Buka ya Bobedi ya Dikronike
6 Solomone a re: “Jehova, o ile wa re o tla dula lefifing le letsho.+ 2 Jwale ke o hahetse ntlo eo o tla dula ho yona ka ho sa feleng.”+
3 Batho bohle ba Iseraele ba ne ba ntse ba eme ka pela morena yaba o sheba ka ho bona o a ba hlohonolofatsa.+ 4 A re: “Ho roriswe Jehova Modimo wa Iseraele, ya phethahaditseng seo a se tshepisitseng ntate wa ka Davida ha a re: 5 ‘Ho tloha letsatsing leo ke ntshitseng setjhaba sa ka naheng ya Egepeta, ha ke eso kgethe motse malokong ohle a Iseraele oo ke tla haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka+ mme ha ho na motho eo ke mo kgethileng hore a etelle pele setjhaba sa ka sa Iseraele. 6 Empa ke kgethile Jerusalema+ hore lebitso la ka le be moo mme ke kgethile Davida hore a etelle pele setjhaba sa ka sa Iseraele.’+ 7 Ntate wa ka Davida o ne a batla ho hahela Jehova Modimo wa Iseraele ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la hae.+ 8 Empa Jehova a re ho ntate wa ka Davida: ‘Ke hantle hore ebe o batla ho haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka. 9 Le ha ho le jwalo, o ke ke wa haha ntlo eo empa mora eo o tla ba le yena* ke yena ya tla e haha.’+ 10 Jehova o phethahaditse tshepiso ya hae hobane ke nna morena ya hlahlamang ntate wa ka Davida mme ke dutse teroneng ya Iseraele+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a tshepisitse.+ Hape ke hahile ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova Modimo wa Iseraele. 11 Ntlong eo, ke behile Areka e nang le selekane+ seo Jehova a ileng a se etsa le setjhaba sa Iseraele.”
12 Solomone a ema ka pela aletare ya Jehova ka pela setjhaba sohle sa Iseraele mme a phahamisa matsoho.+ 13 (Solomone o ne a entse sethala sa koporo mme a se behile bohareng ba lebala.+ Bolelele ba sona e ne e le dimithara tse ka hodimonyana ho tse pedi,* bophara ba sona e le dimithara tse ka hodimonyana ho tse pedi* mme bophahamo ba sona e le bo ka hodimonyana ho mithara* yaba o ema hodima sona.) A kgumama ka pela phutheho yohle ya Iseraele a phahamiseditse matsoho mahodimong+ 14 a re: “Jehova Modimo wa Iseraele, ha ho na Modimo ya tshwanang le wena lehodimong kapa lefatsheng. O boloka selekane sa hao ebile o rata* bahlanka ba hao ba o sebeletsang ka dipelo+ tsohle tsa bona. 15 O phethahaditse tshepiso eo o ileng wa e etsetsa ntate wa ka Davida.+ O entse tshepiso mme letsatsing lena o e phethahaditse.+ 16 Jehova Modimo wa Iseraele, phethahatsa tshepiso eo o e entseng ho ntate wa ka Davida ha o ne o re: ‘Ho tla dula ho ena le e mong wa leloko la hao ya tla dula teroneng ya Iseraele haeba feela bara ba hao ba ka dula ba ntshepahalla+ jwalo ka wena.’+ 17 Jehova Modimo wa Iseraele, e se eka o ka phethahatsa tshepiso eo o e etseditseng Davida mohlanka wa hao.
18 Empa na ka nnete Modimo o tla dula le batho lefatsheng?+ Mahodimo a mahodimo ha a o lekane.+ Jwale ntlo ee eo ke o hahetseng yona e tla o lekana jwang?+ 19 Jehova Modimo wa ka, mamela thapelo eo ke e etsang ho wena le kopo ya ka. Mmamele ha ke lla ke kopa thuso. 20 E se eka o ka sheba ntlo ena bosiu le motshehare mme o mamele thapelo eo nna mohlanka wa hao ke e etsang ka sebaka sena, seo o itseng lebitso la hao le tla ba ho sona.+ 21 O mamele kopo ya ka le kopo eo setjhaba sa hao sa Iseraele se e etsang se shebile sebakeng sena,+ o utlwe o le mahodimong+ moo o dulang teng mme o re tshwarele.+
22 Haeba motho a fosetsa wa habo mme wa habo a mo laela hore a ikane* hore ha a molato, ha motho eo ya ikanneng a tla ka pela aletare ya hao ntlong ena,+ 23 e se eka o ka utlwa o le mahodimong, wa ahlola bahlanka ba hao ka ho fa ya kgopo kotlo mme o etse hore a ikarabelle ka ntho eo a e entseng+ le ka ho phatlalatsa hore ya lokileng ha a na molato* mme o mo fe moputso ho ya ka dintho tse ntle tseo a di entseng.+
24 Haeba setjhaba sa hao sa Iseraele se hlolwa ke dira tsa sona hobane se ile sa o fosetsa+ mme se boela se kgutlela ho wena se rorisa lebitso la hao,+ se o rapela+ ebile se kopa o se hauhele ka tlung ena,+ 25 e se eka o ka utlwa o le mahodimong,+ wa tshwarela dibe tsa sona mme wa se kgutlisetsa naheng eo o e fileng sona le baholoholo ba sona.+
26 Ha pula e sa ne+ hobane setjhaba se o etseditse sebe+ mme se rapela se shebile sebaka sena, se tlotlisa lebitso la hao se bile se tlohela ho etsa sebe hobane o entse hore se ikokobetse,*+ 27 e se eka o ka utlwa o le mahodimong mme wa tshwarela dibe tsa bahlanka ba hao e leng setjhaba sa hao sa Iseraele hobane o tla se tataisa hore se tsamaye tseleng e nepahetseng+ o be o nese pula+ naheng eo o se fileng yona e le lefa.
