Dipesaleme
Thapelo ya Davida.
86 Jehova hle, mmamele* mme o nkarabe.
Ke hlorile ebile ke futsanehile.+
2 Sireletsa bophelo ba ka hobane ke a tshepahala.+
Mpholose, nna mohlanka wa hao ya o tshepileng,
O Modimo wa ka.+
4 Etsa hore ke thabe
Etswe ke tshepile wena Jehova.
5 Jehova, o molemo+ ebile o ikemiseditse ho tshwarela.+
Bohle ba llelang ho wena o ba rata haholo.+
6 Mamela thapelo ya ka hle Jehova.
O nkutlwe ha ke kopa thuso.+
8 Ha ho na modimo ya tshwanang le wena Jehova,+
Ha ho na ya entseng dintho tse tshwanang le tseo o di entseng.+
9 Ditjhaba tsohle tseo o di entseng
Di tla tla mme di o kgumamele Jehova,+
Di tla tlotlisa lebitso la hao.+
10 O na le matla ebile o etsa dintho tse hlollang.+
Wena o le mong, o Modimo.+
11 Jehova, nthute tsela ya hao.+
Ke tla tsamaya tseleng ya hao e lokileng.+
Etsa hore ke tshabe lebitso la hao ka pelo ya ka yohle.+
12 Jehova Modimo wa ka, ke o rorisa ka pelo ya ka yohle,+
Ke tla tlotlisa lebitso la hao ka ho sa feleng.
14 Modimo, batho ba ikgohomosang ba a ntlhasela.+
Sehlopha sa banna ba sehloho se batla ho mpolaya,
Ha ba na taba le wena.+
16 Nkamohele mme o nkgauhele.+
Mphe matla,+
O mpholose, nna mora wa lekgoba la hao la mosadi.
17 Mpontshe bopaki ba hore o molemo
E le hore ba ntlhoileng ba ka bo bona mme ba hlajwa ke dihlong.
Jehova, o mothusi wa ka le motshedisi wa ka.