LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • nwt 1 Bakorinthe 1:1-16:24
  • 1 Bakorinthe

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • 1 Bakorinthe
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
1 Bakorinthe

LENGOLO LA PELE LE YANG HO BAKORINTHE

1 Nna Pauluse, ya bitseditsweng ho ba moapostola+ wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke na le ngwanabo rona Sosthene. 2 Re ngolla phutheho ya Modimo e Korinthe+ ha mmoho le bohle ba dumelang* lebitsong la Morena wa rona Kreste Jesu+ ba dibakeng tse fapaneng. Ke Morena wa bona le wa rona. Modimo o le halaleditse e le hore le be barutuwa ba Kreste Jesu+ ebile o le kgethile hore le be bahalaledi.

3 E se eka Modimo Ntate wa rona le Morena Jesu Kreste ba ka ba mosa* ho lona le ho le fa kgotso.

4 Ka mehla ke leboha Modimo hobane a le bontshitse mosa a sebedisa Kreste Jesu 5 hobane ka yena le fuwe ntho e nngwe le e nngwe, ho akareletsa le bokgoni ba ho ruta lentswe la Modimo le ho le tseba hantle.+ 6 Le ile la kgodiseha hore bopaki bo mabapi le Kreste+ ke nnete. 7 Ka lebaka leo, le na le dintho tsohle tseo le di hlokang ha le ntse le emetse hore Morena wa rona Jesu Kreste a bontshe matla a hae.+ 8 Hape Modimo o tla le tiisa ho fihlela qetellong e le hore le se ke la qoswa mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang.+ 9 Modimo ya ileng a le bitsetsa hore le be basebetsimmoho le Mora wa hae Jesu Kreste Morena wa rona, o a tshepahala.+

10 Bana beso, ke a le eletsa ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste hore kaofela ha lona le dumellane ka dintho tseo le di buang. Ho se ke ha eba le dikarohano hara lona+ empa le nahane le ho sheba dintho ka tsela e tshwanang.+ 11 Ba bang lelapeng la Kloe ba mpoleletse hore ha le utlwane. 12 Ba bang ba lona ba re: “Nna ke wa Pauluse,” ba bang ba re: “Nna ke wa Apolose,”+ ba bang ba re: “Nna ke wa Kefase,”* ba bang bona ba re: “Nna ke wa Kreste.” 13 Na Kreste o arotswe dikoto? Na Pauluse ke yena ya ileng a bolaelwa palong bakeng sa lona? Kapa na le ile la kolobetswa ka lebitso la Pauluse? 14 Ke leboha Modimo hore ebe ha ke a ka ka kolobetsa le ya mong wa lona haese Krispase+ le Gaiase+ 15 e le hore ho se ke ha eba le ya mong ya ka reng o ile a kolobetswa ka lebitso la ka. 16 Ke kolobeditse le ba ntlo ya Setefanase.+ Ntle le moo, ha ke hopole eka ho na le e mong eo ke mo kolobeditseng. 17 Kreste ha a ka a nthoma hore ke tsamaye ke kolobetsa batho empa o nthomile hore ke bolele ditaba tse monate,+ le teng eseng ka bokgeleke e le hore lefu la* Kreste le se ke la fetoha ntho e se nang thuso.

18 Molaetsa wa hore Kreste o shwetse palong* ha o na kelello ho batho ba tlo timetswa+ empa ho rona ba ntseng ba pholoswa, molaetsa oo o a bontsha hore Modimo o matla.+ 19 Mangolo a re: “Ke tla etsa hore bohlale ba bahlalefi bo fele mme nke ke ka amohela* menahano ya bona.”+ 20 O kae motho ya bohlale? O kae mongodi?* O kae motho wa lefatshe lee* ya ratang ho ngangisana le ba bang? Na Modimo ha a ka a etsa hore bohlale ba lefatshe lee e be ntho e se nang thuso? 21 Batho ba lefatshe lena ha ba tsebe Modimo+ hobane ba tshepile bohlale ba bona.+ Molaetsa oo re o bolelang ha o na thuso ho batho ba bang+ empa Modimo o entse qeto ya ho sebedisa molaetsa oo e le hore a pholose ba dumelang. Ka lebaka leo, ho ile ha bonahala hore Modimo o bohlale.

22 Bajuda ba batla ho bontshwa mehlolo,+ ha Bagerike bona ba batla ho ba bohlale 23 empa rona re bolella batho ka Kreste ya ileng a bolaelwa palong e leng ntho eo ho leng thata hore Bajuda ba e amohele* le eo baditjhaba ba e nkang e le bohlanya.+ 24 Le ha ho le jwalo, Kreste o bontsha ba bitsitsweng, ebang ke Bajuda kapa Bagerike, hore Modimo o matla ebile o bohlale.+ 25 Batho ba nka dintho tse tswang ho Modimo e le dintho tse se nang thuso le tse fokolang empa dintho tseo di bohlale ebile di matla ho ba feta.+

26 Bana beso, le lona le a bona hore hara batho bao Modimo a ba bitsitseng, ha se ba bangata bao batho ba ba nkang ba le bohlale,+ ha se ba bangata ba leng matla kapa ba tswang malapeng a hlomphehang.+ 27 Modimo o kgethile bao lefatshe le nkang ba se na thuso e le hore a ka swabisa ba bohlale. Hape o kgethile bao lefatshe le nkang ba fokola e le hore a ka swabisa ba matla.+ 28 Modimo o kgethile dintho tsa lefatshe tseo batho ba nkang di se bohlokwa, tseo ba di kgellang fatshe ebile ba sa di nkele hloohong e le hore a ka etsa hore dintho tseo ba nkang di le bohlokwa e be dintho tse se nang thuso.+ 29 O entse jwalo e le hore ho se ke ha eba le motho ya ka ithorisang ka pela hae. 30 Ke ka lebaka la Modimo le leng barutuwa ba Kreste Jesu. Kreste Jesu o bontshitse hore Modimo o bohlale ebile o lokile.+ O entse hore re be batho ba lokileng ka pela Modimo, a etsa hore re halalele+ a ba a re lopolla ka ho re shwela+ 31 e le hore ho ka etsahala feela jwalo ka ha Mangolo a boletse ha a re: “Ya ithorisang a ithorise hobane a tseba Jehova.”*+

2 Ka hoo, ha ke ne ke tlile ho lona ho tla le bolella lekunutu le halalelang+ la Modimo, ha ke a ka ka sebedisa mantswe a thata+ kapa ka leka ho iketsa eka ke bohlale haholo. 2 Ke ile ka etsa qeto ya hore ha ke ena le lona nke ke ka bua ka letho haese ho bua ka Jesu Kreste le hore o ile a bolaelwa palong.+ 3 Ke ile ka tla ho lona ke tshohile, ke ikutlwa ke se na thuso* ebile ke thothomela. 4 Ha ke ne ke bua le lona le ha ke ne ke le ruta ha ke a ka ka sebedisa mantswe a sebediswang ke batho ba bohlale. Ke ile ka sebedisa mantswe a bontshang hore ke thuswa ke matla a moya o halalelang+ 5 e le hore le se ke la tshepa bohlale ba batho empa le tshepe matla a Modimo.

6 Re bua ka bohlale ha re ena le batho ba nang le tumelo e matla+ eseng bohlale ba batho ba lefatshe lena* kapa bohlale ba babusi ba lona ba tlo fediswa.+ 7 Re bua ka bohlale ba Modimo bo patilweng lekunutung le halalelang.+ Modimo o ile a rera bohlale bona esale kgale, pele lefatshe lena le kgopo le eba teng e le hore a ka tlotliswa. 8 Ha ho le ya mong wa babusi ba lefatshe lena* ya ileng a tseba bohlale bona.+ Hoja ba ne ba bo tsebile, ba ka be ba sa ka ba bolaya* Morena wa rona ya hlomphehang. 9 Etswe Mangolo a re: “Ha ho motho ya boneng kapa ya utlwileng ebile ha ho motho ya kileng a nahana dintho tseo Modimo a di lokiseditseng ba mo ratang.”+ 10 Modimo o re senoletse tsona+ a sebedisa moya wa hae+ ka ha moya o senola dintho tsohle esita le dintho tse tebileng tsa Modimo.+

11 Ha ho motho ya ka tsebang menahano ya motho e mong, motho le motho o tseba se ka pelong ya hae. Ka tsela e tshwanang, ha ho motho ya tsebang menahano ya Modimo haese moya o halalelang. 12 Ha re tataiswe ke tsela eo batho ba lefatshe lena ba nahanang ka yona* empa re tataiswa ke moya wa Modimo+ e le hore re ka tseba dintho tseo Modimo a re fileng tsona ka lerato. 13 Dintho tsena re di bua re sebedisa mantswe ao re a rutilweng ke moya wa Modimo+ eseng ao re ithutileng ona ka bohlale ba batho.+ Ka hoo, re hlalosa ditaba tse amanang le Modimo re sebedisa mantswe ao re a rutilweng ke moya wa Modimo.

