ESDRASE
1 Ka selemo sa pele sa Morena Saeruse+ wa Persia, Jehova a susumetsa pelo ya Morena Saeruse wa Persia hore a etse phatlalatso hohle pusong ya hae e le hore mantswe a Jehova a ileng a buuwa ke Jeremia+ a ka phethahala. Morena o ile a ba a ngola phatlalatso eo+ a re:
2 “Morena Saeruse wa Persia o re, ‘Jehova Modimo wa mahodimo o mphile mebuso yohle ya lefatshe+ mme o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema+ e Juda. 3 Mang kapa mang eo e leng wa setjhaba sa hae ya hara lona, Modimo wa hae a be le yena mme a ke a ye Jerusalema e Juda, a hahe ntlo ya Jehova Modimo wa Iseraele botjha e leng yena Modimo wa nnete eo ntlo ya hae e neng e le Jerusalema.* 4 Mang kapa mang ya dulang e le mojaki+ hohle moo a leng teng, a ke a thuswe ke baahisani ba hae, ba mo fe silevera, kgauta, thepa, diphoofolo tse ruuwang ha mmoho le nyehelo e fanwang ka ho rata bakeng sa ntlo ya Modimo wa nnete+ e neng e le Jerusalema.’”
5 Jwale dihlooho tsa malapa a Juda, a Benjamine, baprista, Balevi ha mmoho le e mong le e mong eo moya wa hae o susumeditsweng ke Modimo wa nnete, ba itokisetsa ho nyoloha hore ba yo haha ntlo ya Jehova e neng e le Jerusalema botjha. 6 Baahisani bohle ba bona ba ile ba ba thusa ka ho ba fa* dintho tse entsweng ka silevera le kgauta, thepa le diphoofolo tse ruuwang le dintho tsa bohlokwa, ntle le dinyehelo tse ileng tsa fanwa ka ho rata.
7 Morena Saeruse a boela a ntsha dintho tse neng di sebediswa ntlong ya Jehova tseo Nebukadnezare a di nkileng ka nkane Jerusalema a di beha ka tlung ya medimo ya hae.+ 8 Morena Saeruse wa Persia a beha Mithredathe motshwari wa matlotlo hore e be yena ya okamelang mosebetsi wa ho di ntsha. Mithredathe o ile a ba a ngolla Sheshebazare*+ kgosana ya Juda palo ya tsona.
9 Jwale ena ke palo ya tsona: Dinkgo tsa kgauta tse 30, dinkgo tsa silevera tse 1 000, dijana tse ding tse 29, 10 dikotlolo tse 30 tse nyenyane tsa kgauta, dikotlolo tse 410 tse nyenyane tsa silevera, dintho tse ding tse 1 000 tse neng di sebediswa. 11 Dintho tsohle tsa kgauta le tsa silevera tse neng di sebediswa di ne di le 5 400. Sheshebazare o ile a tlisa dintho tsena tsohle ha batlamuwa ba lokollwa botlamuweng+ Babilona hore ba ye Jerusalema.
2 Bana ke baahi ba profinse* ba ileng ba tswa botlamuweng+ bao Morena Nebukadnezare wa Babilona a neng a ba isitse botlamuweng Babilona+ le bao ha morao ba ileng ba kgutlela Jerusalema le Juda, e mong le e mong a kgutlela motseng wa habo.+ 2 Ba ile ba tla le Zorobabele,+ Jeshua,+ Nehemia, Seraia, Relaia, Mordekai, Bilshane, Mispare, Bigvai, Rehume le Baana.
Palo ya banna ba Iseraele ke ena:+ 3 Bara ba Paroshe ba ne ba le 2 172, 4 bara ba Shefatia ba le 372, 5 bara ba Ara+ ba le 775, 6 bara ba Pahathe-moabe,+ ba lelapa la Jeshua le ba Joabe ba le 2 812, 7 bara ba Elame+ ba le 1 254, 8 bara ba Zatu+ ba le 945, 9 bara ba Zakai ba le 760, 10 bara ba Bani ba le 642, 11 bara ba Bebai ba le 623, 12 bara ba Azgade ba le 1 222, 13 bara ba Adonikame ba le 666, 14 bara ba Bigvai ba le 2 056, 15 bara ba Adine ba le 454, 16 bara ba Atere, ba lelapa la Ezekiase ba le 98, 17 bara ba Bezai ba le 323, 18 bara ba Jora ba le 112, 19 bara ba Hashume+ ba le 223, 20 bara ba Gibare ba le 95, 21 bara ba Bethlehema ba le 123, 22 banna ba Netofa ba le 56, 23 banna ba Anathothe+ ba le 128, 24 bara ba Azmavethe ba le 42, 25 bara ba Kiriathe-jearime, ba Kefira le ba Beerothe ba le 743, 26 bara ba Rama+ le Geba+ ba le 621, 27 banna ba Mikmase ba le 122, 28 banna ba Bethele le ba Ai+ ba le 223, 29 bara ba Nebo+ ba le 52, 30 bara ba Magbishe ba le 156, 31 bara ba Elame e mong ba le 1 254, 32 bara ba Harime ba le 320, 33 bara ba Lode, ba Hadide le ba Ono ba le 725, 34 bara ba Jeriko ba le 345, 35 bara ba Senaa ba le 3 630.
36 Baprista+ e ne e le bara ba Jedaia+ wa ntlo ya Jeshua.+ Ba ne ba le 973, 37 bara ba Imere+ ba le 1 052, 38 bara ba Pashkure+ ba le 1 247, 39 bara ba Harime+ ba le 1 017.
40 Balevi+ e ne e le bara ba Jeshua le Kadmiele,+ ba bara ba Hodavia mme ba ne ba le 74. 41 Dibini+ e leng bara ba Asafe+ ba ne ba le 128. 42 Bara ba balebedi ba dikeiti+ e ne e le bara ba Shalume, bara ba Atere, bara ba Talmone,+ bara ba Akube,+ bara ba Hatita, bara ba Shobai, kaofela ba ne ba le 139.
43 Basebeletsi ba tempeleng*+ e ne e le bara ba Ziha, bara ba Hasufa, bara ba Tabaothe, 44 bara ba Kerose, bara ba Siaha, bara ba Padone, 45 bara ba Lebana, bara ba Hagaba, bara ba Akube, 46 bara ba Hagabe, bara ba Salmai, bara ba Hanane, 47 bara ba Gidele, bara ba Gahare, bara ba Reaia, 48 bara ba Rezine, bara ba Nekoda, bara ba Gazame, 49 bara ba Uza, bara ba Pasea, bara ba Besai, 50 bara ba Asna, bara ba Meunime, bara ba Nefusime, 51 bara ba Bakbuke, bara ba Hakufa, bara ba Karkure, 52 bara ba Bazeluthe, bara ba Mehida, bara ba Harsha, 53 bara ba Barkose, bara ba Sisera, bara ba Tema, 54 bara ba Nezia le bara ba Hatifa.
55 Bara ba bahlanka ba Solomone e ne e le bara ba Sothai, bara ba Soferethe, bara ba Peruda,+ 56 bara ba Jaala, bara ba Darkone, bara ba Gidele, 57 bara ba Shefatia, bara ba Hatile, bara ba Pokerethe-hazebaime le bara ba Ami.
