LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • nwt Zakaria 1:1-14:21
  • Zakaria

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Zakaria
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Zakaria

ZAKARIA

1 Ka kgwedi ya borobedi selemong sa bobedi sa puso ya Dariuse,+ Jehova o ile a bua le moprofeta Zakaria*+ mora wa Berekia mora wa Ido a re: 2 “Nna Jehova, ke ile ka halefela bontate ba lona haholo.+

3 Ere ho setjhaba, ‘Jehova wa mabotho o re: “‘Kgutlelang ho nna,’ ke Jehova wa mabotho ya tjhong, ‘ke tla kgutlela ho lona,’+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.”’

4 ‘Le se ke la tshwana le bontate ba lona, bao baprofeta ba pele ba ileng ba re ho bona: “Jehova wa mabotho o re, ‘Ke kopa le tlohele dintho tse mpe tseo le di etsang le diketso tsa lona tse kgopo.’”’+

‘Empa ha ba a ka ba mmamela ebile ha ba a ka ba utlwa mantswe a ka,’+ ke Jehova ya tjhong.

5 ‘Jwale ba hokae bontate ba lona? Na baprofeta bao ba ntse ba phela? 6 Ke ile ka fa bontate ba lona melao hore ba e mamele, ka romela bahlanka ba ka e leng baprofeta hore ba ba bolelle se tlo etsahala haeba ba sa mamele melao eo. Na dintho tseo tsohle ha di a ka tsa fela tsa ba etsahalla?’+ Ka hoo, ba ile ba kgutlela ho nna mme ba re: ‘Jehova wa mabotho o entse seo a neng a se rerile ka rona ka lebaka la dintho tseo re di entseng.’”+

7 Ka letsatsi la bo24 la kgwedi ya bo11 e leng kgwedi ya Shebate,* selemong sa bobedi sa puso ya Dariuse,+ Jehova a etsa hore* moprofeta Zakaria mora wa Berekia mora wa Ido a bone pono yaba Zakaria o re: 8 “Ke ile ka bona pono bosiu. Ho ne ho ena le monna ya palameng pere e kgubedu a eme a sa sisinyehe hara difate tsa mirte ka hara kgohlo. Ka mora hae ho ne ho ena le dipere tse kgubedu, tse bosootho bo bofubedu le tse tshweu.”

9 Ka re ho lengeloi le neng le bua le nna: “Ke bomang baa morenaka?”

La re: “Ke tla o bontsha hore na ke bomang.”

10 Monna ya neng a eme a sa sisinyehe hara difate tsa mirte a re: “Bana ke bao Jehova a ba rometseng hore ba tsamaye hohle lefatsheng.” 11 Ba re ho lengeloi la Jehova le neng le eme hara difate tsa mirte: “Re tsamaile hohle lefatsheng. Lefatshe lohle le kgutsitse ebile le na le kgotso.”+

12 Lengeloi la Jehova la re: “Jehova wa mabotho, o tla nka nako e kae o sa hauhele Jerusalema le metse ya Juda,+ eo o e halefetseng ka dilemo tsee tse 70?”+

13 Jehova a araba lengeloi le neng le bua le nna ka mosa le ka mantswe a tshedisang. 14 Lengeloi le neng le bua le nna la re ho nna: “Hweletsa o re, ‘Jehova wa mabotho o re: “Ke tla lwanela Jerusalema le Sione. Ke tla di lwanela ka pelo yohle ya ka.+ 15 Ditjhaba tse nahanang hore di sireletsehile ke di halefetse haholo+ hobane ke ne ke halefetse batho ba ka hanyenyane+ empa ditjhaba tseo tsona di ba utlwisitse bohloko haholo.”’+

16 Ka lebaka leo, Jehova o re: ‘“Ke tla hauhela Jerusalema hape+ mme ntlo ya ka e tla hahwa teng.+ Jerusalema e tla lekanngwa ka kgwele e lekanyang,” ke Jehova wa mabotho ya tjhong.’+

17 Hweletsa hape o re, ‘Jehova wa mabotho o re: “Metse ya ka e tla boela e be le dintho tse ngata tse molemo. Jehova o tla tshedisa Sione+ hape a be a kgethe Jerusalema hape.”’”+

18 Ka sheba hodimo yaba ke bona manaka a mane.+ 19 Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna ka re: “Dintho tsee keng?” La re: “Ana ke manaka a qhalakantseng Juda,+ Iseraele+ le Jerusalema.”+

20 Ka mora moo, Jehova a mpontsha batho ba bane ba tsebang mosebetsi wa matsoho. 21 Ka botsa ka re: “Ba tlilo etsang?”

A re: “Ana ke manaka a qhalakantseng Juda hoo ho sa kang ha eba le motho ya kgonang ho phahamisa hlooho ya hae. Bana ba bang ba tla tla ba tlo a tshosa, ba tlo lahlela fatshe manaka a ditjhaba tse ileng tsa phahamisa manaka a tsona ho hlasela naha ya Juda le ho e qhalakanya.”

2 Ka sheba hodimo mme ka bona monna ya tshwereng kgwele e methang.+ 2 Ka mo botsa ka re: “O ya kae?”

A re ho nna: “Ke yo metha Jerusalema hore ke bone bophara le bolelele ba yona.”+

3 Lengeloi le neng le bua le nna la tsamaya yaba lengeloi le leng le a tla ho tla kopana le lona. 4 La re ho lona: “Mathela ho mohlankana yane o re ho yena, ‘“Ka ha ho tla ba le batho le diphoofolo tse ngata Jerusalema,+ batho ba tla dula ho yona+ e le motse o se nang marako. 5 Ke tla ba jwalo ka lebota la mollo le e potapotileng.+ Kganya ya ka e tla tlala motseng oo,” ke Jehova ya tjhong.’”+

6 “Tloong! Potlakang! Balehang naheng ya leboya,”+ ke Jehova ya tjhong.

“Ka ha ke le hasantse hohle lefatsheng,”+ ke Jehova ya tjhong.

7 “Tloong lona batho ba Sione. Balehang, lona ba dulang Babilona.*+ 8 Jehova wa mabotho, eo ka mora hore a tlotliswe a ileng a nthomela ho ditjhaba tse neng di le nkela thepa ya lona,+ o re: ‘Mang kapa mang ya le thetsang o thetsa thaka ya leihlo la ka.*+ 9 Ke tla ba phahamisetsa letsoho ebile makgoba a bona a tla ba nkela thepa.’+ Le tla tseba hore Jehova wa mabotho ke yena ya nthomileng.