14 Motho ya tataiswang ke menahano ya hae ha a amohele dintho tsa moya wa Modimo hobane o nka di se na thuso. Ebile a ke ke a di tseba hobane o lokela ho ba le moya wa Modimo e le hore a di hlahlobe. 15 Empa motho ya tataiswang ke moya wa Modimo o hlahloba dintho tsohle.+ Le ha ho le jwalo, yena ha a hlahlojwe ke motho le ha e le ofe. 16 “Ke mang ya ka tsebang menahano ya Jehova* e le hore a ka mo ruta?”+ Rona re nahana jwalo ka Kreste.+

3 Bana beso, ha ke a ka ka kgona ho bua le lona jwalo ka ha ke bua le batho ba tataiswang ke moya wa Modimo.+ Empa ke buile le lona jwalo ka batho ba laolwang ke ditakatso tsa bona, jwalo ka batho ba sa utlwisiseng hantle+ hore na ho ba Mokreste ho bolelang.* 2 Le ne le eso hole, le hona jwale le ntse le eso hole ka ho lekaneng, ke ka lebaka leo ke ileng ka le fa lebese ho ena le ho le fa dijo tse tiileng.+ 3 Le ntse le nahana ka tsela eo batho ba lefatshe lena ba nahanang ka yona+ hobane le ntse le le mona ebile ho na le diqabang hara lona.+ Na ha le nahane le ho itshwara jwalo ka batho ba lefatshe lee? 4 Ha e mong a re: “Nna ke wa Pauluse,” e mong yena a re: “Nna ke wa Apolose,”+ na ha le itshware jwalo ka batho ba lefatshe lee?

5 Hantle Apolose ke mang? Pauluse yena ke mang? Ke basebetsi+ feela ba etsang mosebetsi oo Morena a ba fileng wona, ba le thusitseng hore le be badumedi. 6 Ke ile ka lema,+ Apolose a nosetsa+ empa Modimo a nna a hodisa. 7 E leng hore ya lemang kapa ya nosetsang ha se yena wa bohlokwa empa Modimo ya hodisang ke yena wa bohlokwa.+ 8 Ya lemang le ya nosetsang ba sebetsa mmoho* empa e mong le e mong o tla fumana moputso ho ya ka mosebetsi wa hae.+ 9 Re basebetsimmoho le Modimo. Le tshwana le tshimo eo Modimo a e lemang le mohaho oo a o hahang.+

10 Ka ha Modimo o bile mosa* ho nna, ke tshwana le setsebi sa mehaho. Ke radile motheo+ empa motho e mong o ntse a haha hodima wona. E mong le e mong a hlokomele hore na o haha jwang hodima motheo oo. 11 Ha ho na motho ya ka ralang motheo o mong ntle le o seng o ntse o radilwe e leng Jesu Kreste.+ 12 Motho e mong a ka haha hodima motheo oo a sebedisa kgauta, silevera kapa majwe a bohlokwa. E mong yena a sebedisa lepolanka, furu kapa ditlhaka. 13 Ha letsatsi la diteko le fihla, mosebetsi wa motho ka mong o tla hlaka hore na ke wa mofuta ofe. Ha mollo+ o tla, o tla bontsha hore na mosebetsi wa motho ka mong o motle kapa o mobe. 14 Haeba mosebetsi wa e mong o sala o ntse o eme hodima motheo, motho eo o tla hlohonolofatswa. 15 Haeba mosebetsi wa e mong o tjha, o tla lahlehelwa haholo. Yena o tla pholoha empa ho tla ba jwalo ka ha eka o phonyohile mollo.

16 Na ha le tsebe hore le tempele ya Modimo+ le hore moya wa Modimo o dula ho lona?+ 17 Haeba motho le ha e le ofe a senya tempele ya Modimo, Modimo o tla mo fedisa. Tempele ya Modimo e a halalela mme tempele eo ke lona.+

18 Le se ke la ithetsa. Ya nahanang hore o bohlale lefatsheng lena* e ke e be sethoto e le hore a be bohlale. 19 Bohlale ba batho ba lefatshe lena ha bo na thuso ho Modimo. Etswe le Mangolo a re: “O tshwara ba bohlale mererong ya bona e mebe.”+ 20 Hape a re: “Jehova* o a tseba hore menahano ya ba bohlale ha e na thuso.”+ 21 Ka hoo, ho se ke ha eba le ya ithorisang ka lebaka la batho hobane le fuwe dintho tsohle. 22 Ebang ke Pauluse, Apolose, Kefase,*+ lefatshe, bophelo, lefu, dintho tse teng hona jwale kapa dintho tse tlang, kaofela ke tsa lona. 23 Lona le ba Kreste,+ Kreste yena ke wa Modimo.

4 Re batla hore batho ba re nke re le basebeletsi ba Kreste ba tshepetsweng makunutu a halalelang a Modimo.+ 2 Ho lebeletswe hore bahlanka ba Kreste ba tshepahale. 3 Taba ya hore na ke ahlolwa ke lona kapa lekgotla la batho ha se ya bohlokwa ho nna. Le nna ha ke ikahlole. 4 Ke a tseba hore ha ke a etsa letho le phoso empa ha ke bolele hore ke lokile, Jehova* ke yena ya nkahlolang.+ 5 Ka hoo, le se ke la ahlola+ letho pele nako e loketseng e fihla. Ha Morena a fihla, o tla pepesa dintho tse lefifing a be a senole se ka dipelong tsa batho. E mong le e mong o tla fumana thoriso e mo tshwanelang e tswang ho Modimo.+

6 Bana beso, ke buile dintho tsena ka nna le Apolose+ ho le thusa ho bona ntlha. Re le behetse mohlala e le hore le ithute molao o reng: “Le se ke la fetela ka nqane ho dintho tse ngotsweng” e le hore le se ke la ikgohomosa+ yaba le nka motho e mong a le bohlokwa ho feta e mong. 7 O na le eng e etsang hore o ipone o phahametse batho ba bang? Na Modimo ha se yena ya o fileng ntho e nngwe le e nngwe eo o nang le yona?+ Haeba ke yena ya o fileng dintho tsohle, ke hobaneng ha o ithorisa jwalo ka ha eka o iphumanetse tsona ka matla a hao?

8 Na le nahana hore le se le ena le ntho e nngwe le e nngwe eo le e hlokang? Na le nahana hore le se le le barui? Na le nahana hore le se le qadile ho busa le le marena?+ Ke lakatsa eka le ka be le qadile ho busa e le hore le rona re ka busa le lona.+ 9 Ke bona eka Modimo o entse hore rona baapostola re be ba ho qetela ba ho ahlolelwa lefu ka pela batho bohle+ hobane re fetohile sebonwang ka pela lefatshe,+ mangeloi le batho. 10 Re nkwa re le dithoto+ ka lebaka la ho latela Kreste empa lona le nahana hore le bohlale hobane le latela Kreste. Re bonahala re se na matla empa lona le bonahala le le matla. Le a hlomphuwa empa rona re kgellwa fatshe. 11 Ho fihlela letsatsing lena re ntse re lapa,+ re nyorwa,+ re haellwa ke diaparo, re otlwa,*+ re se na mahae 12 ebile re sebetsa ka thata ka matsoho a rona.+ Ha batho ba re buisa hampe, re ba buisa hantle.+ Ha ba re hlorisa, re a mamella.+ 13 Ha ba re senya mabitso, re ba buisa ka mosa.+ Ho fihlela hona jwale batho ba ntse ba re nka re tshwana le dithole le toti ya lefatshe lena.

14 Ke le ngoletse dintho tsena e le ho le eletsa jwalo ka bana ba ka bao ke ba ratang eseng ho le hlabisa dihlong. 15 Le haeba le ena le mesuwe e 10 000 e le rutang ho latela Kreste, ha le na bontate ba bangata. Ke bile ntate wa lona hobane ke le tliseditse ditaba tse monate ka Kreste Jesu.+ 16 Ka hona, ke kopa hore le nketsise.+ 17 Ke ka lebaka leo ke romelang Timothea ho lona. Ke ngwanaka eo ke mo ratang ebile o sebeletsa Morena ka pelo ya hae yohle. O tla le hopotsa hore na ke etsa dintho jwang ha ke sebeletsa Kreste Jesu+ e leng dintho tseo ke di rutang diphutheho tsohle.

18 Ba bang ba a ikgohomosa hobane ba nahana hore ha ke tlo tla ho lona. 19 Empa ha Jehova* a rata, ke tla tla ho lona haufinyane mme ke tla bona hore na bana ba ikgohomosang ba ka kgona ho emela dintho tseo ba neng ba ntse ba di bua. 20 Diketso tsa rona ke tsona tse bontshang hore re buswa ke Mmuso wa Modimo le hore re na le matla a tswang ho Modimo, eseng dipuo tsa rona. 21 Jwale le ikgethelang? Ke tle ho lona ka thupa+ kapa ka mosa le lerato?