58 Basebeletsi bohle ba tempeleng* le bara ba bahlanka ba Solomone ba ne ba le 392.
59 Bana ba ne ba tswa Tele-mela, Tele-harsha, Kerube, Adone le Imere empa ba ne ba sa kgone ho netefatsa hore na malapa a habo ntate ba bona kapa leloko la bona ke la Baiseraele kapa tjhe.+ Bona e ne e le 60 bara ba Delaia, bara ba Tobia, bara ba Nekoda mme ba ne ba le 652. 61 Bao e neng e le baprista e ne e le bara ba Habaia, bara ba Hakoze,+ bara ba Barzilai, ya ileng a nyala e mong wa baradi ba Barzilai+ wa Mogileade mme a bitswa ka lebitso la ntate wa mosadi wa hae. 62 Bana ba ile ba batla tlaleho ya bona ho tiisa leloko la bona empa ha ba a ka ba e fumana. Ka hoo, ba tloswa hore e se ke ya hlola e eba baprista.*+ 63 Letona* la ba bolella hore ba se ke ba ja dintho tse halalelang ka ho fetisisa+ ho fihlela ho eba le moprista ya ka sebedisang Urime le Thumime.+
64 Palo yohle ya batho ba phutheho e ne e le 42 360+ 65 ntle ho makgoba a bona a banna le a basadi a neng a le 7 337. Ho ne ho boetse ho ena le dibini tsa banna le tsa basadi tse 200. 66 Dipere tsa bona di ne di le 736, dimmoulo tsa bona di le 245, 67 dikamele tsa bona di le 435, ditonki tsa bona di le 6 720.
68 Ha ba fihla ntlong ya Jehova e neng e le Jerusalema, ba bang bao e neng e le dihlooho tsa malapa, ba ile ba ntsha menehelo e fanwang ka ho rata+ bakeng sa ntlo ya Modimo wa nnete e le hore e hahwe botjha* setsheng sa yona.+ 69 Ba ile ba fana ka didrakema* tsa kgauta tse 61 000 polokelong ya tjhelete bakeng sa mosebetsi le dimina* tsa silevera tse 5 000+ le diaparo tsa baprista tse 100 ho ya ka moo ba neng ba ka kgona ka teng. 70 Baprista, Balevi, batho ba bang, dibini, balebedi ba dikeiti le basebeletsi ba tempeleng* ba dula metseng ya bona le Baiseraele bohle* ba dula metseng ya bona.+
3 Ha kgwedi ya bosupa+ e qala mme Baiseraele* ba le metseng ya bona, ba bokana ha mmoho Jerusalema. 2 Jeshua+ mora wa Jozadake, bapristammoho le yena, Zorobabele+ mora wa Shalatiele+ le bana babo ba ema mme ba haha aletare ya Modimo wa Iseraele e le hore ba tle ba nyehele mahlabelo a setjheso hodima yona jwalo ka ha ho ngotswe Molaong wa Moshe+ mohlanka wa Modimo wa nnete.
3 Le hoja ba ne ba tshaba batho ba dinaha tse ba potolohileng,+ ba ile ba haha aletare ka thata setsheng sa yona sa pele mme ba qala ho nyehela ho Jehova mahlabelo a setjheso hodima yona, mahlabelo a setjheso a hoseng le a mantsiboya.+ 4 Jwale ba tshwara Mokete wa Maphephe* ho ya ka se ngotsweng+ mme letsatsi le letsatsi ba ne ba fana ka palo e behilweng ya mahlabelo a setjheso a neng a hlokeha letsatsi le letsatsi.+ 5 Ka mora moo, ba fana ka nyehelo ya setjheso ya ka mehla+ le dinyehelo tsa ha kgwedi e qala+ le tsa mekete yohle e halaleditsweng+ ya Jehova ha mmoho le tse tswang ho e mong le e mong ya ileng a nyehela ka ho rata+ ho Jehova. 6 Ba qala ho nyehela mahlabelo a setjheso ho Jehova ho tloha ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa+ le hoja motheo wa tempele ya Jehova o ne o eso etswe.
7 Ba ile ba fa batho ba betlang majwe+ le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho+ tjhelete mme ba fa Basidone le Batire dijo, dino le oli hobane ba tlisitse difate tsa kedare tse tswang Lebanone ba di isa Jopa+ ba di tsamaisa ka lewatle ba di tlamme, ho ya ka tumello eo ba e filweng ke Morena Saeruse wa Persia.+
8 Ka kgwedi ya bobedi selemong sa bobedi ka mora hore ba tle ntlong ya Modimo wa nnete Jerusalema, Zorobabele mora wa Shalatiele, Jeshua mora wa Jozadake le bana ba bo bona ba bang kaofela, baprista, Balevi le bohle ba neng ba tlile Jerusalema ba tswa botlamuweng,+ ba qala mosebetsi wa ho haha. Ba ile ba kgetha Balevi ba dilemo di 20 ho ya hodimo hore e be baokamedi ba mosebetsi wa ntlo ya Jehova. 9 Jwale Jeshua le bara ba hae le bana babo le Kadmiele le bara ba hae e leng bara ba Juda ha mmoho le bara ba Henadade,+ bara ba bona le bana ba bo bona bao le bona e neng e le Balevi, ba sebetsa mmoho hore ba okamele batho ba etsang mosebetsi ka tlung ya Modimo wa nnete.
10 Ka mora hore dihahi di etse motheo wa tempele ya Jehova,+ baprista ba ema ba apere diaparo tsa mosebetsi, bona le Balevi ba tshwere diterompeta,+ bara ba Asafe ba tshwere disimbala mme ba rorisa Jehova ho ya ka taelo ya Morena Davida wa Iseraele.+ 11 Yaba sehlopha se seng se qala ho bina,+ se seng sa arabela pina. Sa rorisa le ho leboha Jehova sa re: “O molemo, lerato* la hae ho Iseraele ha le fele le ka mohla.”+ Yaba batho bohle ba rorisa Jehova ka mantswe a phahameng hobane motheo wa ntlo ya Jehova o ne o entswe. 12 Baprista ba bangata, Balevi le dihlooho tsa malapa a habo ntate ba bona, bao e neng e le banna ba baholo ba boneng ntlo ya pele,+ ba lla haholo ha ba bona motheo wa ntlo ena o etswa, ha ba bang ba bangata ba hweleditse ka thabo ka mantswe a phahameng.+ 13 Ka hoo, batho ba ne ba sa kgone ho utlwa phapang pakeng tsa modumo wa batho ba thabileng le modumo wa batho ba llang hobane batho ba ne ba hweleditse haholo hoo modumo wa bona o neng o utluwa hole haholo.