10 Jehova o re, “Hweletsang le thabile lona batho ba Sione*+ hobane ke a tla+ mme ke tlo dula le lona.+ 11 Letsatsing leo, ditjhaba tse ngata di tla ba ka lehlakoreng la ka,+ e be batho ba ka. Nna Jehova ke tla dula le lona batho ba Sione.” Le tla tseba hore Jehova wa mabotho o nthometse ho lona. 12 Jehova o tla nka naha ya Juda hore e be lefa la hae sebakeng se halalelang mme o tla kgetha Jerusalema hape.+ 13 Kgutsang ka pela Jehova lona batho bohle hobane o tla a tswa sebakeng seo a dulang ho sona se halalelang ho tla phetha seo a se rerileng.

3 A mpontsha Joshua+ moprista ya phahameng a eme ka pela lengeloi la Jehova mme Satane+ a eme ka letsohong la hae le letona hore a mo hanyetse. 2 Lengeloi la Jehova la re ho Satane: “Satane, e se eka Jehova a ka o kgalemela ka matla.+ E se eka Jehova ya kgethileng Jerusalema+ a ka o kgalemela ka matla. Na Joshua ha se palo* e tukang e tlositsweng mollong?”

3 Joshua o ne a apere diaparo tse ditshila, a eme ka pela lengeloi. 4 Lengeloi la re ho ba emeng ka pela lona, “Mo hlobodiseng diaparo tseo tse ditshila.” Ka mora moo, la re ho yena, “Ke tlositse phoso* ya hao mme o tla apeswa diaparo tse ntle.”*+

5 Ka re: “Ha a rweswe tuku e hlwekileng hloohong.”+ Ba mo rwesa tuku e hlwekileng mme ba mo apesa diaparo. Lengeloi la Jehova le ne le eme haufi. 6 Ka mora moo, lengeloi la Jehova la re ho Joshua: 7 “Jehova wa mabotho o re, ‘Haeba o tla tsamaya ditseleng tsa ka le ho etsa mesebetsi eo ke o fileng yona, o tla ba moahlodi ntlong ya ka+ mme o tla hlokomela* mabala a ka. Ke tla o dumella hore o nkatamele ka bolokolohi jwalo ka bana ba emeng mona.’

8 ‘Moprista ya phahameng Joshua, ke kopa o mamele, wena le baprista ba dulang ka pela hao hobane le pontsho ya se tlo etsahala. Ke tlisa mohlanka wa ka ya+ bitswang Lehlomela.+ 9 Bona lejwe leo ke le behileng ka pela Joshua. Hodima lejwe le leng ho na le mahlo a supileng. Ke fata mongolo hodima lona mme ke tla tlosa molato wa naha eo ka letsatsi le le leng,’ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.+

10 Jehova wa mabotho o re, ‘Letsatsing leo, e mong le e mong wa lona o tla bitsa moahisani wa hae hore a tlo dula ka tlasa sefate sa hae sa morara le sa difeie.’”+

4 Lengeloi le neng le ntse le bua le nna la kgutla mme la ntsosa jwalo ka ha eka ke ne ke robetse. 2 La re ho nna: “O bonang?”

Ka re: “Ke bona sedulwana sa lebone se entsweng ka kgauta,+ hodima sona ho na le sekotlolo le mabone a supileng+ mme mabone ao a hodima sona a na le diphaephe tse supileng. 3 Pela sona ho na le difate tse pedi tsa mohlwaare,+ se seng se ka lehlakoreng le letona la sekotlolo mme se seng se ka lehlakoreng le letshehadi.”

4 Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna ka re: “Dintho tsee di emelang morenaka?” 5 Lengeloi leo la re: “Na ha o tsebe hore na dintho tsee di emelang?”

Ka re: “Ha ke tsebe morenaka.”

6 La re ho nna: “Jehova o re ho Zorobabele: ‘“Dintho tsena tsohle di ke ke tsa etsahala ka lebotho la sesole kapa ka matla a batho+ empa di tla etsahala ka moya wa ka,”+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong. 7 O mang wena thaba e kgolo? Zorobabele+ o tlo etsa hore o be thota feela.+ O tla tlisa lejwe le hodimo hara batho ba ntseng ba hweletsa ba re: “Le letle hakaakang! Le letle hakaakang!”’”

8 Jehova a boela a re ho nna: 9 “Zorobabele o entse motheo wa ntlo ena+ mme ke yena ya tla e qetella.+ Le tla tseba hore Jehova wa mabotho o nthometse ho lona. 10 Ke mang ya kgellang fatshe letsatsi leo ka lona dintho di qadileng di le nyenyane?+ Batho ba tla thaba ha ba bona Zorobabele a tshwere kgwele e methang.* Mahlo ana a supileng a shebileng lefatsheng lohle, ke a Jehova.”+

11 Ka mora moo ka re: “Difate tsee tse pedi tsa mohlwaare tse ka lehlakoreng le letona le le letshehadi la sedulwana sa lebone, di emelang?”+ 12 Ka mo botsa ka lekgetlo la bobedi ka re: “Makala* aa a mabedi a difate tsa mohlwaare a ntshang oli ya kgauta ka diphaephe tsa kgauta tse pedi, a emelang?”

13 La mpotsa la re: “Na ha o tsebe hore na dintho tsee di emelang?”

Ka re: “Ha ke tsebe morenaka.”

14 Yaba le re: “Dintho tsena di emela batlotsuwa ba babedi ba emeng pela Morena wa lefatshe lohle.”+

5 Ka boela ka sheba hodimo mme ka bona moqolo o fofang. 2 Lengeloi la mpotsa la re: “O bonang?”

Ka re: “Ke bona moqolo o fofang, o bolelele ba dimithara tse ka bang robong* le bophara ba dimithara tse ka bang nne le halofo.”

3 La re ho nna: “Ena ke thohako e yang lefatsheng lohle hobane ka lehlakoreng le leng la moqolo oo ho ngotswe batho bohle ba utswang+ empa ba sa fuwa kotlo. Ka lehlakoreng le leng ho ngotswe batho bohle ba etsang dikano+ empa ba sa fuwa kotlo. 4 Jehova wa mabotho o re, ‘Ke o rometse mme o tla kena ntlong ya leshodu le ntlong ya motho ya etsang kano ya leshano ka lebitso la ka. O tla dula ntlong eo, o e fedise o be o fedise mapolanka le majwe a yona.’”