5 Ke utlwile hore hara lona ho na le ba etsang boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano.*+ Le batho bao e seng badumedi ha ba etse boitshwaro bo bobe jwalo ba hore monna a nke mosadi wa ntate wa hae.+ 2 Le utlwa le se rata sebe see? Na ha ho molemo hore le utlwe bohloko+ e le hore motho ya entseng sebe see a tloswe hara lona?+ 3 Le hoja ke le siyo moo ka nama, ke teng ka moya* ebile ke se ke ahlotse motho ya entseng ntho ena jwalo ka ha eka ke ne ke le teng. 4 Ha le bokane ka lebitso la Morena wa rona Jesu, le tsebe hore ke na le lona ka moya le hore ke fuwe matla ke Morena wa rona Jesu. 5 Le fane ka motho ya jwalo ho Satane+ e le hore tshusumetso e mpe eo a e tlisitseng ka phuthehong e tloswe mme moya o motle wa phutheho o bolokwe letsatsing la Morena.+

6 Ha se hantle hore ebe le ikotla sefuba ka boemo bona. Na ha le tsebe hore tomoso e nyenyane e bedisa hlama kaofela?+ 7 Tlosang tomoso ya kgale e le hore le ka ba hlama e ntjha hobane ha le a lokela ho ba le tomoso. Etswe Kreste konyana ya rona ya Paseka+ o entswe sehlabelo.+ 8 Ka lebaka leo, a re se keng ra keteka mokete ona+ ka tomoso ya kgale kapa ka tomoso ya bobe le bokgopo empa re o keteke ka mahobe a se nang tomoso a botshepehi le nnete.

9 Lengolong la ka ke ile ka le ngolla hore le kgaotse ho itswakanya le batho ba tlwaetseng ho etsa* boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano.* 10 Ke ne ke sa bue ka batho ba lefatshe lena ba tlwaetseng ho etsa* boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ba meharo, bao e leng mashodu kapa ba rapelang ditshwantsho. Ho seng jwalo, le ne le tla lokela ho tswa lefatsheng.+ 11 Empa ke le ngolla hore le kgaotse ho itswakanya le mang kapa mang+ ya tsejwang e le ngwanabo rona ya tlwaetseng ho etsa* boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano,* ya sa kgotsofaleng,*+ ya rapelang ditshwantsho, ya ditlhapa, ya tahwang+ kapa ya utswang.+ Esita le ho ja le se ke la ja le motho ya jwalo. 12 Ha se mosebetsi wa ka ho ahlola ba ka ntle ho phutheho. Na ha le a lokela ho ahlola ba ka hare 13 ebe Modimo yena o ahlola ba ka ntle?+ “Tlosang moetsadibe eo hara lona.”+

6 Haeba o qabane le ngwaneno,+ na ka nnete o na le sebete sa ho mo isa kgotla ka pela batho bao e seng badumedi? Ke hobaneng ha o sa ye ho batho ba kgethilweng ke Modimo ka phuthehong?* 2 Na ha le tsebe hore batho ba kgethilweng ke Modimo* ba tla ahlola lefatshe?+ Haeba le tla ahlola lefatshe, na le ka hloleha ho rarolla ditaba tse sa reng letho? 3 Na ha le tsebe hore re tla ahlola mangeloi?+ Jwale ke hobaneng ha le sitwa ho rarolla mathata a sa reng letho a bophelo boo? 4 Haeba le ena le mathata bophelong ao le hlokang ho a rarolla,+ ke hobaneng ha le ka a isa ho baahlodi bao e seng karolo ya phutheho? 5 Ke bua tjena e le hore le swabe. E tlameha ebe ho na le motho ya bohlale hara lona ya ka rarollang mathata a lona. 6 Ho ntse ho le jwalo, Mokreste o isa Mokreste* e mong kgotla, le hona ka pela batho bao e seng badumedi.

7 Haeba le qosana ka bolona, le se le ntse le hlolehile. Ke hobaneng ha le sa itlohele hore le fosetswe?+ Ke hobaneng ha le sa itlohele hore le etsetswe bolotsana? 8 Ho fapana le hoo, le fosetsa bana ba bo lona ebile le ba etsetsa bolotsana.

9 Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ba ke ke ba kena Mmusong wa Modimo?+ Le se ke la kgeloswa.* Batho ba tlwaetseng ho etsa* boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ba rapelang ditshwantsho,+ ba febang,+ banna ba etsang thobalano le banna ba bang,*+ 10 mashodu, batho ba sa kgotsofaleng,*+ matahwa,+ ba ditlhapa* kapa ba nkang dintho tsa batho ba bang ka mahahapa ba ke ke ba kena Mmusong wa Modimo.+ 11 Ba bang ba lona le ne le le jwalo empa le hlwekisitswe,+ le halaleditswe+ hape le nkwa le lokile+ ka lebaka la lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste le ka moya wa Modimo wa rona.

12 Ke dumeletswe ho etsa dintho tsohle empa ha se dintho tsohle tse molemo.+ Ke dumeletswe ho etsa dintho tsohle empa nke ke ka dumella ntho le ha e le efe hore e ntaole. 13 Dijo di etseditswe mpa le mpa e etseditswe dijo empa Modimo o tla di fedisa di le pedi.+ Mmele ha o a etsetswa ho etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano* empa o etseditswe ho sebeletsa Morena+ hape Morena o a o hlokomela. 14 Modimo o ile a tsosa Morena+ mme le rona o tla re tsosa bafung+ ka matla a hae.+

15 Na ha le tsebe hore mmele ya lona e ikarabella ho Kreste?+ Na ho nepahetse ho nka seo e leng sa Kreste ebe le se kopanya le letekatse? Ho hang! 16 Na ha le tsebe hore motho ya etsang thobalano le letekatse ke mmele o le mong le lona? Etswe Modimo o re: “Ba babedi e tla ba nama e le nngwe.”+ 17 Empa ya ikopanyang le Morena o nahana jwalo ka yena.*+ 18 Balehang boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano.*+ Dibe tse ding tsohle tseo motho a di etsang ha di ame mmele wa hae ka ho toba empa ya tlwaetseng ho etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano o sitelwa mmele wa hae.+ 19 Na ha le tsebe hore mmele ya lona ke tempele+ ya moya o halalelang oo le o filweng ke Modimo?+ Le ikarabella ho Modimo+ 20 hobane o le rekile ka theko e phahameng.+ Ka hoo, le mo tlotlise+ ka mmele ya lona.+

7 Jwale ke tla bua ka dintho tseo le nngoletseng ka tsona. Ho molemo hore monna a se ke a etsa thobalano 2 empa ka ha boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano* bo bongata, monna a ke a be le mosadi wa hae+ le mosadi a ke a be le monna wa hae.+ 3 Monna o tlameha ho kgotsofatsa takatso ya mosadi wa hae ya thobalano,* le mosadi a etse ka tsela e tshwanang ho monna wa hae.+ 4 Mosadi ha a na matla a ho laola mmele wa hae empa ke monna wa hae ya nang le ona. Ka tsela e tshwanang, monna ha a na matla a ho laola mmele wa hae empa ke mosadi wa hae ya nang le ona. 5 Le se ke la hanelana ka tokelo ena ntle le ha le dumellane ka nakwana e le hore le ka ipehela nako ya ho rapela. Ha morao le fanane tokelo ena hape e le hore Satane a tle a se ke a le leka yaba le qetella le sa tshepahale hobane le hlokile boitshwaro. 6 Le ha ho le jwalo, ha ke le laele ho etsa dintho tsena empa ke le bolella tsona e le ho le bontsha hore le dumeletswe ho di etsa. 7 Ke lakatsa eka batho bohle ba ka tshwana le nna. Empa e mong le e mong o na le mpho+ e tswang ho Modimo. Ke ka hoo ba bang ba nyalang, ba bang ba sa nyaleng.

8 Ho batho ba seng lenyalong le bahlolohadi ke re: Ho molemo hore le tshwane le nna.+ 9 Empa haeba le sa kgone ho itshwara le nyale hobane ho molemo ho kena lenyalong ho ena le ho tjheswa ke takatso.+

10 Ho batho ba lenyalong, ke fana ka ditaelo tsena tse tswang ho Morena: Mosadi ha a lokela ho arohana le monna wa hae.+ 11 Empa haeba a kgetha ho arohana le yena, a dule a sa nyalwa kapa a kgutlelane le monna wa hae. Monna le yena ha a lokela ho arohana le mosadi wa hae.+

12 Empa ho ba bang ke re (ana ke mantswe a ka eseng a Morena):+ Haeba ngwanabo rona a ena le mosadi ya sa dumeleng ho Morena mme mosadi eo a dumela ho dula le yena, a se ke a mo siya. 13 Le haeba mosadi a ena le monna ya sa dumeleng ho Morena mme monna eo a dumela ho dula le yena, a se ke a arohana le yena. 14 Lenyalo la monna ya sa dumeleng ho Morena le nkwa le halalela ka lebaka la mosadi wa hae, le lenyalo la mosadi ya sa dumeleng ho Morena le nkwa le halalela ka lebaka la monna wa hae. Ho seng jwalo, bana ba bona ba ne ba ke ke ba halalela empa jwale ba a halalela. 15 Empa haeba molekane ya sa dumeleng ho Morena a kgetha ho tsamaya, mo tlohele a tsamaye. Haeba seo se etsahala, ngwanabo rona o lokolohile hore a se ke a dula le yena. Modimo o re file kgotso.+ 16 Wena mosadi, ho tseba mang hore haeba o ka dula le monna wa hao o tla mo pholosa?+ Kapa wena monna, ho tseba mang hore haeba o ka dula le mosadi wa hao o tla mo pholosa?