4 Ha dira tsa Juda le Benjamine+ di utlwa hore batho ba kgutlileng botlamuweng+ ba hahela Jehova Modimo wa Iseraele tempele, 2 hanghang tsa atamela Zorobabele le dihlooho tsa malapa tsa re ho tsona: “Ereng re hahe le lona etswe le rona re rapela* Modimo wa lona+ jwalo ka lona mme haesale re mo etsetsa mahlabelo ho tloha matsatsing a Morena Esare-hadone+ wa Asiria ya re tlisitseng mona.”+ 3 Le ha ho le jwalo, Zorobabele le Jeshua le ba bang kaofela bao e leng dihlooho tsa malapa a Iseraele tsa re ho tsona: “Ha le na tokelo ya ho sebetsa le rona ho hahela Modimo wa rona ntlo+ etswe ke rona feela ba tla hahela Jehova Modimo wa Iseraele ntlo feela jwalo ka ha Morena Saeruse morena wa Persia a re laetse.”+
4 Yaba batho ba naha ba tswela pele ho nyahamisa* batho ba Juda le ho ba kgathatsa matla hore ba se ke ba haha.+ 5 Ba hira baeletsi hore ba senye merero ya Bajuda+ nakong yohle ya puso ya Morena Saeruse wa Persia ho fihlela ho busa Morena Dariuse+ wa Persia. 6 Ha Asueruse a qala ho busa, ba ngola qoso kgahlanong le baahi ba Juda le Jerusalema. 7 Hape matsatsing a Morena Artaseksese wa Persia, Bishlame, Mithredathe, Tabiele le metswalle ya hae e meng kaofela ba ile ba ngolla morena Artaseksese, ba fetolela lengolo leo ka Searame,+ ba le ngola ka ditlhaku tsa Searame.*
8 * Rehume molaodi ya ka sehloohong pusong le mongodi Shimshai, ba ngolla Morena Artaseksese lengolo kgahlanong le Jerusalema le reng: 9 (Lengolo leo le ne le tswa ho Rehume molaodi ya ka sehloohong pusong le mongodi Shimshai le metswalle ya bona e meng kaofela ya baahlodi, matona a tlasana, bangodi, batho ba Ereke,+ Bababilona le baahi ba Susa+ e leng Baelame,+ 10 le ditjhaba tse ding kaofela tseo Asnapare e moholo, ya hlomphehang a ileng a di isa botlamuweng mme a di beha metseng ya Samaria+ le tse ding kaofela tse sebakeng se ka Nqane ho Noka.* 11 Lena ke lengolo le kopiditsweng leo ba ileng ba mo romella lona.)
“Ho Morena Artaseksese, ho tswa ho bahlanka ba hao, banna ba sebaka se ka Nqane ho Noka: Jwale 12 morena o ke o tsebe hore Bajuda ba tswang ho wena, ba tlileng mona ho rona, ba se ba fihlile Jerusalema. Ba haha botjha motse o tletseng borabele le o kgopo mme ba qetella ho haha marako+ le ho lokisa metheo. 13 Jwale morena o ke o tsebe hore haeba motse ona o ka hahwa botjha mme marako a wona a ka qetwa, ba ke ke ba patala lekgetho ho hang+ kapa tefello ya ho sebedisa tsela mme seo se tla etsa hore tjhelete e yang polokelong ya matlotlo a hao e fokotsehe. 14 Ka ha re ja letswai la ntlo ya hao morena* ebile ha re a tshwanela ho bona o senyehelwa, ke ka lebaka lena re o tsebisang ka sena 15 e le hore ho ka batlisiswa bukeng ya ditlaleho tsa baholoholo ba hao.+ O tla fumana ka bukeng ya ditlaleho hore motse ona ke motse o tletseng borabele, o kotsi ho marena le diprofinse* mme ka hara wona haesale ho ena le ba kgothaletsang ba bang ho fetohela mmuso ho tloha mehleng ya kgale. Ke ka lebaka lena motse ona o ileng wa fediswa.+ 16 Morena, tseba hore haeba motse ona o ka hahwa botjha mme marako a wona a qetwa, o tla lahlehelwa ke metse yohle e ka Nqane ho Noka.”+
17 Morena a romela karabo ho Rehume molaodi ya ka sehloohong pusong le ho mongodi Shimshai le metswalle ya bona e meng kaofela e neng e dula Samaria le batho ba bang kaofela ba sebakeng se ka Nqane ho Noka:
“Dumelang! 18 Tokomane ya molao eo le re romeletseng yona e badilwe* ka ho hlaka ka pela ka. 19 Ke laetse hore ho batlisiswe mme ho ile ha fumanwa hore ho tloha mehleng ya kgale motse oo haesale o tsohela marena matla o bile o fetohela puso.+ 20 Ho ne ho ena le marena a matla Jerusalema a neng a busa sebaka sohle se ka Nqane ho Noka mme a ne a patalwa lekgetho le tefello ya ho sebedisa tsela. 21 Jwale, laelang banna bana hore ba emise mosebetsi e le hore motse o se ke wa hahwa botjha ho fihlela ke fana ka taelo. 22 Hlokomelang hore le se ke la nka taelo ena habobebe e le hore morena a se ke a senyehelwa ho ya pele.”+
23 Ka mora hore tokomane e kopiditsweng ya molao ya Morena Artaseksese e balwe ka pela Rehume le mongodi Shimshai le metswalle ya bona, ba ya Jerusalema ho Bajuda ka potlako mme ba ba qobella hore ba emise. 24 Jwale mosebetsi wa ntlo ya Modimo e neng e le Jerusalema wa emisa ka nako eo. O ile wa emisa ho fihlela selemong sa bobedi sa puso ya Morena Dariuse wa Persia.+
5 Jwale moprofeta Hagai+ le moprofeta Zakaria+ setloholo sa Ido+ ba profetela Bajuda ba neng ba le Juda le Jerusalema. Ba ba profetela ka lebitso la Modimo wa Iseraele ya neng a ba okametse. 2 Ke ka nako eo Zorobabele+ mora wa Shalatiele le Jeshua+ mora wa Jozadake ba ileng ba qala ho haha botjha ntlo ya Modimo+ e neng e le Jerusalema mme baprofeta ba Modimo ba ne ba ena le bona, ba ba tshehetsa.+ 3 Ka nako eo, Tatenai letona la sebaka se ka Nqane ho Noka* le Shethare-boznai le metswalle ya bona ba tla ho bona mme ba re: “Ke mang ya le fileng taelo ya ho haha ntlo ee le ho qetela mohaho oo?”* 4 Ba boela ba re: “Mabitso a banna ba hahang mohaho oo ke bomang?” 5 Empa Modimo o ne a hlokometse* banna ba baholo ba Bajuda+ mme ha ba a ka ba thibelwa ho fihlela tlaleho e romelwa ho Dariuse mme tokomane ya molao e mabapi le taba ena e kgutliswa.
6 Ke lena lengolo le kopiditsweng leo Tatenai letona la sebaka se ka Nqane ho Noka le Shethare-boznai le metswalle ya hae e leng matona a tlasana a sebaka se ka Nqane ho Noka, ba ileng ba le romela ho Morena Dariuse. 7 Ba ile ba romela tlaleho ho yena mme ba ne ba ngotse tjena:
“Ho Morena Dariuse:
Kgotso yohle e be le wena! 8 Morena a ke a tsebe hore re ile ra ya profinseng* ya Juda ntlong ya Modimo e moholo. E ntse e hahuwa ka majwe a maholo mme mapolanka a ntse a kenngwa maboteng. Batho ba ntse ba etsa mosebetsi ona ka mafolofolo ebile o a atleha ka lebaka la boikitlaetso ba bona. 9 Jwale ra botsa banna ba baholo ba Bajuda ra re: ‘Ke mang ya le fileng taelo ya ho haha ntlo ee le ho qetela mohaho oo?’*+ 10 Re ile ra boela ra ba botsa mabitso a bona hore re tle re ngole mabitso a banna ba etellang pele mme re o tsebise bona.