5 Lengeloi le neng le bua le nna la tla ho nna la re: “Ke kopa o shebe hodimo o bone hore na ho tswang.”

6 Ka le botsa ka re: “Ke eng?”

Yaba le re: “Ntho eo e tswang ke nkgo e lekanyang.”* La boela la re: “Ena ke tsela eo batho bohle ba kgopo lefatsheng ba shebahalang ka yona.” 7 Ke ile ka bona sekwahelo se sedikadikwe sa loto se phahamiswa mme ho ne ho ena le mosadi ya dutseng ka hara nkgo eo. 8 La re: “Mosadi enwa o bitswa Bokgopo.” Yaba o mo kgutlisetsa ka hara nkgo e lekanyang. Ka mora moo, a e kwahela ka sekwahelo se boima sa loto.

9 Ka sheba hodimo yaba ke bona ho tla basadi ba babedi, ba fofa moyeng. Ba ne ba ena le mapheo a kang a mokotatsie yaba ba nyollela nkgo eo sepakapakeng. 10 Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna ka re: “Ba isa nkgo eo hokae?”

11 La re: “Ba e isa naheng ya Shinare*+ hore ba yo mo hahela ntlo. Ha e se e lokisitswe, o tla behwa moo sebakeng sa hae se mo loketseng.”

6 Ka sheba hodimo hape yaba ke bona dikariki tsa ntwa tse nne di hlaha pakeng tsa dithaba tse pedi. Dithaba tseo e ne e le tsa koporo. 2 Kariki ya pele e ne e hulwa ke dipere tse kgubedu, ya bobedi e hulwa ke tse ntsho.+ 3 Kariki ya boraro e ne e hulwa ke dipere tse tshweu mme kariki ya bone e hulwa ke tse matheba le tse mebalabala.+

4 Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna ka re: “Dintho tsee di emelang morenaka?”

5 La nkaraba la re: “Di emela dibopuwa tse nne+ tsa lehodimo tse tswang ka mora hore di eme ka pela Morena wa lefatshe lohle.+ 6 Kariki e hulwang ke dipere tse ntsho e ya naheng ya leboya.+ Tse tshweu di ya ka nqane ho lewatle mme tse matheba di ya naheng ya borwa. 7 Tse mebalabala di ne di batla ho tswa di yo tsamaya hohle lefatsheng.” Yaba le re: “Eyang, le tsamaye hohle lefatsheng.” Ka hoo, tsa tsamaya hohle lefatsheng.

8 La mpitsa la re: “Dipere tse yang naheng ya leboya di entse hore Jehova a se ke a halefela naha eo.”*

9 Jehova a boela a bua le nna a re: 10 “Nkela Heldai, Tobija le Jedaia dintho tseo ba tlileng le tsona ho tswa ho batho ba botlamuweng. Letsatsing leo, o ye ntlong ya Josiase mora wa Sofonia le batho bana ba tswang Babilona. 11 O nke silevera le kgauta, o etse korone* mme o e rwese moprista ya phahameng Joshua+ mora wa Jozadake. 12 O re ho yena,

‘Jehova wa mabotho o re: “Monna ya bitswang Lehlomela ke enwa.+ O tla hlaha sebakeng sa hae mme a hahe tempele ya Jehova.+ 13 Ke yena ya tla haha tempele ya Jehova ebile ke yena ya tla hlompheha. O tla dula teroneng ya hae a buse, hape e tla ba moprista.+ O tla etsa mesebetsi eo e mmedi* ka tsela e tla etsa hore ho be le kgotso. 14 Korone* eo e tla dula tempeleng ya Jehova e le sehopotso sa Heleme, Tobija, Jedaia+ le Hene mora wa Sofonia. 15 Batho ba tla tloha hole ba tlo thusa ho haha tempele ya Jehova.” Le tla tseba hore Jehova wa mabotho o nthometse ho lona. Dintho tsena di tla etsahala haeba le ka mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona.’”

7 Ka selemo sa bone sa puso ya Morena Dariuse, Jehova a bua le Zakaria+ ka letsatsi la bone la kgwedi ya borobong e leng kgwedi ya Kisleve.* 2 Batho ba Bethele ba roma Sharezere, Regeme-meleke le banna ba hae hore ba yo kopa Jehova hore a ba hauhele, 3 yaba ba re ho baprista ba ntlo* ya Jehova wa mabotho le ho baprofeta: “Na re lle ka kgwedi ya bohlano+ re be re itime dijo jwalo ka ha re entse ka dilemo tse ngata?”

4 Jehova wa mabotho a boela a bua le nna a re: 5 “Bua le batho bohle naheng le baprista o re, ‘Ha le ne le itima dijo ebile le lla ka kgwedi ya bohlano le ka kgwedi ya bosupa+ ka dilemo tse 70,+ na le ne le hlile le etsetsa nna? 6 Ha le ne le ja ebile le nwa, na le ne le sa etsetse ho ithabisa? 7 Na ha le a lokela ho mamela mantswe a Jehova ao a a buileng a sebedisa baprofeta ba pele,+ ha Jerusalema le metse e haufi le yona e ne e ena le baahi ebile e ena le kgotso le ha Negebe le Shefela di ne di ena le baahi?’”

8 Jehova a boela a bua le nna Zakaria a re: 9 “Jehova wa mabotho o re, ‘Ahlolang ka toka,+ le ratane+ le be le hauhelane. 10 Le se ke la etsetsa mohlolohadi bolotsana kapa kgutsana,*+ moditjhaba+ kapa mofutsana.+ Le se ke la rerelana bokgopo.’+ 11 Empa ba nna ba hana ho mamela,+ ba ba manganga+ mme ba ithiba ditsebe hore ba se ke ba utlwa.+ 12 Ba ile ba etsa hore dipelo tsa bona di be thata jwalo ka taemane*+ mme ba hana ho mamela molao* le mantswe ao Jehova wa mabotho a ileng a a romela ka moya wa hae a sebedisa baprofeta ba pele.+ Ka hoo, Jehova wa mabotho a halefa haholo.”+

13 “Jehova wa mabotho o re, ‘Jwalo ka ha ba ne ba sa mmamele ha ke ba bitsa,+ le nna ke ne ke sa ba mamele ha ba mpitsa.+ 14 Ke ile ka ba hasanyetsa ditjhabeng tsohle tseo ba neng ba sa di tsebe ka moya wa sefefo+ yaba naha e sala e se na baahi, ho se na motho ya fetang kapa ya kgutlang.+ Ba ne ba fetotse naha e ntle ntho e tshosang.’”