17 E mong le e mong a tswele pele ho ba ka tsela eo a neng a ntse a le ka yona pele Jehova* a mo bitsa+ hore e be modumedi. Ke fana ka taelo e tshwanang diphuthehong tsohle. 18 Haeba monna a ile a bitsetswa hore e be modumedi a se a bolotse,+ a dule a le jwalo. Hape haeba monna a ile a bitsetswa hore e be modumedi a eso bolle, a dule a sa bolla.+ 19 Ha ho na taba hore na motho o bolotse kapa tjhe.+ Ntho ya bohlokwa ke hore motho a mamele ditaelo tsa Modimo.+ 20 E mong le e mong a dule a le ka tsela eo a neng a le ka yona ha a tla bitswa.+ 21 O se ke wa tshwenngwa ke hore o bitsitswe o le lekgoba+ empa ha o ena le monyetla wa ho lokoloha, o hle o nke monyetla oo. 22 Mang kapa mang eo e neng e le lekgoba ha Morena a mo bitsa, o se a lokolohile+ mme o se a ikarabella ho Morena. Mang kapa mang ya neng a lokolohile ha Morena a mo bitsa, ke mohlanka wa Kreste. 23 Le rekilwe ka theko+ e phahameng, kgaotsang ho ba makgoba a batho. 24 Bana beso, le dule le le ka tsela eo le neng le le ka yona ha Modimo a le bitsa.

25 Ha ke na taelo e tswang ho Morena bakeng sa batho ba eso kene lenyalong* empa ke fana ka maikutlo a ka+ jwalo ka motho ya tshepahalang, ya ileng a hauhelwa ke Morena. 26 Ka ha bophelo bo boima hona jwale, ke nahana hore ho molemo hore motho a itulele a le jwalo. 27 Haeba o na le mosadi, o se ke wa leka ho mo siya.+ Haeba ha o na mosadi, o se ke wa leka ho mo batla. 28 Empa haeba o ka kena lenyalong o tla be o sa etsa sebe. Haeba motho ya seng lenyalong a etsa qeto ya ho kena lenyalong, o tla be a sa etsa sebe. Le ha ho le jwalo, ba kenang lenyalong ba tla ba le mathata a mangata. Ke mpa ke leka ho le thusa ho qoba mathata ana.

29 Taba ya ka ke ena bana beso: Ho setse nako e nyenyane.+ Ho tloha hona jwale, ba nang le basadi ba be jwalo ka ha eka ha ba na bona. 30 Ba llang ba be jwalo ka ba sa lleng, ba thabileng ba be jwalo ka ba sa thabang le ba rekang ba be jwalo ka ba se nang letho. 31 Ba sebedisang dintho tsa lefatshe lena ba se ke ba nkeha ke tsona* hobane boemo ba lefatshe lena bo a fetoha. 32 Ke batla hore le se ke la tshwenyeha. Monna ya sa nyalang o amehile feela ka ho sebeletsa Morena le ka ho mo thabisa. 33 Empa monna ya nyetseng o amehile ka dintho tsa lefatshe+ lena hobane o batla ho thabisa mosadi wa hae. 34 O ka mona le ka mona. Ka tsela e tshwanang, mosadi ya sa nyalwang kapa ya eso ka a kena lenyalong o amehile ka ho sebeletsa Morena+ e le hore dintho tseo a di etsang* le tseo a di nahanang* di ka halalela. Empa mosadi ya nyetsweng o amehile ka dintho tsa lefatshe lena hobane o batla ho thabisa monna wa hae. 35 Ke bua dintho tsena ho le thusa eseng ho le thatafaletsa bophelo. Ke batla ho le susumeletsa ho etsa ntho e nepahetseng e le hore le ka sebeletsa Morena ka mehla ntle ho tshitiso.

36 Haeba motho a utlwa hore ha a kgone ho laola ditakatso tsa hae tsa ho etsa thobalano ebile a se a hodile mmeleng le kelellong,* ho molemo hore a nyale, o tla be a sa etse sebe.+ 37 Empa haeba motho a kgodisehile pelong ya hae hore ha a hloke ho nyala a bile a kgona ho laola takatso ya hae ya thobalano mme a entse qeto pelong ya hae hore ha a batle ho nyala, o etsa hantle.+ 38 Ka hoo, ya kenang lenyalong o etsa hantle empa ya sa keneng lenyalong o etsa hantle le ho feta.+

39 Mosadi o lokela ho dula a nyalane le monna wa hae ha feela monna wa hae a ntse a phela.+ Empa haeba monna wa hae a shwa, o lokolohile hore a ka nyalwa ke mang kapa mang eo a mo ratang ha feela e le molatedi wa Morena.+ 40 Empa ke nahana hore o tla thaba le ho feta ha a ka dula a le jwalo. Ebile ke kgodisehile hore ke tataiswa ke moya wa Modimo.

8 Ke le ngolla mabapi le dijo tse etsetswang ditshwantsho tse rapelwang.+ Kaofela re a tseba ka taba ena+ mme tsebo e etsa hore motho a ikgohomose empa lerato lona le a haha.+ 2 Haeba motho a nahana hore o tseba taba e itseng, ha e le hantle ha a eso tsebe ntho e nngwe le e nngwe ka yona. 3 Empa haeba motho a rata Modimo, motho eo o tsejwa ke Modimo.

4 A re bueng ka taba ya hore na re ka ja dijo tse etsetswang ditshwantsho tse rapelwang. Re a tseba hore setshwantsho se rapelwang ha se Modimo+ le hore Modimo o mong feela.+ 5 Ho na le ba bitswang medimo lehodimong le lefatsheng,+ jwalo ka ha batho ba nka hore ho na le “medimo” e mengata le “marena” a mangata. 6 Rona re na le Modimo a le mong feela+ e leng Ntate wa rona.+ Ntho e nngwe le e nngwe e tswa ho yena mme re phelela yena.+ Re boetse re na le Morena a le mong e leng Jesu Kreste, eo ka yena dintho tsohle di leng teng+ ebile re na le bophelo ka yena.

7 Le ha ho le jwalo, ha se batho bohle ba utlwisisang taba ena.+ Ba bang ba ne ba rapela medimo ya ditshwantsho. Ka hoo, ba nka hore ha ba ja dijo tse nyehetsweng bakeng sa ditshwantsho tseo,+ ho tshwana le ha ba di rapela ebe jwale matswalo a bona a a ba tshwenya hobane a fokola.+ 8 Dijo di ke ke tsa etsa hore re be le kamano e ntle le Modimo.+ Ha re sa je, re ke ke ra lahlehelwa ke letho mme ha re ja, re ke ke ra fumana letho le molemo.+ 9 Empa le hlokomele hore seo le kgethang ho se etsa ha se kgopise batho ba matswalo a fokolang.+ 10 Le hoja le tseba hore medimo ya ditshwantsho ha e na thuso, ha motho eo letswalo la hae le fokolang a le bona le ja ka tempeleng ya ditshwantsho tse rapelwang, a ka susumeletseha hore a je dijo tse nyehetsweng bakeng sa ditshwantsho tse rapelwang. 11 Le hoja o tseba hore ha se phoso ho ja dijo tseo, o ka senya tumelo ya ngwanabo rona ya nang le letswalo le fokolang. Hopola hore ke ngwaneno eo le yena Kreste a mo shwetseng.+ 12 Ha le fosetsa bana ba bo lona ka tsela eo mme le ba kgothaletsa ho etsa dintho tse tshwenyang matswalo a bona a fokolang,+ le fosetsa Kreste. 13 Ka hona, nke ke ka hlola ke ja nama haeba dijo tseo ke di jang di fokodisa tumelo ya ngwaneso. Nke ke ka etsa letho le tla fokodisa tumelo ya ngwaneso.+

9 Na ha ke na bolokolohi ba ho etsa dintho tseo ke di batlang? Na ha ke moapostola? Na ha ke a bona Jesu Morena wa rona?+ Na lona ha le bopaki ba hore ke moapostola? 2 Le haeba ba bang ba sa nke ke le moapostola, ho lona ke yena. Lona le bopaki ba hore ke moapostola wa Morena.

3 Ho ba nkahlolang ke ikarabella ka ho re: 4 Na ha re na tokelo ya ho ja le ho nwa? 5 Na ha re na tokelo ya ho nyala basadi ba Bakreste re be re tsamaye le bona?+ Baapostola ba bang, bana babo Morena+ ha mmoho le Kefase*+ le bona ba etsa jwalo. 6 Kapa na ke nna le Barnabase+ feela ba lokelang ho sebetsa e le hore re iphedise? 7 Na le teng lesole le ipatallang ditshenyehelo tsohle tsa lona ha le ntse le le bosoleng? Na o teng motho ya ka lemang serapa sa morara yaba ha a je ditholwana tsa sona?+ Kapa na o teng modisa ya sa nweng lebese le tswang mohlapeng wa hae?

