Esaia
63 Ke mang enwa ya tswang Edomo,+
Ya tswang Bozra+ a apere diaparo tse mmala o kganyang,*
Enwa eo diaparo tsa hae di hlomphehang?
Ha a tsamaya, o a bonahala hore o na le matla a maholo.
“Ke nna, ya buang dintho tse lokileng,
Ya nang le matla a maholo a ho pholosa.”
2 Ke hobaneng ha diaparo tsa hao di le kgubedu?
Ke hobaneng ha diaparo tsa hao di tshwana le tsa motho ya tlhotlang morara ho etsa veine?*+
3 “Ke hataketse bate ya veine ke le mong.
Ha ho na motho ya tswang ditjhabeng eo ke neng ke ena le yena.
Ka nna ka hatakela dira tsa ka ke halefile,+
Ka di hatakela ke loloma ke kgalefo.
Diaparo tsa ka di ne di qaphaleditswe ke madi a bona.
Ke tlotsitse diaparo tsa ka kaofela.
4 Ke entse qeto ya ho tlisa letsatsi la phetetso,+
Selemo sa hore batho ba ka ba lopollwe se fihlile.
5 Ha ke qamaka, ho ne ho se na motho ya nthusang.
Ka makatswa ke hore ebe ha ho na motho ya ntshehetsang.+
Ka hoo, ka tlisa poloko* ka letsoho la ka,
Ka tshehetswa ke kgalefo ya ka.
6 Ka nna ka hatakela ditjhaba ke halefile,
Ka di taha ka kgalefo ya ka,+
Ka qhalla madi a tsona fatshe.”
7 Ke tla bua ka dintho tse bontshang mohau wa Jehova,
Diketso tsa Jehova tse lokelwang ke thoriso,
Ka lebaka la tsohle tseo Jehova a re etseditseng tsona,+
Dintho tse ngata tseo a di etseditseng ba ntlo ya Iseraele
Ho ya ka mohau le lerato la hae le leholo.
9 Nakong ya mahlomola ohle a bona le yena o ile a hlomoha.+
Moromuwa wa hae* o ile a ba pholosa.+
Ka lerato le qenehelo o ile a ba lopolla+
Yaba o a ba phahamisa le ho ba hlokomela dilemo tseo kaofela.+
10 Empa ba mo fetohela+ mme ba utlwisa moya wa hae o halalelang bohloko.+
11 Batho ba Modimo ba hopola mehleng ya kgale,
Mehleng ya mohlanka wa hae Moshe:
“O kae Ya ba ntshitseng lewatleng+ ha mmoho le badisa ba batho ba hae?+
O kae Ya theoletseng moya wa Hae o halalelang hodima Moshe?+
12 O kae Ya neng a tsheheditse Moshe ka letsoho la Hae le matla,*+
Ya arotseng metsi ka pela bona+
Ho etsa hore lebitso la hae le dule le hopolwa ho ya ho ile?+
13 O kae ya etsang hore ba tsamaye hara lewatle le tebileng*
E le hore ba tsamaye ba sa kgoptjwe ke letho
Jwalo ka pere thoteng?
14 Feela jwalo ka ha diphoofolo di theohela phuleng ho ya phomola,
Moya wa Jehova o ile wa ba phomotsa.”+
15 Sheba fatshe o le lehodimong mme o bone.
O shebe o le moo o dulang, sebakeng se phahameng sa kgalalelo le botle.*
Ke hobaneng ha o se o sa tjhesehe le ho bontsha matla a hao?
E kae kutlwelobohloko ya hao,+ o kae mohau wa hao?+
O re hanetse ka tsona.
Le hoja Abrahama a ke ke a re tseba
Le Iseraele a ke ke a re lemoha,
Jehova, ke wena Ntate wa rona.
Lebitso la hao ke Molopolli wa rona wa ho tloha kgale.+
17 Jehova, ke hobaneng ha o re tlohela* hore re kgelohe ditsela tsa hao?
Ke hobaneng ha o tlohela* dipelo tsa rona hore di thatafale mme re se ke ra o tshaba?+
Molemong wa bahlanka ba hao, batho bao e leng lefa la hao,
Re hauhele hape.+
18 Batho ba hao ba halalelang ba ile ba rua naha ka nakwana.
Bahanyetsi ba rona ba hataketse sehalalelo sa hao.+
19 Ho tloha kgale re bile jwalo ka bao o sa kang wa ba busa le ka mohla
Le jwalo ka bao ho seng mohla ba kileng ba bitswa ka lebitso la hao.