8 Jehova wa mabotho a boela a bua le nna a re: 2 “Jehova wa mabotho o re, ‘Ke ikemiseditse ho lwanela Sione,+ ke ikemiseditse ho e lwanela ke halefile haholo.’”

3 “Jehova o re, ‘Ke tla kgutlela Sione+ mme ke dule Jerusalema.+ Jerusalema e tla bitswa motse wa nnete*+ le thaba ya Jehova wa mabotho e tla bitswa thaba e halalelang.’”+

4 “Jehova wa mabotho o re, ‘Bannabaholo le basadibaholo ba tla dula mabaleng a Jerusalema hape, kaofela ba tshwere melamu ya bona hobane ba se ba tsofetse.+ 5 Bashanyana le banana ba tla tlala mabaleng a motse, ba bapalle ho ona.’”+

6 “Jehova wa mabotho o re, ‘Matsatsing ao, le hoja ho batho ba setseng ba setjhaba sena ho ka bonahala eka ho ke ke ha kgoneha, na le ho nna ho tla bonahala eka ho ke ke ha kgoneha?’ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.”

7 “Jehova wa mabotho o re, ‘Ke pholosa batho ba ka dinaheng tse ka botjhabela le tse ka bophirimela.*+ 8 Ke tla ba tlisa Jerusalema mme ba tla dula teng.+ E tla ba batho ba ka mme nna ke tla ba Modimo wa bona+ ya tshepahalang* le ya lokileng.’”

9 “Jehova wa mabotho o re, ‘Le be sebete mme le be matla,+ lona ba utlwang mantswe ana ho tswa ho baprofeta+ e leng mantswe a ileng a buuwa letsatsing leo motheo wa ntlo ya Jehova wa mabotho o neng o behwa hore ho hahwe tempele. 10 Pele ho nako eo, diphoofolo le batho ba ne ba sebetsa empa ba ne ba sa fumane moputso.+ Ho ne ho le kotsi ho tsamaya ka lebaka la dira hobane ke ne ke entse hore batho bohle ba lwantshane.’

11 Jehova wa mabotho o re, ‘Le ha ho le jwalo, batho ba setseng ba setjhaba sena nke ke ka ba tshwara jwalo ka nakong e fetileng.+ 12 Ba tla jala peo ya kgotso. Sefate sa morara se tla hlahisa ditholwana tsa sona, lefatshe le hlahise dijalo+ le mahodimo a fane ka phoka. Ke tla etsa hore batho ba setseng ba setjhaba sena ba fumane dintho tsena tsohle e le lefa la bona.+ 13 Lona batho ba Juda le batho ba Iseraele jwalo ka ha ditjhaba di ne di sebedisa lebitso la lona ha di rohaka ntho e itseng,+ ke tla le pholosa mme di tla sebedisa lebitso la lona ha di hlohonolofatsa ntho e itseng.+ Le se ke la tshoha.+ Le be sebete mme le be matla.’+

14 Jehova wa mabotho o re, ‘“Qalong ke ne ke ikemiseditse ho le tlisetsa tlokotsi hobane baholoholo ba lona ba ne ba nkgalefisitse ebile ke ne ke sa ikwahlaye ka seo,” ke Jehova wa mabotho ya tjhong.+ 15 “Lekgetlong lena ke ikemiseditse ho etsetsa Jerusalema le batho ba Juda dintho tse molemo.+ Le se ke la tshoha.”’+

16 ‘Le lokela ho etsa dintho tsena: Le bolellane nnete.+ Le ahlole ka toka dikeiting tsa lona mme le etse hore ho be le kgotso.+ 17 Le se ke la rerelana bolotsana ka dipelong tsa lona+ le be le tlohele* ho etsa dikano tsa leshano+ hobane dintho tsena tsohle ke di hloile,’+ ke Jehova ya tjhong.”

18 Jehova wa mabotho a boela a bua le nna a re: 19 “Jehova wa mabotho o re, ‘Dinako tsa ho itima dijo tseo le bang le tsona ka kgwedi ya bone,+ ka kgwedi ya bohlano,+ ka kgwedi ya bosupa+ le ka kgwedi ya leshome+ e tla ba dinako tse monate le tsa ho thaba ho batho ba Juda, e tla ba mekete e thabisang.+ Ka hoo le rate nnete le kgotso.’

20 Jehova wa mabotho o re, ‘Ho tla fihla nako eo ka yona batho le baahi ba metse e mengata ba tla tla sebakeng sena. 21 Baahi ba motse o mong ba tla ya ho ba motse o mong ba re: “A re yeng re yo kopa hore Jehova a re hauhele mme re sebeletse Jehova wa mabotho. Le rona re a ya.”+ 22 Batho ba bangata le ditjhaba tse matla di tla tla Jerusalema di tlo sebeletsa Jehova wa mabotho+ le ho tla kopa hore Jehova a di hauhele.’

23 Jehova wa mabotho o re, ‘Matsatsing ao, banna ba leshome ba tswang dipuong tsohle tsa ditjhaba+ ba tla tshwara seaparo* se selelele sa Mojuda,* ba tla etsa bonnete ba hore ba a se tshwara mme ba re: “Re batla ho tsamaya le lona+ hobane re utlwile hore Modimo o na le lona.”’”+

9 Phatlalatso e tswang ho Modimo:

“Ona ke molaetsa wa Jehova o ahlolang naha ya Hadrake

Hape o lebisitswe ho Damaseka+

Hobane Jehova o sheba batho bohle+

Le meloko yohle ya Iseraele

 2 ebile o ahlola le naha e haufi ya Hamathe+ ha mmoho

Le Tire+ le Sidone+ hobane di bohlale haholo.+

 3 Tire e ikahetse lerako* hore e itshireletse.

E bokeletse silevera jwalo ka lerole

Le kgauta jwalo ka matlakala a diterateng.+

 4 Jehova o tla e nkela thepa ya yona,

O tla lahlela masole a yona lewatleng+

Mme e tla tjheswa ke mollo.+

 5 Ashkelone e tla bona seo mme e tshohe.

Gaza e tla utlwa bohloko haholo,

Ekrone le yona e tla utlwa bohloko hobane seo e se tshepileng se hlabisitswe dihlong.