8 Ha ke bue dintho tsena ke ipapisitse le maikutlo a batho, le Molao o a di bua. 9 Molao wa Moshe o re: “O se ke wa tlama poho molomo ha e pola.”+ Na Modimo o fane ka molao oo hobane a tshwenyehile ka dipoho feela? 10 Kapa na o fane ka molao oo molemong wa rona? Ha e le hantle, o fane ka molao oo molemong wa rona hobane motho ya lemang le ya polang o etsa jwalo a tshepile hore o tla fumana ho hong.

11 Ha e le mona re le boleletse Lentswe la Modimo, na ke phoso hore le re thuse ka dintho tseo re di hlokang?+ 12 Haeba batho ba bang ba ena le tokelo ya ho lebella hore le ba thuse, na rona ha re na tokelo e fetang ya ho lebella hore le re thuse? Empa ha re a ka ra sebedisa tokelo ena.+ Ho ena le hoo, re mameletse mathata a mangata e le hore re se ke ra sitisa mang kapa mang ho dumela ditaba tse monate tse amanang le Kreste.+ 13 Na ha le tsebe hore banna ba sebetsang tempeleng ba ja dintho tseo batho ba di tlisang tempeleng le hore ba sebetsang aletareng ba fumana karolo ya dintho tse nyehelwang aletareng?+ 14 Ka tsela e tshwanang, Morena o laetse hore ba phatlalatsang ditaba tse monate ba iphedise ka tsona.+

15 Empa nna ha ke eso sebedise le e le nngwe ya ditokelo tsena+ ebile ha ke ngole tjena hobane ho ena le ntho eo ke batlang hore le nketsetse yona. Nka mpa ka shwa ho ena le hore motho e mong a nkamohe lebaka lena la ka la ho ithorisa.+ 16 Ha ke na lebaka la ho ithorisa hobane ke bolela ditaba tse monate ka ha ke tlamehile ho di bolela. Nka ba madimabe haeba ke sa di bolele.+ 17 Haeba ke di bolela ka ho rata, ke tla fumana moputso. Le haeba ke di bolela ke sa batle, ke ntse ke fuwe boikarabelo ba ho di bolela.+ 18 Jwale moputso wa ka ke ofe? Ke hore ke bolelle batho ditaba tse monate ka ho rata ebile ke sa patalwe letho molemong wa hore ke se ke ka sebedisa matla a ka* a ho bolela ditaba tse monate hampe.

19 Le hoja ke se lekgoba la mang kapa mang, ke ikentse lekgoba la batho bohle e le hore nka tlisa batho ba bangata ka moo ho ka kgonehang tseleng ya Kreste. 20 Ho Bajuda ke ile ka ba jwalo ka Mojuda e le hore nka tlisa Bajuda tseleng ya Kreste.+ Ho ba latelang molao ke bile jwalo ka ya latelang molao e le hore nka tlisa ba latelang molao tseleng ya Kreste le hoja nna ke sa latele molao.+ 21 Ho ba sa lateleng molao, ke bile jwalo ka ya sa lateleng molao e le hore nka tlisa ba sa lateleng molao tseleng ya Kreste. Ke entse jwalo le hoja nna ke latela molao wa Modimo ebile ke latela molao wa Kreste.+ 22 Ho ba fokolang ke bile jwalo ka ya fokolang e le hore nka tlisa ba fokolang tseleng ya Kreste.+ Ke bile dintho tsohle ho batho ba mefuta yohle e le hore ke etse sohle se matleng a ka ho pholosa ba bang. 23 Empa ke etsa dintho tsohle ka lebaka la ditaba tse monate e le hore nka di arolelana le ba bang.+

24 Le a tseba hore peisong dimathi kaofela di a matha empa ke a le mong feela ya tla fumana moputso. Ka hoo, le mathe ka tsela e tla etsa hore le hlole.+ 25 Motho e mong le e mong ya kenelang tlhodisano, o itshwara ka thata e le hore a tle a fumane korone e senyehang+ empa rona re e kenela hore re tle re fumane korone e sa senyeheng.+ 26 Ka hoo, ha ke mathe jwalo ka ha eka ha ke tsebe hore na ke mathelang.+ Ha ke lwana ha ke lwane jwalo ka ha eka ke otla moya 27 empa ke tshwara mmele wa ka+ ka thata* ebile ke o tshwara jwalo ka lekgoba e le hore ha ke qeta ho bolela ditaba tse monate, Modimo a tle a nkamohele.

10 Bana beso, ke batla hore le tsebe hore baholoholo ba rona kaofela ba ile ba tsamaya tlasa leru+ le ho tshela lewatle+ 2 mme kaofela ba ile ba kolobetswa ka leru le ka lewatle e le hore e be balatedi ba Moshe. 3 Kaofela ba ile ba ja dijo tse tshwanang tse tswang ho Modimo+ 4 le ho nwa metsi a tshwanang a tswang ho Modimo.+ Ba ne ba tlwaetse ho nwa metsi lefikeng leo Modimo a neng a ba file lona le neng le le pela bona. Lefika leo le ne le tshwantshetsa* Kreste.+ 5 Le ha ho le jwalo, ba bangata ba bona ha ba a ka ba kgahlisa Modimo. Ke ka lebaka leo ba ileng ba bolaelwa lehwatateng.+

6 Dintho tse ileng tsa ba hlahela ke thuto ho rona hore re se ke ra lakatsa ho etsa dintho tse mpe jwalo ka bona.+ 7 Re se ke ra rapela medimo ya ditshwantsho jwalo ka ha ba bang ba bona ba ile ba etsa. Etswe Mangolo a re: “Setjhaba sa dula fatshe hore se je le ho nwa. Sa ema hore se ithabise.”+ 8 Hape re se ke ra etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano* jwalo ka ha ba bang ba bona ba ile ba etsa, hoo ba 23 000 ba ileng ba shwa ka letsatsi le le leng.+ 9 Hape re se ke ra leka Jehova*+ jwalo ka ha ba bang ba bona ba ile ba etsa yaba ba qetella ba bolailwe ke dinoha.+ 10 Re se ke ra tletleba jwalo ka ha ba bang ba bona ba ile ba etsa+ yaba ba qetella ba bolailwe ke lengeloi la Modimo.*+ 11 Dintho tsena tse ileng tsa ba hlahela ke thuto ho rona mme di ile tsa ngollwa ho lemosa rona+ ba phelang mehleng ya bofelo.

12 Ka lebaka leo, ya nahanang hore o eme a hlokomele hore a se ke a wa.+ 13 Diteko tsohle tse le hlahelang di kile tsa hlahela batho ba bang.+ Empa Modimo o a tshepahala mme a ke ke a dumella hore le hlahelwe ke diteko tseo le ke keng la kgona ho di mamella.+ Ha le lekwa, o tla le thusa e le hore le kgone ho mamella.+

14 Ka hona baratuwa ba ka, le balehe borapedi ba ditshwantsho.+ 15 Ke bua le lona jwalo ka batho ba bohlale. Ka hoo, le iketsetse qeto ya hore na ke nepile kapa tjhe. 16 Ha re nwa senwelo seo re lebohang Modimo ka sona,* na ha re fumane molemo mading a Kreste?+ Ha re ja bohobe boo re bo qhetsolang, na ha re fumane molemo mmeleng wa Kreste?+ 17 Bohobe bo bong, ka hoo le hoja re le bangata, re mmele o le mong+ hobane kaofela re ja bohobe boo.

18 Nahanang ka Baiseraele: Ha ba ne ba ja mahlabelo ao ba neng ba a nyehela aletareng, na ho ne ho sa tshwane le ha eka ba ja le Modimo?+ 19 Na ke re ntho e hlabetsweng setshwantsho se rapelwang e bohlokwa kapa sona setshwantsho se bohlokwa? 20 Ho hang, empa ke re batho ba ditjhaba tse ding ba etsetsa bademona mahlabelo eseng Modimo+ mme ha ke batle hore le etse ntho le ha e le efe e le kopanyang le bademona.+ 21 Le ke ke la nwa senwelong sa Jehova* le senwelong sa bademona. Le ke ke la jella “tafoleng ya Jehova”*+ le tafoleng ya bademona. 22 ‘Kapa na re leka ho halefisa Jehova’?*+ Ha re matla ho mo feta.