11 Ba ile ba re araba ba re: ‘Re bahlanka ba Modimo wa mahodimo le lefatshe mme re haha botjha ntlo e ileng ya hahuwa dilemo tse ngata tse fetileng, eo morena e moholo wa Iseraele a ileng a e haha a ba a e qeta.+ 12 Le ha ho le jwalo, bontate ba rona ba ile ba halefisa Modimo wa mahodimo+ yaba o nehelana ka bona letsohong la Morena Nebukadnezare+ wa Babilona wa Mokalde, ya ileng a heletsa ntlo ena+ yaba o isa batho botlamuweng Babilona.+ 13 Le ha ho le jwalo, ka selemo sa pele sa Morena Saeruse wa Babilona, Morena Saeruse o ile a fana ka taelo ya hore ntlo ena ya Modimo e hahwe botjha.+ 14 Ho ekelletsa moo, Morena Saeruse a ntsha dijana tsa kgauta le silevera tsa ntlo ya Modimo ka tempeleng ya Babilona tseo Nebukadnezare a ileng a di nka ka nkane tempeleng e Jerusalema mme a di tlisa tempeleng ya Babilona.+ Di ile tsa fuwa monna ya bitswang Sheshebazare*+ eo Saeruse a ileng a mo etsa letona.+ 15 Saeruse a re ho yena: “Nka dijana tsena. Tsamaya o di behe ka tempeleng e Jerusalema mme ntlo ya Modimo e ke e hahwe botjha moo e neng e le teng pele.”+ 16 Jwale Sheshebazare enwa a fihla mme a etsa metheo ya ntlo ya Modimo+ e Jerusalema mme haesale e ntse e hahuwa ho tloha nakong eo ho fihlela hona jwale empa e ntse e eso qetwe.’+
17 Jwale haeba ho bonahala ho le molemo ho morena, ho ke ho batlisiswe polokelong ya matlotlo a morena moo Babilona, ho bona hore na Morena Saeruse o ile a fana ka taelo ya hore ho hahuwe ntlo eo ya Modimo e Jerusalema botjha.+ Qeto ya morena mabapi le sena e romelwe ho rona.”
6 Ke nakong eo moo Morena Dariuse a ileng a fana ka taelo mme ha batlisiswa ditokomaneng tsa kgale* moo ho neng ho behwa matlotlo Babilona. 2 Ho ile ha fumanwa moqolo ntlong ya morena e Ekbatana, profinseng* ya Media mme ho wona ho ne ho ngotswe tlaleho e reng:
3 “Ka selemo sa pele sa Morena Saeruse, Morena Saeruse o ile a fana ka taelo mabapi le ntlo ya Modimo e Jerusalema a re:+ ‘Ntlo e ke e hahwe botjha hore e be sebaka seo ho tla etsetswa mahlabelo ho sona mme e etsetswe metheo e tiileng. Bophahamo ba yona e be dimithara tse ka bang 27,* bophara ba yona e be dimithara tse ka bang 27+ 4 mme mabota a yona a be le mela e meraro ya majwe a maholo le mola o le mong wa mapolanka.+ Ditshenyehelo di ke di patalwe ka tjhelete e tswang ntlong ya morena.+ 5 Hape dijana tsa ntlo ya Modimo tsa kgauta le tsa silevera, tseo Nebukadnezare a ileng a di ntsha ka tempeleng e Jerusalema mme a di tlisa Babilona+ di ke di kgutliswe e le hore di ka behwa moo di dulang teng ka tempeleng e Jerusalema, di behwe ka tlung ya Modimo.’+
6 Jwale wena Tatenai letona la sebaka se ka Nqane ho Noka* le Shethare-boznai le metswalle ya lona ya matona a tlasana a sebaka se ka Nqane ho Noka,+ suthelang hole le moo. 7 Le se ke la sitisa mosebetsi o etswang ntlong eo ya Modimo. Letona la Bajuda le baholo ba Bajuda ba tla haha ntlo eo ya Modimo botjha moo e neng e le teng pele. 8 Ho feta moo, ke fana ka taelo ya seo le lokelang ho se etsetsa baholo bana ba Bajuda e le hore ho hahwe ntlo eo ya Modimo botjha: Ba lokela ho fuwa tjhelete ya ditshenyehelo e tswang polokelong ya matlotlo a boreneng+ ya lekgetho le tswang sebakeng se ka Nqane ho Noka e le hore ba tswele pele ba sa sitiswe ke letho.+ 9 Ba lokela ho fuwa dintho tsohle tseo ba di hlokang letsatsi le letsatsi ebang ke dipohwana,+ diramo,+ dikonyana+ bakeng sa mahlabelo a setjheso a etsetswang Modimo wa mahodimo, koro,+ letswai,+ veine+ le oli+ feela jwalo ka ha baprista ba leng Jerusalema ba bolela 10 e le hore ba ka tswela pele ho fana ka dintho tse kgahlisang Modimo wa mahodimo mme ba rapelle hore morena le bara ba hae ba phele nako e telele.+ 11 Ebile ke laetse hore haeba motho le ha e le ofe a tlola taelo ena, a faseletswe palong* e ntshitsweng ntlong ya hae mme ntlo ya hae e fetolwe ntlwana ya setjhaba.* 12 E se eka Modimo ya entseng hore lebitso la hae le dule moo,+ a ka fedisa batho le morena le ha e le ofe ya tlolang taelo ena le ho senya ntlo eo ya Modimo e Jerusalema. Nna, Dariuse ke fana ka taelo ena. E ke e latelwe ka potlako.”
13 Jwale Tatenai letona la sebaka se ka Nqane ho Noka le Shethare-boznai+ le metswalle ya bona, ba etsa sohle seo Morena Dariuse a neng a se laetse, ba etsa jwalo ka potlako. 14 Baholo ba Bajuda ba tswela pele ka ho haha mme ba atleha,+ ba ne ba kgothaditswe ke boprofeta ba moprofeta Hagai+ le Zakaria+ setloholo sa Ido. Ba ile ba qeta ho e haha ho ya ka taelo ya Modimo wa Iseraele+ le ka taelo ya Saeruse,+ Dariuse+ le Morena Artaseksese+ wa Persia. 15 Ba qeta ntlo ka letsatsi la boraro la kgwedi ya Adare,* ka selemo sa botshelela sa puso ya Morena Dariuse.
16 Yaba Baiseraele, baprista, Balevi+ le ba bang kaofela ba tswang botlamuweng ba kgakola ntlo ena ya Modimo ba thabile. 17 Hape ha ho kgakolwa ntlo ena ya Modimo, ba etsa mahlabelo ka dipoho tse 100, diramo tse 200 le dikonyana tse 400 mme ba etsa mahlabelo a sebe ka diphooko* tse 12 bakeng sa Baiseraele bohle ho ya ka palo ya meloko ya Iseraele.+ 18 Ba beha baprista dihlopheng tsa bona le Balevi dihlopheng tsa bona bakeng sa tshebeletso ya Modimo Jerusalema,+ ho ya ka se ngotsweng bukeng ya Moshe.+
19 Batho ba tswang botlamuweng ba ile ba keteka Paseka ka letsatsi la bo14 la kgwedi ya pele.+ 20 Baprista le Balevi kaofela ba ne ba itlhwekisitse+ mme kaofela ba ne ba hlwekile. Ba ile ba hlaba phoofolo ya sehlabelo sa Paseka bakeng sa bohle ba tswang botlamuweng, bakeng sa bapristammoho le bona le bakeng sa bona. 21 Jwale Baiseraele ba neng ba kgutlile botlamuweng ba e ja ha mmoho le bohle ba neng ba ena le bona mme ba tlohetse mekgwa e sa hlwekang ya ditjhaba tsa naha e le hore ba rapele* Jehova Modimo wa Iseraele.+ 22 Hape ba ile ba keteka Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso+ ka matsatsi a supileng ba thabile etswe Jehova o ne a entse hore ba thabe le hore morena wa Asiria a ba rate+ hoo a ileng a ba tshehetsa* mosebetsing wa ntlo ya Modimo wa nnete, Modimo wa Iseraele.