Morena o tla fediswa Gaza

Mme Ashkelone e ke ke ya eba le baahi.+

 6 Moditjhaba* o tla dula Ashdode.

Ke tla etsa hore Mofilista a se ke a hlola a ikgohomosa.+

 7 Ke tla ntsha dintho tse nang le madi molomong wa Mofilista

Le dintho tse nyonyehang pakeng tsa meno a hae

Mme ya salang e tla ba wa Modimo wa rona.

O tla ba jwalo ka moetapele Juda,+

Ekrone a be jwalo ka Mojebuse.+

 8 Ke tla ema* ka ntle ho ntlo ya ka+

Hore ke e lebele e le hore ho se ke ha eba le ya kenang kapa ya tswang.

Ha ho na mohatelli* ya tla feta moo hape+

Hobane jwale ke bone se etsahalang* ka mahlo a ka.

 9 Thaba haholo wena moradi wa Sione.

Hweletsa o thabile hobane o hlotse wena moradi wa Jerusalema.

Morena wa hao o tla ho wena.+

O lokile, o tlo o pholosa,*

O ikokobeditse+ ebile o palame tonki,

O palame petsana* e leng petsana ya tonki e tshehadi.+

10 Ke tla nkela Efraime kariki ya hae ya ntwa,

Ke nkele Jerusalema pere ya hae.

Ho ke ke ha hlola ho eba le seqha sa ntwa.

Morena wa hao o tla phatlalatsa kgotso ditjhabeng.+

O tla busa ho tloha lewatleng le leng ho ya ho le leng

Le ho tloha Nokeng* ho ya dikarolong tse hole tsa lefatshe.+

11 Ha e le wena mosadi,* ke tla ntsha batshwaruwa ba hao ka sekoting se se nang metsi+

Ka lebaka la madi a selekane sa hao.

12 Kgutlelang sebakeng se sireleditsweng ka thata, lona batshwaruwa ba nang le tshepo.+

Kajeno ke a o bolella Sione,

‘Ke tla o fa tlhohonolofatso e imenneng habedi.+

13 Ke tla koba* Juda jwalo ka seqha sa ka,

Ke kenye Efraime seqheng seo jwalo ka ha eka ke motsu.

Sione, ke tla tsosa bara ba hao

Hore ba hlasele bara ba Greece

Ebile ke tla etsa hore o be jwalo ka sabole ya monna ya matla.’

14 Jehova o tla bontsha ka ho hlaka hore o na le batho ba hae.

Motsu wa hae o tla tswa jwalo ka lehadima.

Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o tla letsa lenaka+

Ebile o tla tsamaya ka sefefo sa borwa.

15 Jehova wa mabotho o tla ba lwanela.

Dira di tla ba hlasela ka majwe a letjeketjane empa ba tla di hlola.+

Ba tla nwa, ba be lerata jwalo ka ha eka ba nwa veine.

Ba tla tlala jwalo ka sekotlolo

Le jwalo ka dikhona tsa aletare.+

16 Jehova Modimo wa bona o tla ba pholosa letsatsing leo

Jwalo ka ha modisa a pholosa dinku tsa hae.+

Ba tla ba jwalo ka majwe a bohlokwa a korone a phatsimang hodima mobu wa hae.+

17 Modimo o molemo haholo+

Le botle ba hae bo boholo.

Dijo le veine e ntjha

Di tla etsa hore bahlankana le barwetsana ba be matla.”+

10 “Kopang Jehova hore a le fe pula nakong ya dipula tsa selemo.

Ke Jehova ya etsang maru a sefefo,

Ya nesetsang batho pula+

Le ya fang batho bohle dijalo masimong.

 2 Ditshwantsho tsa terafime* di buile leshano.

Dinohe di bone pono ya leshano.*

Di bua ka ditoro tse se nang thuso

Le dikgothatso tsa tsona ha di na molemo.

Ke ka lebaka leo setjhaba se tla lelera jwalo ka dinku.

Se tla sotleha hobane ha ho na modisa.

 3 Ke halefetse badisa haholo

Ebile ke tla etsa hore baetapele* ba hatellang batho ba bang ba ikarabelle.

Jehova wa mabotho o hopotse mohlape wa hae+ e leng batho ba Juda.

O entse hore ba be jwalo ka pere ya hae e hlomphehang ntweng.

 4 Ho bona ho tswa monna wa bohlokwa.*

Mmusi* o tswa ho bona,

Seqha sa ntwa se tswa ho bona.

Molebedi* e mong le e mong o tswa ho bona, kaofela ba tswa ho bona.

 5 Ba tla ba jwalo ka banna ba matla,

Ba hatakelang seretse sa diterata ntweng.

Ba tla ya ntweng hobane Jehova o na le bona.+

Bapalami ba dipere ba tla hlajwa ke dihlong.+

 6 Ke tla etsa hore batho ba Juda ba be matla

Ebile ke tla pholosa ditloholo tsa Josefa.+

Ke tla ba kgutlisetsa naheng ya bona

Hobane ke tla ba hauhela.+

E tla ba jwalo ka ha eka ha ke a ka ka ba lahla.+

Ke nna Jehova Modimo wa bona mme ke tla ba araba.

 7 Batho ba Efraime ba tla ba jwalo ka monna ya matla,

Ba tla thaba jwalo ka ha eka ba thabiswa ke ho nwa veine.+

Bana ba bona ba tla bona sena mme ba thabe.

Dipelo tsa bona di tla thaba ka lebaka la seo nna Jehova ke se entseng.+

 8 ‘Ke tla ba letsetsa molodi mme ke ba phuthe.

Ke tla ba lopolla+ mme ba tla ba bangata

Ebile ba tla dula ba eketseha.

 9 Le hoja ke ba hasanya jwalo ka peo hara ditjhaba,

Ba tla nkgopola ba le dibakeng tse hole.

Bona le bara ba bona ba tla boela ba be le matla mme ba kgutle.

10 Ke tla ba kgutlisa naheng ya Egepeta

Ebile ke tla ba phutha ho tswa Asiria,+

Ke ba tlise naheng ya Gileade+ le ya Lebanone.