23 Dintho tsohle di dumeletswe ke molao empa ha se hore kaofela ha tsona di molemo. Dintho tsohle di dumeletswe ke molao empa ha se tsohle tse kgothatsang.+ 24 Dulang le etsa dintho tse tla tswela ba bang molemo eseng tse tla tswela lona feela molemo.+

25 Le je ntho e nngwe le e nngwe e rekiswang mmarakeng wa nama, le se ke la botsa letho hobane le tshohile hore matswalo a lona a tla le tshwenya 26 hobane “lefatshe ke la Jehova* le tsohle tse ho lona.”+ 27 Haeba motho ya sa dumeleng ho Kreste a o memela dijong ebe o a ya, o je ntho e nngwe le e nngwe eo a o fang yona ka letswalo le kgutsitseng, o sa botse dipotso. 28 Empa haeba motho e mong a ka re ho wena: “Nama ena e ne e sebedisitswe ho etsetsa medimo ya ditshwantsho sehlabelo,” o se ke wa e ja e le hore o se ke wa mo kgopisa le hore ho se ke ha eba le eo letswalo le mo tshwenyang.+ 29 Ha ke bue ka letswalo la hao empa ke bua ka letswalo la motho e mong. Etswe ha ke batle ho sebedisa bolokolohi ba ka ba ho ikgethela ka tsela e tla tshwenya letswalo la motho e mong.+ 30 Haeba ke ja dijo ebile ke di lebohela ho Modimo, na ho nepahetse hore ke di je le hoja di etsa hore batho ba bang ba mpue hampe?+

31 Ka hona, ebang le a ja, le a nwa kapa le etsa ntho efe kapa efe, le etse dintho tsohle ka tsela e tla etsa hore Modimo a roriswe.+ 32 Le hlokomele hore le se ke la kgopisa batho ba bang, ho sa tsotellehe hore na ke Bajuda, Bagerike kapa batho ba ka phuthehong ya Modimo.+ 33 Le nna ke leka ho thabisa batho bohle dinthong tsohle tseo ke di etsang. Ha ke batle ho etsa dintho tse tla tswela nna feela molemo+ empa ke batla ho etsa tse tla tswela batho ba bangata molemo e le hore ba tle ba pholohe.+

11 Le nketsise feela jwalo ka ha le nna ke etsisa Kreste.+

2 Ke a le babatsa hobane dinthong tsohle le a nkgopola mme le etsa dintho tsohle ka moo ke le laetseng ka teng. 3 Empa ke batla hore le tsebe hore hlooho ya monna e mong le e mong ke Kreste,+ hlooho ya mosadi ke monna+ hape hlooho ya Kreste ke Modimo.+ 4 Monna e mong le e mong ya rapelang kapa ya profetang a rwetse o tlotlolla hlooho ya hae. 5 Mosadi e mong le e mong ya rapelang kapa ya profetang+ a sa rwala, o tlotlolla hlooho ya hae ka ha ho tshwana le ha eka o kutile moriri wa hae kaofela. 6 Haeba mosadi a sa rwale, ke hore a kute empa haeba ke ntho e swabisang hore mosadi a kute, o lokela ho rwala.

7 Monna ha a tshwanela ho rwala ka ha ke setshwantsho le kganya ya Modimo+ empa mosadi ke kganya ya monna. 8 Monna ha a tswe ho mosadi empa mosadi o tswa ho monna.+ 9 Ho feta moo, monna ha a ka a boptjwa ka lebaka la mosadi empa mosadi o ile a boptjwa ka lebaka la monna.+ 10 Ka lebaka leo le ka lebaka la mangeloi,+ mosadi o lokela ho rwala ho bontsha hore o tlasa taolo ya monna wa hae.

11 Ka phuthehong ya Morena, monna o hloka mosadi le mosadi o hloka monna. 12 Etswe feela jwalo ka ha mosadi a tswa ho monna+ le monna o tswetswe ke mosadi empa dintho tsohle di tswa ho Modimo.+ 13 Ikahloleleng: Na ho loketse hore mosadi a rapele Modimo a sa rwala? 14 Na tsela eo batho ba bopilweng ka yona ha e le rute hore ke ntho e swabisang ha monna a ena le moriri o molelele 15 empa ke ntho e ntle ha mosadi a ena le moriri o molelele? O filwe moriri oo e le hore o kwahele hlooho ya hae. 16 Le ha ho le jwalo, haeba ho na le motho ya batlang ho etsa kgang ka taba ena, re tla araba ka ho re ha re na tlwaelo e nngwe le diphutheho tsa Modimo ha di na yona.

17 Ha ke ntse ke fana ka ditaelo tsena, ha ke le babatse hobane ha le bokane mmoho ha le thusane empa le utlwisana bohloko. 18 Taba ya pele, ke utlwile hore ho na le dikarohano ha le le phuthehong mme ke kgolwa taba eo. 19 Dikarohano tsona di tla ba teng hara lona+ empa ho tla hlaka hore na ke bomang bao Modimo a ba amohelang.

20 Ha le bokane ha mmoho, ha se ka morero wa ho ja Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena.+ 21 Ha nako ya ho ja e fihla, e mong le e mong o itlela le dijo tsa hae ebe ho qetella ho ena le ba lapileng le ba tahilweng. 22 Na ha le na mahae moo le ka jellang le ho nwella teng? Na le kgella phutheho ya Modimo fatshe le ho hlabisa ba futsanehileng dihlong? Ke reng ho lona? Ke le babatse? Lekgetlong lena teng lekgale!

23 Dintho tseo ke le rutileng tsona ke tseo ke ithutileng tsona ho Morena. Bosiung+ boo a neng a tlo tshwarwa ka bona, o ile a nka bohobe, 24 ka mora ho leboha Modimo, a bo qhetsola yaba o re: “Bohobe bona bo emela mmele wa ka+ o tla fanwa molemong wa lona. Le nne le etse tjena ho nkgopola.”+ 25 O ile a etsa se tshwanang ka senwelo+ sa veine ka mora hore ba je dijo tsa shwalane yaba o re: “Veine ena e emela selekane se setjha+ se tla tiiswa ka madi+ a ka a tla tshollwa molemong wa lona. Nako le nako ha le e nwa, le nne le etse tjena ho nkgopola.”+ 26 Nako yohle ha le ja bohobe bona le ho nwa veine ena, le tswela pele ho bolella ba bang ka lefu la Morena ho fihlela a tla.

27 Ka hoo, mang kapa mang ya jang bohobe le ho nwa veine ya Morena a sa tshwanelehe, o tla fumanwa a le molato wa ho hlompholla mmele le madi a Morena. 28 Motho e mong le e mong a ke a itlhahlobe ka hloko e le ho netefatsa hore ntho eo a e etsang e nepahetse.+ Ka mora moo, a ka ja bohobe le ho nwa veine. 29 Haeba motho ya jang le ho nwa a sa utlwisise hore ntho eo a e jang le ho e nwa e emela mmele wa Morena, o ipitsetsa kahlolo. 30 Ke ka lebaka leo boholo ba lona le fokolang, le kulang ebile ba bang ba shwele.*+ 31 Empa haeba re ka itlhahloba ka hloko, re ke ke ra ahlolwa. 32 Le ha ho le jwalo, ha re ahlolwa seo se bolela hore Jehova*+ o a re kgalemela e le hore re se ke ra ahlolwa ke lefatshe.+ 33 Ka lebaka leo bana beso, ha le bokane ha mmoho bakeng sa ho ja Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena, le emele hore bohle ba be teng. 34 Haeba ho na le ya lapileng, a jelle hae e le hore ha le bokane ha mmoho le se ke la ahlolwa ke Modimo.+ Ditaba tse ding tse setseng ke tla di lokisa ha ke fihla.

12 Bana beso, ke batla hore le tsebe ka dimpho tseo Modimo a le fileng tsona.+ 2 Le a tseba hore pele le dumela ho Morena, le ne le laolwa le ho kgeloswa ke medimo ya ditshwantsho e sa tsebeng le ho bua.+ Le ne le etsa ntho e nngwe le e nngwe eo e neng e batla hore le e etse. 3 Ke batla le tsebe hore ha ho na motho ya tataiswang ke moya wa Modimo ya ka reng: “Jesu o lokela ho fuwa kotlo!” Hape ha ho na motho ya ka reng: “Jesu ke Morena!” ntle le ha a tataiswa ke moya o halalelang.+

4 Ho na le dimpho tse fapaneng empa kaofela re di fuwa ke moya o tshwanang+ 5 hape ho na le mesebetsi e mengata eo re e etsang+ empa re sebeletsa Morena a le mong. 6 Moya o halalelang o etsa hore batho ba etse dintho tse ngata tse sa tshwaneng empa ke Modimo a le mong ya fanang ka moya oo.+ 7 Tsela eo moya o halalelang o thusang batho ka yona e bonahala ho motho e mong le e mong mme ke Modimo ya ba fang wona e le hore o tswele batho ba bang molemo.+ 8 Moya o halalelang o fa motho bokgoni ba ho bua ka bohlale mme moya wona oo o fa motho e mong bokgoni ba ho bolella batho dintho tseo ba sa di tsebeng. 9 Moya o tshwanang o fa motho e mong tumelo+ ebe wona moya oo o fa motho e mong bokgoni ba ho phekola.+ 10 Moya o tshwanang o fa motho e mong bokgoni ba ho etsa mehlolo,+ e mong ba ho profeta, e mong ba ho utlwisisa hore na molaetsa o tswa ho Modimo kapa tjhe,+ e mong ba ho bua dipuo tse ngata+ ebe e mong yena o fuwa bokgoni ba ho fetolela dipuo.+ 11 Dintho tsena kaofela di etswa ke moya o le mong. Motho e mong le e mong o fuwa bokgoni ho ya ka hore na moya wa Modimo o mo fa jwang.