7 Ka mora dintho tsena, nakong ya puso ya Morena Artaseksese+ wa Persia, Esdrase*+ a kgutla. E ne e le mora wa Seraia,+ mora wa Azaria, mora wa Hilkia,+ 2 mora wa Shalume, mora wa Tsadoke, mora wa Akitube, 3 mora wa Amaria, mora wa Azaria,+ mora wa Merajothe, 4 mora wa Zerahia, mora wa Uzi, mora wa Buki, 5 mora wa Abishua, mora wa Finease,+ mora wa Eleazare,+ mora wa moprista e moholo Arone.+ 6 Esdrase enwa ke yena ya ileng a nyoloha a tswa Babilona. E ne e le mokopitsi* ya tsebang* Molao wa Moshe,+ oo Jehova Modimo wa Iseraele a neng a fane ka wona. Morena o ile a mo fa sohle seo a se kopang hobane Jehova Modimo wa hae o ne a ena le yena.
7 Baiseraele ba bang, baprista, Balevi,+ dibini,+ balebedi ba dikeiti+ le basebeletsi ba tempeleng,*+ ba nyolohela Jerusalema ka selemo sa bosupa sa Morena Artaseksese. 8 Yaba Esdrase o tla Jerusalema ka kgwedi ya bohlano, ka selemo sa bosupa sa morena. 9 Ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, a qala ho nka leeto ho tloha Babilona mme a fihla Jerusalema ka letsatsi la pele la kgwedi ya bohlano hobane Modimo wa hae o ne a ena le yena.+ 10 Esdrase o ne a ikemiseditse ka pelong ya hae* hore a bale Molao wa Jehova, a o phethe+ le ho ruta melao le dikahlolo tsa wona Iseraele.+
11 Lena ke lengolo le kopiditsweng leo Morena Artaseksese a ileng a le fa moprista le mokopitsi* Esdrase, eo e neng e le setsebi sa thuto* ya ditaelo le melao ya Jehova e yang ho Iseraele. Le ne le re:
12 * “Artaseksese,+ morena wa marena, ho moprista Esdrase, mokopitsi* wa Molao wa Modimo wa mahodimo: Kgotso e be le wena. 13 Ke laetse hore Baiseraele bohle ba tlasa puso ya ka le baprista ba bona le Balevi ba ka ratang ho ya Jerusalema le wena ba ye+ 14 hobane o rometswe ke morena le baeletsi ba hae ba supileng ho batlisisa hore na batho ba Juda le Jerusalema ba ntse ba latela Molao wa Modimo wa hao oo o o tshwereng* 15 le hore o nke silevera le kgauta eo morena le baeletsi ba hae ba ithaopetseng ho efa Modimo wa Iseraele ya dulang Jerusalema 16 ha mmoho le silevera yohle le kgauta eo o e fumanang diprofinseng tsohle tsa Babilona, le mpho eo setjhaba le baprista ba ithaopelang ho fana ka yona ntlong ya Modimo wa bona e Jerusalema.+ 17 Ka potlako o lokela ho reka dipoho,+ diramo+ le dikonyana+ ka tjhelete ena ha mmoho le dinyehelo tsa tsona tsa dijo tse kotutsweng+ le dinyehelo tsa tsona tsa dino+ mme o di hlahise Jerusalema hodima aletare ya ntlo ya Modimo wa lona.
18 Wena le bana beno le ka etsa eng kapa eng e bonahalang e le molemo ho lona ka silevera le kgauta e setseng ho ya ka thato ya Modimo wa lona. 19 Dijana tsohle tseo o di fuwang bakeng sa tshebeletso ya ntlo ya Modimo wa hao, o di hlahise ka pela Modimo Jerusalema.+ 20 Dintho tse ding kaofela tse hlokahalang tsa ntlo ya Modimo wa hao tseo o lokelang ho fana ka tsona, o di reke ka tjhelete e tswang matlotlong a morena.+
21 Nna Morena Artaseksese, ke laetse batho bohle ba tshwarang matlotlo ba sebaka se ka Nqane ho Noka* hore ntho e nngwe le e nngwe eo moprista Esdrase,+ mokopitsi* wa Molao wa Modimo wa mahodimo a e kopang ho lona a e fuwe ka potlako. 22 Le ha e ka ba silevera e etsang dikhilokramo tse 3 420,* dilithara tse 22 000* tsa koro, dilithara tse 2 200* tsa veine,+ dilithara tse 2 200* tsa oli+ le letswai+ le lengata. 23 Sohle seo Modimo wa mahodimo a se laetseng se ke se etswe ka mafolofolo bakeng sa ntlo ya Modimo wa mahodimo+ e le hore Modimo a se ke a halefela puso ya morena le bara ba hae.+ 24 Le boetse le tsebiswa hore ha le a dumellwa ho batla lekgetho ho hang+ kapa tjhelete ya ho sebedisa tsela ho baprista le ho Balevi, ho dibini+ le batho ba bapalang diletsa, ho balebedi ba menyako, ho basebeletsi ba tempeleng,*+ le ho basebetsi ba ntlo ena ya Modimo.
25 Wena Esdrase, kgetha bommaseterata le baahlodi hore ba ahlole batho bohle ba sebaka se ka Nqane ho Noka, bohle ba tsebang melao ya Modimo wa hao, o sebedisa bohlale boo o bo fuweng ke Modimo wa hao.* Hape, motho e mong le e mong ya sa tsebeng melao ena o mo rute yona.+ 26 Motho e mong le e mong ya sa lateleng Molao wa Modimo wa hao le molao wa morena, a ahlolwe ka potlako ebang o ahlolelwa lefu, o a lelekwa, o a patadiswa kapa o kwallwa teronkong.”
27 E se eka Jehova Modimo wa baholoholo ba rona a ka roriswa, ya ileng a susumetsa morena hore a kgabise ntlo ya Jehova e Jerusalema.+ 28 O ile a mpontsha lerato* ka pela morena+ le baeletsi ba hae+ le dikgosana tsohle tse matla tsa morena. Ka hoo, ke ile ka ba sebete* hobane Jehova Modimo wa ka o ne a ena le nna mme ho tswa Iseraele ka bokella banna ba etellang pele* hore ba nyolohe le nna.
8 Jwale bana e ne e le dihlooho tsa malapa le ba ngodisitsweng ka maloko ba ileng ba nyoloha le nna ho tswa Babilona nakong ya puso ya Morena Artaseksese:+ 2 Ho bara ba Finease+ e ne e le Gershome, ho bara ba Ithamare+ e le Daniele, ho bara ba Davida e le Hatushe, 3 ho bara ba Shekania, ho bara ba Paroshe e le Zakaria mme o ne a ena le ba ngodisitsweng ba batona ba 150. 4 Ho bara ba Pahathe-moabe+ e le Elieho-enai mora wa Zerahia mme o ne a ena le ba batona ba 200, 5 ho bara ba Zatu+ e le Shekania mora wa Jahaziele mme o ne a ena le ba batona ba 300, 6 ho bara ba Adine+ e le Ebede mora wa Jonathane mme o ne a ena le ba batona ba 50, 7 ho bara ba Elame+ e le Jeshaia mora wa Athalia mme o ne a ena le ba batona ba 70, 8 ho bara ba Shefatia+ e le Zebadia mora wa Mikaele mme o ne a ena le ba batona ba 80, 9 ho bara ba Joabe e le Obadia mora wa Jehiele mme o ne a ena le ba batona ba 218, 10 ho bara ba Bani e le Shelomithe mora wa Josifia mme o ne a ena le ba batona ba 160, 11 ho bara ba Bebai+ e le Zakaria mora wa Bebai mme o ne a ena le ba batona ba 28, 12 ho bara ba Azgade+ e le Johanane mora wa Hakatane mme o ne a ena le ba batona ba 110, 13 ho bara ba Adonikame,+ bao e neng e le ba ho qetela, e ne e le Elifelete, Jeiele le Shemaia mme ba ne ba ena le ba batona ba 60, 14 ho bara ba Bigvai+ e le Uthai le Zabbude mme ba ne ba ena le ba batona ba 70.
