Dipesaleme
Ho motsamaisi. Pina ya Davida.
31 Ke balehetse ho wena Jehova.+
E se eka nke ke ka hlajwa ke dihlong.+
Mpholose hobane o lokile.+
Tloo kapele o tlo mpholosa.+
Eba jwalo ka thaba e sireletsehileng ho nna,
O be sebaka se sireletsehileng hore o mpholose.+
3 O lefika la ka le sebaka sa ka se sireletsehileng.+
O tla nketella pele o be o ntataise+ ka lebaka la lebitso la hao.+
5 Ke beha bophelo ba ka matsohong a hao.+
O ntopolotse, Jehova Modimo ya nang le nnete.*+
6 Ke hloile ba rapelang ditshwantsho tse se nang thuso, tsa lefeela
Empa ha e le nna, ke tshepile Jehova.
O a tseba hore ke tshwenyehile haholo.
9 Nkgauhele hle Jehova hobane ke mahlomoleng.
Ho tshwenyeha ho entse hore mahlo a ka le mmele wohle wa ka di kgathale.+
Matla a ka a a fela ka lebaka la phoso ya ka.
Masapo a ka a a fokola.+
Batho ba ntlwaetseng ba a ntshaba.
Ha ba mpona ka ntle, ba a mpaleha.+
12 Ha ba sa nkgopola jwalo ka ha eka ke shwele.
Ke tshwana le nkgo e pshatlehileng.
13 Ke utlwile ho buuwa dintho tse ngata tse mpe ka nna.
Ke tshoswa ka mahlakoreng ohle.+
Ba a bokana
Hore ba lohe leano la ho mpolaya.+
14 Empa ke tshepile wena Jehova.+
Ke re: “O Modimo wa ka.”+
15 Bophelo ba ka bo matsohong a hao.
Mpholose matsohong a dira tsa ka le ho ba ntlhorisang.+
16 Eba mosa ho mohlanka wa hao.+
Mpholose hobane o a nthata.*
17 Jehova, e se eka nke ke ka hlajwa ke dihlong ha ke o bitsa.+
Ba kgopo ba ke ba hlajwe ke dihlong.+
E se eka ba ka kgutsiswa Lebitleng.*+
18 E se eka batho ba buang leshano ba ka fellwa ke mantswe,+
Ba buang hampe ka ya lokileng, ba ikgohomosa ba bile ba mo nyatsa.
O o boloketse ba o tshabang+
Ebile o o bontshitse ka pela batho bohle, molemong wa ba balehelang ho wena.+
O tla ba pata sebakeng sa hao se sireletsehileng,
O ba patele ba batlang ho ba ntsha kotsi.+
21 Jehova a ke a roriswe
Ka ha ka tsela e hlollang, o ile a mpontsha hore o a nthata*+ motseng o potapotilweng ke dira.+
22 Ha e le nna, ke ile ka tshoha mme ka re:
“Ke tla shwa ka pela hao.”+
Empa o ile wa nkutlwa ha ke llela ho wena ke kopa thuso.+