12 Mmele o na le ditho tse ngata. Le ha ho le jwalo, ditho tseo kaofela di etsa mmele o le mong.+ Mmele wa Kreste le wona o jwalo. 13 Kaofela re ile ra kolobetswa ka moya o le mong e le hore re be mmele o le mong mme kaofela ha rona re amohetse moya o le mong ho sa tsotellehe hore na re Bajuda kapa Bagerike, re makgoba kapa batho ba lokolohileng.

14 Mmele ha o na setho se le seng empa o na le tse ngata.+ 15 Haeba leoto le ne le ka kgona ho bua la re: “Ka ha ha ke letsoho, ha ke karolo ya mmele,” seo ha se bolele hore ha se karolo ya mmele. 16 Tsebe le yona haeba e ne e ka re: “Ka ha ha ke leihlo, ha ke karolo ya mmele,” seo ha se bolele hore ha se karolo ya mmele. 17 Haeba mmele wohle e ne e le leihlo, motho o ne a tla utlwa jwang? Haeba mmele wohle e ne e le tsebe, motho o ne a tla fofonela jwang? 18 Modimo o behile setho se seng le se seng sa mmele ka tsela eo a e batlang.

19 Haeba tsohle e ne e le setho se le seng, na ho ka be ho ena le mmele? 20 Ho na le ditho tse ngata empa mmele wona o mong. 21 Leihlo le ke ke la re ho letsoho, “Ha ke o hloke.” Hlooho le yona e ke ke ya re ho maoto, “Ha ke le hloke.” 22 Ha e le hantle, ditho tsa mmele tse bonahalang eka ha di na thuso, le tsona di a hlokeha. 23 Dikarolo tsa rona tsa mmele tseo re di nkang e se tsa bohlokwa hakaalo re di tshwara hantle+ mme dikarolo tse ding tsa mmele tseo re di swabelang re di tshwara ka tlhompho. 24 Empa dikarolo tsa mmele ya rona tse ntle ha re sebetse hakaalo ho di hlokomela. Modimo o bopile mmele ka tsela e tla etsa hore dikarolo tse haellwang ke tlhompho di be le tlhompho e eketsehileng. 25 O entse jwalo e le hore mmele o se ke wa arohana. Ditho tsa mmele di lokela ho hlokomelana.+ 26 Ha setho se seng sa mmele se utlwa bohloko, ditho tse ding kaofela di utlwa bohloko le sona.+ Haeba setho se seng sa mmele se hlomphuwa, ditho tse ding kaofela di thaba le sona.+

27 Le mmele wa Kreste+ mme e mong le e mong wa lona ke setho sa mmele oo.+ 28 Modimo o file e mong le e mong ka phuthehong mosebetsi. Wa pele ke wa baapostola,+ wa bobedi ke wa baprofeta,+ wa boraro ke wa mesuwe,+ e be wa ba etsang mehlolo,+ ba nang le bokgoni ba ho fodisa,+ ba thusang ba bang, ba fanang ka tataiso+ le ba nang le mpho ya ho bua dipuo tse fapaneng.+ 29 Ha se bohle bao e leng baapostola, baprofeta kapa mesuwe. Ha se bohle ba kgonang ho etsa mehlolo. 30 Ha se bohle ba fuweng mpho ya ho fodisa ba bang. Ha se bohle ba fuweng mpho ya ho bua dipuo tse fapaneng.+ Ha se bohle ba fuweng mpho ya ho fetolela dipuo tse ding.+ 31 Ka hoo, le sebetse ka thata hore le fumane mpho ya bohlokwa+ ka ho fetisisa ho tsena mme ke tla le bontsha ntho e bohlokwa ho feta tsohle.+

13 Le ha nka bua dipuo tsa batho le mangeloi, ha ke se na lerato ke tshwana le tshepe e llang kapa simbala e lerata. 2 Le ha nka ba le mpho ya ho profeta, ka utlwisisa makunutu a halalelang a Modimo, ka ba le tsebo yohle+ kapa ka ba le tumelo e matla ya ho tlosa thaba moo e dutseng teng, ha ke se na lerato ha ke letho.*+ 3 Le ha nka rekisa dintho tsohle tseo ke nang le tsona e le hore ke thuse ba bang+ kapa ka ithorisa ka hore nka fana ka bophelo ba ka, ha ke se na lerato+ nke ke ka fumana molemo wa letho.

4 Motho ya lerato+ o na le mamello+ mme o mosa.+ Ha a mona,+ ha a ithorise, ha a ikgohomose,+ 5 ha a itshware ka tsela e swabisang,*+ ha a itjhebe boyena feela,+ ha a halefe ha bonolo,+ ha a jare ba bang ka pelo,+ 6 ha a thabiswe ke dintho tse sa lokang+ empa o thabela nnete. 7 Ha a tele,+ o dumela dintho tsohle,+ o tshepa dintho tsohle,+ o mamella dintho tsohle.+

8 Lerato ha le fele empa haeba ho na le dimpho tsa ho profeta, tsa ho bua dipuo tse ding* kapa tsebo, dimpho tseo di tla fediswa. 9 Ha re na tsebo e felletseng+ ebile seo re se profetang ha se a fella 10 empa ha tsebo ya rona e ka fella le seo re se profetang se ka fella, tsebo e sa fellang le boprofeta bo sa fellang di tla fediswa. 11 Ha ke ne ke le ngwana, ke ne ke bua jwalo ka ngwana, ke nahana jwalo ka ngwana, ke beha mabaka jwalo ka ngwana empa ka ha jwale ke hodile, ke lahlile mekgwa ya bongwana. 12 Hona jwale ha re bone ka tsela e hlakileng hobane ekare re itjhebile ka seiponeng sa tshepe empa ka nako eo re tla bona hantle. Hona jwale tsebo ya ka e a haella empa ka nako eo ke tla tseba dintho ka tsela e nepahetseng* feela jwalo ka ha Modimo a ntseba hantle. 13 Le ha ho le jwalo, ho sala tsena tse tharo, e leng tumelo, tshepo le lerato empa ya bohlokwa ho di feta ke lerato.+

14 Dulang le ratana hape le nne le etse sohle se matleng a lona ho fumana dimpho tse tswang ho Modimo, haholoholo mpho ya ho profeta.+ 2 Motho ya nang le mpho ya ho bua dipuo tse fapaneng* o bua le Modimo eseng le batho. Le hoja a susumetswa ke moya o halalelang ho bua makunutu a halalelang,+ ha ho na motho ya mo utlwisisang.+ 3 Le ha ho le jwalo, ya profetang o a matlafatsa, o a kgothatsa ebile o tshedisa batho ka dintho tseo a di buang. 4 Ya buang puo e nngwe o a imatlafatsa empa ya profetang o matlafatsa phutheho. 5 Nka rata hore kaofela ha lona le be le mpho ya ho bua dipuo tse fapaneng+ empa nka thabiswa haholo ke ha le profeta.+ Ya profetang o molemo ho feta ya buang dipuo tse fapaneng, ntle le haeba ya buang dipuo tse fapaneng a fetolela seo a se buang e le hore a matlafatse phutheho. 6 Bana beso, le ne le tla fumana molemo ofe haeba ke ne nka tla ho lona ke bua dipuo tseo le sa di tsebeng? Ke ne ke tla le thusa haeba ke bua le lona ka boprofeta, thuto, tsebo+ kapa mantswe a tswang ho Modimo.*+

7 Ho a tshwana le ka diletsa tsa mmino tse kang lekodilo kapa harepa. Haeba motho ya di letsang a letsa modumo o le mong feela, batho ba tla utlwa pina jwang? 8 Haeba modumo wa terompeta o sa utlwahale hantle, ke mang ya tla itokisetsa ntwa? 9 Ka tsela e tshwanang, batho ba tla utlwa jwang hore na le ntse le reng haeba le sa bue puo e utlwisiswang ha bonolo? Ho tla be ho tshwana le ha eka le buela moyeng. 10 Ho na le dipuo tse ngata lefatsheng mme kaofela ha tsona di a utlwahala. 11 Haeba ke sa utlwisise puo e buuwang, ya e buang e tla ba moditjhaba ho nna le nna ke be moditjhaba ho yena. 12 Ka tsela e tshwanang, ka ha le lona le batla dimpho tse tswang ho Modimo, le batle dimpho tse ngata tse tla matlafatsa phutheho.+

13 Ka hona, ya buang puo e nngwe a rapelle hore a kgone ho fetolela seo a se buang.+ 14 Etswe haeba ke rapela ka puo e nngwe, ke rapela ka lebaka la mpho eo ke e filweng ke Modimo empa ha ke utlwisise hore na ke ntse ke reng. 15 Jwale ke tla etsa jwang? Ke tla sebedisa mpho eo ke e fuweng ke Modimo ho rapela ke be ke rapele ka puo eo ke e utlwisisang. Ke tla sebedisa mpho eo ke e fuweng ke Modimo ho mo binela dipina tsa thoriso empa hape ke tla mo binela dipina tsa thoriso ka puo eo ke e utlwisisang. 16 Ho seng jwalo, haeba o rorisa Modimo o sebedisa mpho eo a o fileng yona, motho ya nang le wena o tla re “Amen” jwang ha o rapela empa a sa utlwe hore na o reng? 17 Ke nnete hore o tla be o rapetse ka tsela e nepahetseng empa thapelo ya hao ha e thuse motho eo. 18 Ke leboha Modimo hore ebe ke na le mpho ya ho bua dipuo tse ngata ho le feta kaofela. 19 Le ha ho le jwalo, ka phuthehong nka mpa ka bua mantswe a mahlano ao ke a utlwisisang e le hore ke rute ba bang ho ena le hore ke bue mantswe a 10 000 ka puo e sa utlwahaleng.+