15 Ka ba bokella nokeng e yang Ahava,+ ra dula ditenteng moo ka matsatsi a mararo. Empa ha ke hlahloba batho le baprista ka fumana ho se le ya mong wa Balevi moo. 16 Ka hoo, ka romeletsa hore ho bitswe Eliezere, Ariele, Shemaia, Elnathane, Jaribe, Elnathane, Nathane, Zakaria le Meshulame bao e neng e le banna ba etellang pele le hore ho bitswe Jojaribe le Elnathane bao e neng e le barupedi. 17 Jwale ka ba laela hore ba ye ho Ido moetapele wa sebaka se bitswang Kasifia. Ke ile ka re ba bolelle Ido le bana babo, basebeletsi ba tempeleng* ba neng ba le Kasifia hore ba re tlisetse basebeletsi bakeng sa ntlo ya Modimo wa rona. 18 Ka ha Modimo wa rona ya molemo o ne a ena le rona, ba tlisa monna ya bohlale ho tswa ho bara ba Maheli+ setloholo sa Levi mora wa Iseraele e leng Sherebia+ le bara ba hae le bana babo mme e ne e le banna ba 18 19 le Hashabia mme o ne a ena le Jeshaia ya tswang ho Bamerari+ le bana babo le bara ba bona, e le banna ba 20. 20 Ho ne ho ena le basebeletsi ba tempeleng* ba 220 bao Davida le dikgosana ba neng ba fane ka bona hore ba sebeletse Balevi mme mabitso a bona kaofela a ne a ngotswe bukeng.
21 Ka phatlalatsa hore ho itingwe dijo moo nokeng ya Ahava hore re ikokobetse ka pela Modimo wa rona le ho kopa hore a re tataise leetong la rona le hore a re sireletse le bana ba rona ha mmoho le thepa yohle ya rona. 22 Ke ile ka swabela ho kopa morena hore a mphe masole le bapalami ba dipere hore ba re sireletse kgahlanong le dira tseleng hobane re ne re itse ho morena: “Modimo wa rona o na le bohle ba mo batlang*+ empa bohle ba mo furallang o ba halefela ka matla.”+ 23 Ka hoo, ra itima dijo yaba re kopa Modimo ka tiyo hore a re thuse mabapi le taba ena mme o ile a re mamela.+
24 Jwale ka kgetha baokamedi ba baprista ba 12 e leng Sherebia le Hashabia+ ha mmoho le bana ba bo bona ba leshome. 25 Yaba ke ba bekgela silevera le kgauta ha mmoho le dintho tse sebediswang tempeleng e leng nyehelo eo morena, baeletsi ba hae, dikgosana tsa hae le Baiseraele bohle ba neng ba le moo ba ileng ba fana ka yona ntlong ya Modimo wa rona.+ 26 Ka mora ho di bekga ka ba fa silevera e ka etsang boima ba dikhilokramo tse 22 230,* dintho tse sebediswang tempeleng tsa silevera tse 100 tse ka rekwang ka boima ba dikhilokramo tse ka bang 68,* kgauta ya boima ba dikhilokramo tse 3 420,* 27 dikotlolo tse nyenyane tsa kgauta tse 20 tse ka rekwang ka didarike* tse 1 000 le disebediswa tse pedi tsa koporo e ntle, e bofubedu bo benyang le e bohlokwa jwalo ka kgauta.
28 Ka re ho bona: “Le a halalela ho Jehova+ le dintho tse sebediswang tempeleng di a halalela mme silevera le kgauta ke dintho tse fanweng ka ho rata ho Jehova Modimo wa baholoholo ba lona. 29 Le di hlokomele ho fihlela le di bekga sekaleng Jerusalema ka pela baokamedi ba baprista, Balevi le dikgosana tsa malapa a Iseraele+ ka diholong* tsa ntlo ya Jehova.” 30 Baprista le Balevi ba nka silevera le kgauta le dintho tse sebediswang tempeleng tseo ba neng ba di bekgetswe e le hore ba di tlise Jerusalema ntlong ya Modimo wa rona.
31 Qetellong ra tloha nokeng ya Ahava+ ka letsatsi la bo12 la kgwedi ya pele+ ra ya Jerusalema. Modimo wa rona o ne a ena le rona mme a re lopolla letsohong la sera le ho ba re laletseng tseleng hore ba re ntshe kotsi. 32 Ka hoo, ra fihla Jerusalema+ mme ra dula moo matsatsi a mararo. 33 Ka letsatsi la bone, ra bekga silevera le kgauta ha mmoho le dintho tse sebediswang ka tlung ya Modimo wa rona.+ Re ile ra di fa Meremothe+ mora wa moprista Uria. O ne a ena le Eleazare mora wa Finease ha mmoho le Balevi e leng Jozabade+ mora wa Jeshua le Noadia mora wa Binui.+ 34 Ntho e nngwe le e nngwe e ile ya balwa le ho bekgwa sekaleng mme boima bohle bo ile ba ngolwa fatshe. 35 Ba tswang botlamuweng ba ile ba fa Modimo wa Iseraele mahlabelo a setjheso e leng dipoho tse 12+ bakeng sa Baiseraele bohle, diramo tse 96+ le dikonyana tse tona tse 77 mme diphooko* tse 12+ e le nyehelo ya sebe. Tsena tsohle e ne e le nyehelo ya setjheso ho Jehova.+
36 Jwale ra fa matona a ka sehloohong* a diprofinse a morena+ le matona a sebaka se ka Nqane ho Noka*+ ditaelo tsa morena yaba a thusa batho mme a fana ka se hlokahalang bakeng sa ntlo ya Modimo wa nnete.+
9 Hang ha dintho tsena di se di entswe, dikgosana tsa tla ho nna tsa re: “Batho ba Iseraele le baprista le Balevi ha ba a ikarola ho ditjhaba tsa dinaha tsena le ho mekgwa ya tsona e nyonyehang+ e leng ya Bakanana, Bahethe, Bapereze, Bajebuse, Baamone, Bamoabe, Baegepeta+ le Baamore.+ 2 Ba nkile ba bang ba baradi ba bona hore e be basadi ba bona mme ba ba nkela le bara ba bona.+ Jwale bona e leng ditloholo* tse halalelang,+ ba tswakane le batho ba dinaha tsena.+ Dikgosana le batlatsi ba babusi ke bona ba tlolang molao le ba sa tshepahaleng ho feta batho ba bang kaofela.”
3 Hang ha ke utlwa taba ena, ka tabola diaparo tsa ka yaba ke hlotha moriri o mong wa hlooho ya ka le ditedu mme ka dula fatshe ke tshohile. 4 Ha ke ntse ke dutse ke tshohile ho fihlela mantsiboya ha ho etswa nyehelo ya dijo,*+ batho bohle ba hlomphang* mantswe a Modimo wa Iseraele ba bokana pela ka hobane ba ne ba tshwenngwa ke dibe tsa batho ba isitsweng botlamuweng.