28 Haeba ho eba le tlala naheng,+ lefu la sewa,+ dimela di tjha, ho eba le phori,*+ ditsie* tse ngata kapa ditsie tse senyang,+ setjhaba se hlaselwa ke dira motseng*+ le ha e le ofe, ho eba le kotlo ya mofuta le ha e le ofe le bolwetse,+ 29 ha motho kapa Baiseraele bohle ba etsa thapelo+ kapa kopo+ ba shebile ntlong ena+ (ka ha motho e mong le e mong o tseba ntho e mo utlwisang bohloko),+ 30 e se eka o ka utlwa o le mahodimong moo o dulang teng+ mme wa ba tshwarela.+ O hlohonolofatse e mong le e mong ho ya ka mesebetsi ya hae hobane o tseba dipelo tsa bona (ke wena feela ya tsebang pelo ya motho),+ 31 e le hore ba ka o tshaba le ho o hlompha mme ba tsamaye ditseleng tsa hao bophelo bohle ba bona ha ba ntse ba dula naheng eo o e fileng baholoholo ba rona.
32 Le ha moditjhaba ya tswang naheng e hole ka lebaka la lebitso* la hao le leholo+ le matla a hao a tla mona ho tla rapela a shebile ntlong ena,+ 33 e se eka o ka utlwa o le mahodimong moo o dulang teng. O etse sohle seo moditjhaba a se kopang e le hore batho bohle lefatsheng ba ka tseba lebitso la hao+ mme ba o tshaba le ho o hlompha jwalo ka setjhaba sa hao sa Iseraele. Hape ba tsebe hore ntlong ena eo ke e hahileng ke moo ho roriswang lebitso la hao.
34 Haeba o roma batho ba hao ho ya lwantsha dira tsa bona sebakeng le ha e le sefe+ mme ba o rapela+ ba shebile motse ona oo o o kgethileng le ntlo eo ke o hahetseng yona,+ 35 o utlwe thapelo le kopo ya bona o le mahodimong mme o fane ka kahlolo bakeng sa bona.+
36 Haeba ba etsa sebe (ka ha ha ho na motho ya sa etseng sebe)+ ebe o a ba halefela ebile o ba tlohela hore ba hlolwe ke dira tsa bona mme di ba isa botlamuweng naheng e hole kapa e haufi,+ 37 haeba ha ba le moo ba bakela dibe tsa bona mme ba kgutlela ho wena ebile ba kopa hore o ba hauhele ba re: ‘Re o foseditse ebile re entse sebe,’+ 38 haeba ba kgutlela ho wena ka dipelo tsohle tsa bona+ le ka moya* wohle wa bona ba le botlamuweng+ mme ba rapela ba shebile naha ya bona eo o e fileng baholoholo ba bona le motse oo o o kgethileng ha mmoho+ le ntlo eo ke o hahetseng yona, 39 o utlwe thapelo le kopo ya bona o le mahodimong sebakeng seo o dulang ho sona mme o fane ka kahlolo bakeng sa bona.+ O tshwarele batho ba hao diphoso tseo ba o etseditseng tsona.
40 Modimo wa ka, e se eka o ka utlwa thapelo e etswang* sebakeng sena.+ 41 Jehova Modimo, nyolohela sebakeng sa hao seo o tla phomola ho sona,+ wena le Areka ya matla a hao. Jehova Modimo, baprista ba hao ba ke ba bontshe hore ke wena ya pholosang* mme ba o tshepahallang ba ke ba thabe ka lebaka la dintho tse molemo tseo o di etsang.+ 42 Jehova Modimo, o se ke wa lahla* motlotsuwa wa hao.+ E se eka o ka hopola ka moo o neng o rata* mohlanka wa hao Davida ka teng.”+