Jehova. Lebitso la hae e ne e le Doege+ wa Moedomo,+ molaodi wa badisa ba Saule.
8 Davida a re ho Akimeleke: “Na ho na le lerumo kapa sabole moo? Ha ke a nka sabole kapa dibetsa tsa ka hobane taba ya morena e ne e potlakile.” 9 Yaba moprista o re: “Sabole ya Goliathe+ wa Mofilista eo o mo bolaileng Kgohlong* ya Ela+ e teng mona, e thatetswe ka lesela ka mora efoda.+ Haeba o batla ho inkela yona e nke hobane ke yona feela e teng mona.” Davida a re: “Ha ho na e tshwanang le yona. Mphe yona.”
10 Davida a tsamaya letsatsing leo mme a nna a baleha+ Saule. Qetellong a fihla ho Morena Akishe wa Gathe.+ 11 Bahlanka ba Akishe ba re ho yena: “Na eo ha se Davida morena wa naha ya Iseraele? Na ha se elwa eo ha ba ntse ba tantsha ba neng ba bina ka yena ba re,
‘Saule o bolaile ba dikete,
Davida o bolaile ba dikete tse mashome’?”+
12 Davida a nahana ka mantswe ana yaba o qala ho tshaba+ Akishe morena wa Gathe haholo. 13 Ka hoo, a iketsa eka o a hlanya+ ka pela bona.* O ne a ntse a ngwapa mamati a keiti mme a tloheletse diqhenqhe hore di theohele ditedung tsa hae. 14 Qetellong Akishe a re ho bahlanka ba hae: “Le ntse le bona hore monna enwa o a hlanya. Ke hobaneng ha le mo tlisitse ho nna? 15 Na batho ba hlanyang ha ba a lekana hoo le tlisitseng le eo hore a tlo hlanyetsa ho nna? Ke hobaneng ha le tlisa monna eo ka tlung ya ka?”