5 Mantsiboya ha ho etswa nyehelo ya dijo,*+ ka phahama moo ke neng ke dutse teng ke utlwile bohloko, ke apere diaparo tsa ka tse tabohileng yaba ke kgumama ka mangole mme ke otlollela matsoho a ka ho Jehova Modimo wa ka. 6 Ka re: “Modimo wa ka, ke ikutlwa ke hlajwa ke dihlong ebile ke swabela le ho o rapela hobane diphoso tsa rona di ngata haholo mme melato ya rona e fihla mahodimong.+ 7 Ho tloha matsatsing a baholoholo ba rona ho fihlela letsatsing lena re entse diphoso tse ngata+ mme ka ha re o foseditse, ho fanwe ka rona le marena a rona le baprista ba rona matsohong a marena a dinaha hore ba re bolaye ka sabole,+ ba re ise botlamuweng,+ ba re utswetse+ le hore ba re tlotlolle feela jwalo ka letsatsing lena.+ 8 Empa hona jwale Jehova Modimo wa rona o re qenehetse ka nakwana, ka ho dumella ba setseng hore ba phonyohe le ka ho re fa boemo bo sireletsehileng sebakeng sa hae se halalelang,+ ho etsa hore mahlo a rona a kganye Modimo wa rona le ho re imolla hanyenyane bokgobeng ba rona. 9 Le hoja re le makgoba,+ Modimo wa rona ha a re tlohela bokgobeng ba rona empa o re bontshitse lerato* la hae ka pela marena a Persia+ ho re imolla e le hore re ka haha ntlo ya Modimo wa rona botjha+ le ho lokisa dibaka tsa yona tse senyehileng, a ba a re sireletsa* Juda le Jerusalema.
10 Empa Modimo wa rona, re tla reng ka mora see? Hobane jwale ha re a mamela ditaelo tsa hao 11 tseo o re fileng tsona o sebedisa bahlanka ba hao ba baprofeta wa re: ‘Naha eo le kenang ho yona hore e be ya lona ke naha e ditshila hobane batho ba dulang ho yona ha ba a hlweka ka lebaka la mekgwa ya bona e nyonyehang. Ba tlatsitse naha eo ka ditshila tsa bona ho tloha moo e qalang ho fihlela moo e fellang teng.+ 12 Ka hoo, le se ke la dumella baradi ba lona hore ba nyalwe ke bara ba bona kapa la dumella bara ba lona hore ba nyale baradi ba bona+ mme le ka mohla le se ke la etsa ntho le ha e le efe e tla etsa hore ba be le kgotso kapa ba atlehe+ e le hore le tle le be matla mme le je dijo tse ntle tsa naha mme le fetisetse naha eo ho bara ba lona e le lefa la bona ka ho sa feleng.’ 13 Ka mora dintho tsohle tse re hlahetseng ka lebaka la diketso tsa rona tse mpe le dibe tsa rona tse ngata le ha wena Modimo wa rona o re file kotlo e nyenyane ho latela boholo ba diphoso tsa rona+ ebile o dumelletse rona ba mona hore re phonyohe,+ 14 na re tla tlola ditaelo tsa hao hape mme re nyallane le batho ba ditjhaba tse etsang dintho tsee tse nyonyehang?+ Na o ke ke wa re halefela hoo o tla re fedisa, o sa siye le ha e le motho a le mong kapa mophonyohi? 15 Jehova Modimo wa Iseraele, o lokile+ hobane ke rona bana re phonyohile ebile re ba setseng ho fihlela letsatsing lena. Ke rona bana ka pela hao re le molato etswe re hloleha ho ema ka pela hao ka lebaka la molato ona.”+
10 Ha Esdrase a ntse a rapela+ mme a bolela dibe tsa setjhaba sa habo, a bile a lla mme a kgumame ka pela ntlo ya Modimo wa nnete, sehlopha se seholo sa Iseraele sa banna, basadi le bana sa mo bokanela mme batho ba lla haholo. 2 Jwale Shekania mora wa Jehiele+ wa bara ba Elame+ a re ho Esdrase: “Ha re a tshepahalla Modimo wa rona ka hore ebe re nyetse* basadi bao eseng Baiseraele ba tswang ditjhabeng tse re potolohileng.+ Le ha ho le jwalo, ho ntse ho ena le tshepo bakeng sa Iseraele. 3 A re etseng selekane le Modimo+ wa rona, sa ho leleka basadi bohle le bana ba bona ho ya ka taelo ya Jehova le ya batho bohle ba hlomphang* taelo ya Modimo wa rona.+ A re lateleng Molao. 4 Ema hobane taba ena ke boikarabelo ba hao mme re na le wena. Eba matla mme o etse seo o lokelang ho se etsa.”
5 Yaba Esdrase o a ema mme o etsa hore baokamedi ba baprista, Balevi le Baiseraele bohle ba ikane hore ba tla etsa ho ya ka se boletsweng.+ Ka hoo ba ikana. 6 Jwale Esdrase a ema yaba o tloha ka pela ntlo ya Modimo wa nnete, a ya holong* ya Johanane mora wa Eliashibe. Le hoja a ile a ya moo, ha a ka a ja dijo kapa hona ho nwa metsi hobane o ne a utlwile bohloko ka lebaka la ho se tshepahale ha batho ba tswang botlamuweng.+
7 Ba phatlalatsa motseng wohle wa Juda le Jerusalema hore batho bohle ba neng ba tswa botlamuweng ba lokela ho kopana Jerusalema 8 ho ya ka qeto ya dikgosana le baholo. Mang kapa mang ya tla tla ka mora matsatsi a mararo, o tla nkelwa* dintho tsohle tsa hae mme a lelekwe phuthehong ya batho ba tswang botlamuweng.+ 9 Ka hoo, banna bohle ba leloko la Juda le la Benjamine ba kopana Jerusalema pele ho feta matsatsi a mararo, ka letsatsi la bo20 kgweding ya borobong. Batho bohle ba ne ba dutse lebaleng la ntlo ya Modimo wa nnete, ba thothomela ka lebaka la taba ena le ka lebaka la dipula tse matla.
10 Yaba moprista Esdrase o a ema mme o re ho bona: “Ha le a tshepahalla Modimo ka ho nyala basadi bao eseng Baiseraele+ mme le ekeditse diphoso tsa Iseraele. 11 Bolellang Jehova Modimo wa baholoholo ba lona dibe tsa lona mme le etse thato ya hae. Ikaroleng ho batho ba dinaha tse ding le ho basadi bana bao eseng Baiseraele.”+ 12 Yaba phutheho yohle e araba ka lentswe le phahameng e re: “Re tla etsa sohle seo o reng re se etse. 13 Le ha ho le jwalo, ho na le batho ba bangata ebile ke nako ya dipula. Re ke ke ra kgona ho ema ka ntle hape taba ena e ke ke ya nka letsatsi le le leng kapa a mabedi feela hobane re foseditse Modimo haholo. 14 Ka hoo, re kopa hore dikgosana tsa rona di emele phutheho yohle+ mme bohle ba metseng ya rona ba nyetseng basadi bao eseng Baiseraele ba tle ka nako eo ba e behetsweng. Ba tle le baholo le baahlodi ba motse o mong le o mong ho fihlela Modimo wa rona a se a kgaoditse ho re halefela ka taba ena.”