Sebaka seo le sona se ke ke sa ba lekana.+

11 Ke tla feta hara lewatle ka hore ke le sitise

Ebile ke tla otla maqhubu a lona.+

Metsi ohle a Nile a tla psha.

Ke tla kokobetsa Asiria e ikgohomosang.

Matla* a Egepeta a ho busa a tla fela.+

12 Nna Jehova ke tla etsa hore ba be matla.+

Ba tla phela ka tsela e tlotlisang lebitso la ka,’+ ke Jehova ya tjhong.”

11 “Bula mamati a hao, wena Lebanone

E le hore mollo o ka tjhesa difate tsa hao tsa kedare.

 2 Llang lona difate tsa junipere hobane difate tsa kedare di wele.

Difate tse hlomphehang di sentswe.

Llang lona difate tsa ouku* tsa Bashane

Hobane moru o teteaneng o wele.

 3 Utlwang sello sa badisa

Hobane kganya ya bona e fedile.

Utlwang ha ditawana di puruma

Hobane mahlaka a teteaneng a haufi le Jordane a sentswe.

4 Jehova Modimo wa ka o re, ‘Disa mohlape o tlo bolawa,+ 5 oo batho ba o rekang ba o bolayang+ empa ba sa nkwe ba le molato. Ba o rekisang+ ba re, “Jehova a ke a roriswe hobane ke tla ba morui.” Badisa ba wona ha ba o qenehele ho hang.’+

6 Jehova o re, ‘Nke ke ka hlola ke qenehela baahi ba naha ena. Ke tla etsa hore e mong le e mong a hatellwe ke moahisani wa hae le morena wa hae. Ba tla fedisa naha ena mme nke ke ka ba pholosa ho bona.’”

7 Ke ile ka disa mohlape o neng o tlo bolawa, molemong wa lona,+ lona ba utlwileng bohloko hara mohlape. Ka hoo, ka nka melamu e mmedi, o mong ka o bitsa Mohau mme o mong ka o bitsa Kopano+ yaba ke disa mohlape oo. 8 Ka leleka badisa ba bararo ka kgwedi e le nngwe hobane ke ile ka ba fella pelo mme le bona ba ne ba ntlhoile. 9 Ka re: “Nke ke ka dula ke le disitse. Ya shwang a ke a shwe. Ya bolawang a ke a bolawe. Ba setseng ba ke ba harolane.” 10 Ka nka molamu wa ka o bitswang Mohau+ ka o roba e le ha ke roba selekane seo ke se entseng le batho bohle ba ka. 11 Sa robeha letsatsing lona leo. Ba utlwileng bohloko hara mohlape ba neng ba ntjhebile, ba tseba hore ke molaetsa o tswang ho Jehova.

12 Ka re ho bona: “Mpheng moputso wa ka haeba le bona ho etsa jwalo ho le molemo. Empa haeba ho se jwalo, le se ke la mpha wona.” Ba mpatala* moputso wa ka wa dikotwana tse 30 tsa silevera.+

13 Jehova a re ho nna: “Tjhelete eo e nyenyane eo ba bonang e ntshwanetse,+ e lahlele ka hara polokelo ya matlotlo.” Ka nka dikotwana tseo tse 30 tsa silevera yaba ke di lahlela polokelong ya matlotlo ka tlung ya Jehova.+

14 Ka roba molamu wa ka wa bobedi o bitswang Kopano+ e le ha ke fedisa selekane se pakeng tsa Juda le Iseraele.+

15 Jehova a re ho nna: “Nka dintho tse sebediswang ke modisa ya se nang thuso.+ 16 Ke etsa hore ho hlahe modisa naheng ena. A ke ke a hlokomela dinku tse shwang.+ A ke ke a batlana le dikonyana tse lahlehileng kapa a fodisa tse lemetseng+ kapa a fepa tse phetseng hantle. Ho ena le hoo, o tla ja nama ya tse nonneng+ ebile o ntsha ditlhako tsa dinku.+

17 Modisa wa ka ya se nang thuso,+ ya siyang mohlape,+

O tla tlelwa ke ditlamorao tse bohloko.

O tla otlwa ka sabole letsohong le leihlong la hae le letona.

Letsoho la hae le tla omella le leihlo la hae le letona le tla foufala.”*

12 Phatlalatso e tswang ho Modimo:

“Ona ke molaetsa wa Jehova mabapi le Iseraele,” ke Jehova ya tjhong,

Ya otlolotseng mahodimo,+

Ya radileng motheo wa lefatshe+

Le ya etseditseng motho phefumoloho.

2 “Ke etsa hore Jerusalema e be kopi* e etsang hore ditjhaba tsohle tse e potolohileng di thekesele. Motse wa Juda le wa Jerusalema o tla thibellwa.+ 3 Letsatsing leo, ke tla etsa hore Jerusalema e be lejwe le boima ho ditjhaba tsohle. Bohle ba le phahamisang ba tla lemala haholo.+ Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla bokellwa hore di mo hlasele.”+ 4 Jehova o re, “Letsatsing leo, ke tla etsa hore pere e nngwe le e nngwe e tshohe le hore mopalami wa yona a hlanye. Ke tla dula ke shebile batho ba Juda empa ke tla etsa hore pere e nngwe le e nngwe ya dira tsa bona e foufale. 5 Baetapele ba Juda ba tla re ka dipelong tsa bona, ‘Baahi ba Jerusalema ba mpha matla ka lebaka la Jehova wa mabotho Modimo wa bona.’+ 6 Letsatsing leo, ke tla etsa hore baetapele ba Juda ba be jwalo ka mashala a tukang hara patsi le jwalo ka lelakabe la mollo hara mangata a koro.+ Ba tla tjhesa ditjhaba tsohle tse ba potolohileng ka lehlakoreng le letona le ka ho le letshehadi.+ Baahi ba Jerusalema ba tla boela ba dule sebakeng sa bona e leng Jerusalema.+

7 Jehova o tla pholosa ditente tsa Juda pele e le hore botle ba ditloholo* tsa Davida le ba baahi ba Jerusalema bo se ke ba eba boholo haholo ho feta ba Juda. 8 Letsatsing leo, Jehova o tla sireletsa baahi ba Jerusalema.+ Letsatsing leo, ya kgoptjwang* hara bona o tla ba jwalo ka Davida mme ditloholo* tsa Davida di tla ba jwalo ka lengeloi la Jehova le ba tataisang.+ 9 Letsatsing leo, ke tla fedisa ditjhaba tsohle tse hlaselang Jerusalema.+

10 Ke tla tshollela moya wa ka ho ditloholo tsa Davida le ho baahi ba Jerusalema. Ke tla ba amohela mme ba tla nketsetsa thapedi. Ba tla sheba eo ba mo hlabileng+ mme ba mo llele jwalo ka ha eka ba llela mora a le mong feela wa bona. Ba tla utlwa bohloko haholo ka lebaka la hae jwalo ka ha eka ba utlwile bohloko ka lebaka la mora wa bona wa letsibolo. 11 Letsatsing leo, ho tla ba le sello se seholo Jerusalema, se jwalo ka sello sa Hadadrimone Thoteng ya Megido.+ 12 Naha e tla lla, lelapa le leng le le leng le tla lla le le leng. Lelapa la Davida le tla lla le le leng le basadi ba lona ba lle ba le bang. Lelapa la Nathane+ le tla lla le le leng le basadi ba lona ba lle ba le bang. 13 Lelapa la Levi+ le tla lla le le leng le basadi ba lona ba lle ba le bang. Lelapa la Bashimei+ le tla lla le le leng le basadi ba lona ba lle ba le bang. 14 Lelapa le leng le le leng ho malapa ohle a setseng le tla lla le le leng le basadi ba ona ba tla lla ba le bang.

13 “Letsatsing leo, ditloholo tsa Davida le baahi ba Jerusalema ba tla tjhekelwa sediba hore ba hlwekiswe sebeng le diketsong tsa bona tse ditshila.”+

2 Jehova wa mabotho o re, “Letsatsing leo, ke tla tlosa mabitso a ditshwantsho tse rapelwang naheng ena+ mme di ke ke tsa hlola di hopolwa. Ke tla tlosa baprofeta naheng ena+ le ba hlohlelletsang batho hore ba etse dintho tse sa hlwekang. 3 Haeba motho a ka boela a profeta, ntate wa hae le mme wa hae ba mo tswetseng ba tla re ho yena, ‘O tla shwa hobane o buile leshano ka lebitso la Jehova.’ Ntate wa hae le mme wa hae ba mo tswetseng ba tla mo hlaba hobane a ile a profeta.+

4 Letsatsing leo, baprofeta bohle ba tla swabela dipono tsa bona ha ba profeta ebile ba ke ke ba apara diaparo tsa boya tse kgethehileng+ e le hore ba thetse batho. 5 E mong le e mong wa bona o tla re, ‘Nna ha ke moprofeta. Ke molemi feela. Ke ile ka rekwa ke monna e mong ke sa le motjha.’ 6 Ha motho e mong a ka mo botsa a re, ‘Maqeba aa a pakeng tsa mahetla a hao* ke a eng?’ O tla re, ‘Ke ile ka otlwa ka tlung ya metswalle ya ka.’”*

 7 Jehova wa mabotho o re, “Wena sabole, hlasela modisa wa ka,+

O hlasele motho eo ke tlwaelaneng le yena.

Otla modisa,+ dinku* di qhalane.+

Ke tla kgalemela ba nkwang e se ba bohlokwa.”

 8 Jehova o re, “Naheng yohle,

Batho ba bangata ba tla bolawa mme ba fediswe.

Ke ba mmalwa feela ba tla sala ho yona.

 9 Ba setseng, ke tla ba fetisa mollong,

Ke ba hlwekise jwalo ka ha ho hlwekiswa silevera

Ke be ke ba hlahlobe jwalo ka ha ho hlahlojwa kgauta.+

Ba tla bitsa lebitso la ka

Mme ke tla ba araba.

Ke tla re, ‘Ke batho ba ka,’+

Bona ba tla re, ‘Jehova ke Modimo wa rona.’”

14 “Letsatsi la Jehova le a tla mme thepa ya lona eo le e nketsweng* e tla arolwa ka pela lona. 2 Ke tla bokella ditjhaba tsohle hore di lwantshe Jerusalema. Motse o tla haptjwa, ho nkwe thepa ka matlung mme basadi ba betwe. Halofo ya batho ba motse e tla ya botlamuweng empa ba setseng ba ke ke ba tloswa motseng.

3 Jehova o tla lwantsha ditjhaba+ tseo jwalo ka ha a lwana letsatsing la ntwa.+ 4 Letsatsing leo, maoto a hae a tla ema hodima Thaba ya Mehlwaare,+ e shebileng ka botjhabela ho Jerusalema. Thaba eo ya Mehlwaare e tla arolwa ka lehare, ho tloha ka botjhabela ho ya ka bophirimela* mme e tla etsa kgohlo e kgolo haholo. Halofo e nngwe ya thaba e tla ya ka leboya, e nngwe e ye ka borwa. 5 Le tla balehela kgohlong ya dithaba tsa ka hobane kgohlo ya dithaba e tla ba kgolo ho ya fihla Azele. Le tla baleha, jwalo ka ha le ile la baleha ka lebaka la tshisinyeho ya lefatshe mehleng ya Morena Uzia wa Juda.+ Jehova Modimo wa ka o tla tla mme bahalaledi bohle ba tla be ba ena le yena.+

6 Letsatsing leo, ho ke ke ha eba le kganya e phatsimang.+ Dintho di tla be di hatsetse.* 7 E tla ba letsatsi le tsejwang e le la Jehova.+ Ho ke ke ha eba le motshehare kapa bosiu, le mantsiboya ho tla ba le kganya. 8 Letsatsing leo, metsi a phedisang+ a tla phalla a tswa Jerusalema.+ Halofo e nngwe ya ona e tla ya lewatleng le ka botjhabela*+ mme halofo e nngwe e ye lewatleng le ka bophirimela.*+ Sena se tla etsahala hlabula le mariha. 9 Jehova e tla ba Morena wa lefatshe lohle.+ Letsatsing leo, Jehova e tla ba yena feela Modimo ya rapelwang+ ebile ho tla tlotliswa lebitso la hae feela.+

10 Naha yohle e tla ba jwalo ka Araba,+ ho tloha Geba+ ho ya Rimone+ ka borwa ho Jerusalema. Jerusalema e tla phahamiswa sebakeng sa yona mme batho ba tla dula ho yona,+ ho tloha Keiting ya Benjamine+ ho ya fihla sebakeng sa Keiti ya Pele, ho ya fihla Khoneng ya Keiti le ho tloha Toreng ya Hananiele+ ho ya fihla dihatelong tsa veine tsa morena. 11 Batho ba tla dula ho yona. Jerusalema e ke ke ya hlola e rohakwa hore e fediswe+ mme batho ba tla dula ho yona ba sireletsehile.+

12 Bona ke bolwetse boo Jehova a tla otla ditjhaba tsohle tse lwantshang Jerusalema ka bona:+ Nama ya bona e tla bola ba ntse ba eme ka maoto, mahlo a bona a bolle ka hara mekoti ya ona le maleme a bona a bolle ka melomong ya bona.