15 Le ha ho le jwalo, Jonathane mora wa Asahele le Jazeia mora wa Tikva ha ba a ka ba dumellana le taba ena. Balevi e leng Meshulame le Shabthai+ le bona ha ba a ka ba dumellana le yona. 16 Empa ba neng ba tswa botlamuweng ba etsa seo ho neng ho dumellanwe ka sona. Yaba moprista Esdrase le dihlooho tsa malapa e leng bohle ba neng ba bitsitswe ka mabitso, ba hlophisa ho kopana e le bona feela ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome hore ba hlahlobe taba ena. 17 Ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, ba ile ba qeta ho rarolla mathata a banna bohle ba neng ba nyalane le basadi bao eseng Baiseraele. 18 Ho ile ha fumanwa hore ba bang ba bara ba baprista ba ne ba nyalane le basadi bao eseng Baiseraele.+ Ho bara ba Jeshua+ mora wa Jozadake le bana babo e ne e le Maseia, Eliezere, Jaribe le Gedalia. 19 Empa ba ile ba tshepisa* hore ba tla leleka basadi ba bona mme ka ha ba ne ba le molato, ba ne ba tla fana ka ramo e tswang mohlapeng bakeng sa phoso ya bona.+
20 Ho bara ba Imere,+ e ne e le Hanani le Zebadia. 21 Ho bara ba Harime+ e le Maseia, Elia, Shemaia, Jehiele le Uzia. 22 Ho bara ba Pashkure+ e le Elioenai, Maseia, Ishmaele, Nethaniele, Jozabade le Eleasa. 23 Ho Balevi e ne e le Jozabade, Shimei, Kelaia (e leng Kelita), Pethahia, Juda le Eliezere. 24 Ho dibini e le Eliashibe mme ho balebedi ba dikeiti e le Shalume, Teleme le Uri.
25 Ho Iseraele, ho bara ba Paroshe+ e ne e le Ramia, Izia, Malkija, Mijamine, Eleazare, Malkija le Benaia. 26 Ho bara ba Elame+ e le Matania, Zakaria, Jehiele,+ Abdi, Jeremothe le Elia. 27 Ho bara ba Zatu+ e le Elioenai, Eliashibe, Matania, Jeremothe, Zabade le Aziza. 28 Ho bara ba Bebai+ e le Johanane, Hanania, Zabai le Athlai. 29 Ho bara ba Bani e le Meshulame, Maluke, Adaia, Jashube, Sheale le Jeremothe. 30 Ho bara ba Pahathe-moabe+ e le Adna, Kelale, Benaia, Maseia, Matania, Bezalele, Binui le Manase. 31 Ho bara ba Harime+ e le Eliezere, Ishija, Malkija,+ Shemaia, Shimeone, 32 Benjamine, Maluke le Shemaria. 33 Ho bara ba Hashume+ e le Matenai, Matata, Zabade, Elifelete, Jeremai, Manase le Shimei. 34 Ho bara ba Bani e le Maadai, Amrame, Uele, 35 Benaia, Bedeia, Keluhi, 36 Vania, Meremothe, Eliashibe, 37 Matania, Matenai le Jasu. 38 Ho bara ba Binui e le Shimei, 39 Shelemia, Nathane, Adaia, 40 Maknadebai, Shashai, Sharai, 41 Azarele, Shelemia, Shemaria, 42 Shalume, Amaria le Josefa 43 mme ho bara ba Nebo e le Jeiele, Matithia, Zabade, Zebina, Jadai, Joele le Benaia. 44 Banna bana bohle ba ne ba nyalane le basadi bao eseng Baiseraele+ mme ba ile ba leleka basadi ba bona ha mmoho le bana ba bona.+
Kapa mohlomong: “ya leng Jerusalema.”
Ka Seheberu: “ba matlafatsa matsoho a bona ka.”
Kapa: “setereke.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanweng ka bona.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanweng ka bona.”
Kapa: “ba ile ba thibelwa bopristeng ba nkwa e le ba sa hlwekang.”
Kapa: “Tirshatha” e leng lebitso leo matona a diprofinse tsa Persia a neng a bitswa ka lona.
Kapa: “hore e emiswe.”
Hangata e ne e lekanngwa le darike ya Persia ya kgauta e neng e le boima ba dikramo tse 8,4. Ha se drakema eo ho buuwang ka yona Mangolong a Segerike. Sheba Ntlha ya B14.
Mina Mangolong a Seheberu e lekana le dikramo tse 570. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanweng ka bona.”
Ka Seheberu: “Iseraele yohle.”
Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “re batla.”
Ka Seheberu: “fokodisa matsoho a.”
Kapa mohlomong: “e ne e ngotswe ka Searame yaba e a fetolelwa.”
Qalong Esd 4:8 ho ya ho 6:8 e ne e ngotswe ka Searame.
Kapa: “ka Nqane ho Eufrate.”
Kapa: “re fumana moputso wa rona ntlong ya morena.”
Kapa: “ditereke.”
Kapa mohlomong: “e ile ya fetolelwa yaba e a balwa.”
Kapa: “ka Nqane ho Eufrate.”
Kapa: “dibalaka tsee.”
Ka Searame: “Leihlo la Modimo wa bona le ne le le hodima.”
Kapa: “seterekeng.”
Kapa: “dibalaka tsee.”
Ka Searame: “ntlong ya ditlaleho.”
Kapa: “seterekeng.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 60.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “ka Nqane ho Eufrate.”
Kapa: “mme a kgokgothelwe ho yona.”
Kapa mohlomong: “moo ho lahlelwang matlakala kapa qubu ya bolokwe.”
Sheba Ntlha ya B15.
Kapa: “dipodi tse tona.”
Ka Seheberu: “ba batle.”
Ka Seheberu: “a matlafatsa matsoho a bona.”
E bolelang “Thuso.”
Kapa: “mongodi.”
Kapa: “E ne e le mokopitsi ya nang le bokgoni wa.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanweng ka bona.”
Kapa: “o ne a lokisitse pelo ya hae.”
Kapa: “mongodi.”
Kapa: “mongodi wa mantswe.”
Qalong Esd 7:12 ho ya ho 7:26 e ne e ngotswe ka Searame.
Kapa: “mongodi.”
Ka Searame: “o letsohong la hao.”
Kapa: “ka Nqane ho Eufrate.”
Kapa: “mongodi.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 100.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dikore tse 100.” Kore e lekana le dilithara tse 220. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dibate tse 100.” Bate e lekana le dilithara tse 22. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dibate tse 100.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Searame: “Bao ho fanweng ka bona.”
Ka Searame: “ho ya ka bohlale ba Modimo wa hao bo letsohong la hao.”
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ka imatlafatsa.”
Ka Seheberu: “dihlooho.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanweng ka bona.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanweng ka bona.”
Kapa: “Letsoho la Modimo wa rona le hodima bohle ba mo batlang.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 650.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ditalenta tse pedi.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 100.”
Darike ke tjhelete ya tshepe ya kgauta ya Persia. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “diholong tsa ho jela.”
Kapa: “dipodi tse tona.”
Tlotla ena e bolela “batho ba sireletsang mmuso,” mona e sebedisitswe ho matona a diprofinse tse Pusong ya Persia.
Kapa: “ka Nqane ho Eufrate.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “bohle ba neng ba thothomella.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “a re fa lerako la majwe.”
Kapa: “ka ho kenya basadi bao eseng Baiseraele ka matlung a rona.”
Ka Seheberu: “bohle ba neng ba thothomella.”
Kapa: “holong ya ho jela.”
Kapa: “thibelwa ho sebedisa.”
Ka Seheberu: “ba ile ba fana ka matsoho a bona.”