13 Letsatsing leo, Jehova o tla etsa hore ho be le pherekano e kgolo hara bona. E mong le e mong o tla tshwara letsoho la motswalle wa hae mme ba hlaselane.+ 14 Juda le yona e tla lwana ntweng ya Jerusalema. Maruo a ditjhaba tsohle tse haufi a tla bokellwa ka bongata e leng kgauta, silevera le diaparo.+

15 Bolwetse bo tshwanang le boo bo tla tshwara le dipere, dimmoulo, dikamele, ditonki le diphoofolo tsohle tse ditenteng tsa dira.

16 Bohle ba tla sala ho ditjhaba tsohle tse hlaselang Jerusalema, ba tla nyolohela Jerusalema selemo le selemo+ hore ba yo rapela* Morena e leng Jehova wa mabotho+ le ho keteka Mokete wa Maphephe.*+ 17 Haeba motho le ha e le ofe hara ditjhaba tse lefatsheng a sa nyolohele Jerusalema ho ya rapela Morena e leng Jehova wa mabotho, setjhaba seo se ke ke sa fumana pula.+ 18 Haeba batho ba Egepeta ba sa nyolohe mme ba sa kene motseng, ba ke ke ba fumana pula. Ho ena le hoo, Jehova o tla etsa hore ba tshwarwe ke bolwetse bo tshwanang le boo a otlang ditjhaba tse sa yeng ho ya keteka Mokete wa Maphephe ka bona. 19 Ena ke kotlo ya sebe sa Egepeta le ya sebe sa ditjhaba tsohle tse sa yeng ho ya keteka Mokete wa Maphephe.

20 Letsatsing leo, mantswe a reng, ‘Kgalalelo ke ya Jehova,’+ a tla ngolwa ditlelokong tsa dipere. Dipitsa*+ tse ka tlung ya Jehova di tla halalela jwalo ka dikotlolo+ tse ka pela aletare. 21 Pitsa* e nngwe le e nngwe e Jerusalema le e Juda e tla ba ntho e halalelang ebile e tla ba ya Jehova wa mabotho. Bohle ba etsang mahlabelo ba tla kena mme ba phehe ka tse ding tsa tsona. Letsatsing leo, ho ke ke ha hlola ho eba le Mokanana* ka tlung ya Jehova wa mabotho.”+

E bolelang “Jehova o Hopotse.”

Sheba Ntlha ya B15.

Ka Seheberu: “lentswe la Jehova la tla ho.”

Ka Seheberu: “moradi wa Babilona.”

Kapa: “o thetsa leihlo la ka.”

Ka Seheberu: “moradi wa Sione.”

Kapa: “lefatsa.”

Kapa: “molato.”

Kapa: “tsa maemo.”

Kapa: “okamela; lebela.”

Ka Seheberu: “lejwe, lekotikoti.”

E leng makala a sefate a nang le ditholwana.

Ka Seheberu: “bolelele ba ditswe tse 20 le bophara ba ditswe tse leshome.” Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “efa,” mona ho buuwa ka nkgo kapa baskete e sebedisetswang ho lekanya efa. Efa e lekana le dilithara tse 22. Sheba Ntlha ya B14.

E leng Babilonia.

Ka Seheberu: “hore moya wa Jehova o dule naheng ya leboya.”

Kapa: “korone e kgolo.”

E leng ho ba mmusi le ho ba moprista.

Kapa: “Korone e kgolo.”

Sheba Ntlha ya B15.

Kapa: “tempele.”

Kapa: “ngwana ya se nang ntate.”

Kapa mohlomong: “lejwe le thata,” jwalo ka lejwe la emeri.

Kapa: “taelo.”

Kapa: “o tshepahalang.”

Kapa: “naheng ya botjhabatsatsi le naheng ya bophirimatsatsi.”

Kapa: “wa nnete.”

Kapa: “le se ke la rata.”

Kapa: “mophetho wa seaparo.”

Kapa: “monna wa Mojuda.”

Kapa: “sebaka se sireleditsweng ka thata.”

Kapa: “Mora wa matsheo.”

Kapa: “hloma tente.”

Kapa: “motho ya fanang ka mosebetsi.”

Ho ka etsahala hore ho buuwa ka bohloko ba batho ba hae.

Kapa: “o hlotse.”

Kapa: “tonki e tona.”

E leng ya Eufrate.

E leng Sione kapa Jerusalema.

Ka Seheberu: “hatakela.”

Kapa: “medimo ya ditshwantsho ya ka tlung.”

Kapa: “dintho tse sa tlwaelehang; boselamose.”

Ka Seheberu: “dipodi tse tona.”

Ka Seheberu: “tora e khoneng,” ntho e tshwantshetsang monna wa bohlokwa; kgosana.

Ka Seheberu: “Sepekere,” ntho e tshwantshetsang motho ya tshehetsang.

Kapa: “Motho ya fanang ka mosebetsi.”

Ka Seheberu: “Lere.”

Kapa: “tsa eike.”

Ka Seheberu: “ntekanyetsa.”

Ka Seheberu: “ba lerootho.”

Kapa: “sekotlolo.”

Ka Seheberu: “ntlo.”

Kapa: “ya fokolang.”

Ka Seheberu: “ntlo.”

Ka Seheberu: “pakeng tsa matsoho a hao?” E leng sefubeng kapa ka mokokotlong.

Kapa: “ba nthatang.”

Kapa: “mohlape.”

E leng motse oo ho buuwang ka wona temaneng ya bobedi.

Ka Seheberu: “lewatle.”

Kapa: “hwamme.”

E leng Lewatle le Shweleng.

E leng Lewatle la Mediterranean.

Kapa: “inamela.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “Dipitsa tse kgolo.”

Kapa: “Pitsa e kgolo.”

Kapa mohlomong: “motho ya rekisang.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share