20 Bana beso, le se ke la nahana jwalo ka bana,+ le nahane jwalo ka batho ba baholo empa le be batho ba se nang molato jwalo ka bana+ ka hore le qobe dintho tse fosahetseng.+ 21 Molao o itse: “Jehova* o re, ‘Ke tla bua le batho bana ke sebedisa batho bao ba sa ba tsebeng le ba buang dipuo tse ding empa ba ke ke ba mmamela.’”+ 22 Ka lebaka leo, mpho ya ho bua dipuo tse ding e etseditswe ho thusa ba sa dumeleng+ ho Jesu ho dumela ho yena eseng ho ruta ba dumelang ho yena. Boprofeta bona bo thusa ba dumelang ho Jesu eseng ba sa dumeleng ho yena. 23 Ka hona, haeba le kopane sebakeng se le seng mme kaofela le bua dipuo tse fapaneng ebe batho ba bang feela kapa ba sa dumeleng ho Morena ba fihla hara lona, na ba ke ke ba re le a hlanya? 24 Empa haeba kaofela le profeta ebe motho e mong feela kapa motho ya sa dumeleng ho Morena o fihla hara lona, dintho tseo a di utlwang di tla mo kgalemela mme o tla itlhahloba ka hloko. 25 Makunutu a pelo ya hae a tla senoleha mme o tla kgumama a rapele Modimo ebe o re: “Ka nnete Modimo o na le lona.”+

26 Jwale le lokela ho etsang bana beso? Ha le bokane ha mmoho, e mong o bina pesaleme, e mong o a ruta, e mong o bua dintho tseo Modimo a mo boleletseng tsona,* e mong o bua ka puo e nngwe ha e mong yena a fetolela le ho hlalosa.+ Dintho tsohle di ke di etswe bakeng sa ho matlafatsa phutheho. 27 Haeba ho ena le ba buang dipuo tse ding, ho bue batho ba babedi kapa ba bararo feela mme ba se ke ba bua ka nako e le nngwe, ebe e mong o a fetolela.+ 28 Haeba ho se na motho ya ka fetolelang ntho eo ba e buang, ba thole ka phuthehong mme ba bue le Modimo feela ba buela ka pelong. 29 Ho ka bua baprofeta ba babedi kapa ba bararo+ ebe batho ba bang ba leka ho utlwisisa hore na boprofeta bo bolelang. 30 Haeba e mong a fumana molaetsa o tswang ho Modimo* ha le ntse le le phuthehong, ya neng a ntse a bua a thole. 31 Ho profete motho a le mong ka nako e le hore bohle ba ka ithuta mme ba kgothatswa.+ 32 Baprofeta ba lokela ho sebedisa mpho ya ho profeta eo ba e filweng ke Modimo hantle. 33 Etswe Modimo ke Modimo wa kgotso eseng wa ho hloka taolo.+

Feela jwalo ka ha ho etsahala diphuthehong tsohle tsa badumedimmoho le rona,* 34 basadi ba lokela ho thola ka diphuthehong. Ha ba a dumellwa ho bua.+ Ba lokela ho ikokobetsa+ feela jwalo ka ha Molao o tjho. 35 Haeba ho na le ntho eo ba batlang ho e tseba, ba botse banna ba bona ha ba le hae hobane ke ntho e swabisang hore mosadi a bue le phutheho.

36 Na lentswe la Modimo le tswa ho lona kapa na ke lona feela ba le fumaneng?

37 Haeba ho na le ya nahanang hore ke moprofeta kapa ya nahanang hore o na le mpho e tswang ho Modimo, o lokela ho utlwisisa hore dintho tseo ke le ngollang tsona ke ditaelo tse tswang ho Morena. 38 Empa haeba mang kapa mang a iphapanyetsa taba ena, Modimo o tla mo lahla.* 39 Ka hoo bana beso, le nne le profete ka mafolofolo+ empa le teng le se ke la hanela ba bang ho bua dipuo tse ding.+ 40 Dintho tsohle di ke di etswe ka mokgwa o hlomphehang le ka tlhophiso.+

15 Bana beso, ke le hopotsa ditaba tse monate tseo ke ileng ka le bolella tsona,+ tseo le ileng la di amohela le ho ema le tiile ho tsona. 2 Haeba le dula le ena le tumelo e matla ditabeng tse monate tseo ke le boleletseng tsona, le a pholoswa. Ho seng jwalo tumelo ya lona ke ya lefeela.

3 Tse ding tsa dintho tsa bohlokwa tseo ke ileng ka le bolella tsona ke tseo le nna ke ileng ka di rutwa e leng hore ho ya ka Mangolo, Kreste o shwetse dibe tsa rona.+ 4 Mangolo a re+ o ile a patwa+ mme a tsoswa+ ka letsatsi la boraro+ 5 le hore o ile a hlaha ho Kefase*+ yaba ka mora moo o hlaha ho baapostola ba 12.+ 6 Ka mora moo, o ile a hlaha ho bana ba bo rona ba 500 ka nako e le nngwe,+ boholo ba bona ba ntse ba phela le hona jwale empa ba bang ha ba sa phela. 7 Ka mora moo, a hlaha ho Jakobo+ yaba o hlaha ho baapostola bohle.+ 8 Qetellong a hlaha ho nna+ jwalo ka ha eka ke ngwana ya hlahileng pele ho nako.

9 Etswe ke nna eo e seng wa bohlokwa ka ho fetisisa hara baapostola mme ha ke tshwanelehe ho bitswa moapostola hobane ke ile ka hlorisa phutheho ya Modimo.+ 10 Empa ka lebaka la mosa* o moholo wa Modimo, ke moapostola. Modimo ha a itshenyetsa nako ka ho ba mosa ho nna hobane ke sebeditse ka thata ho feta ba bang kaofela empa ke entse jwalo ka lebaka la mosa wa Modimo eseng ka matla a ka. 11 Ho sa tsotellehe hore na le rutilwe ke nna kapa ke baapostola ba bang, kaofela re ruta molaetsa o le mong mme le o dumetse.

12 Haeba re ntse re bolella batho hore Kreste o tsositswe bafung,+ ho tla jwang hore ebe ba bang ba lona ba re ha ho na tsoho ya bafu? 13 Haeba ha ho na tsoho ya bafu, le Kreste ha a tsoswa. 14 Empa haeba Kreste ha a tsoswa, mosebetsi wa rona wa ho ruta ha o na thuso le tumelo ya rona ha e na thuso. 15 Haeba ehlile bafu ba ke ke ba tsoswa, le Modimo ha a tsosa Kreste bafung, e leng hore re bua leshano+ haeba re re Modimo o tsositse Kreste bafung.+ 16 Haeba bafu ba ke ke ba tsoswa, le Kreste ha a tsoswa. 17 Haeba Kreste ha a tsoswa, tumelo ya lona ha e na thuso mme ha le a tshwarelwa dibe.+ 18 Hape ba shweleng e le balatedi ba Kreste ba ke ke ba hlola ba phela.+ 19 Haeba re tshepile Kreste bophelong bona feela, re otla pelo ho feta batho bohle.

20 Empa re a tseba hore Kreste o ile a tsoswa bafung. Ke yena motho wa pele wa ho tsoswa hara bohle ba ileng ba shwa.*+ 21 Ka ha lefu le bile teng ka motho,+ tsoho ya bafu le yona e teng ka motho.+ 22 Feela jwalo ka ha bohle ba shwa ka lebaka la Adama,+ bohle ba tla phediswa ka lebaka la Kreste.+ 23 Ba tla tsoswa ka tatellano, e mong le e mong ka nako ya hae, Kreste ke yena ya tsositsweng pele.*+ Ka mora moo, ho tla tsoswa bao e leng ba Kreste ha a se a le teng.+ 24 Ka mora moo, bofelo bo tla tla ebe o kgutlisetsa Mmuso ho Modimo e leng Ntate wa hae ka mora hore a fedise mebuso yohle, bolaodi bohle ha mmoho le bohle ba nang le matla.+ 25 O tla busa e le morena ho fihlela Modimo a behile dira tsohle tlasa taolo ya hae.*+ 26 Sera sa ho qetela e leng lefu se tla fediswa.+ 27 Mangolo a re Modimo “o ile a beha dintho tsohle tlasa taolo ya* Kreste.”+ Ha ho thwe Modimo o behile dintho tsohle tlasa taolo ya Kreste,+ ha ho bolelwe hore le yena o tlasa taolo ya Kreste. Modimo ke yena ya behang dintho tsohle tlasa taolo ya Kreste.+ 28 Ha Modimo a se a behile dintho tsohle tlasa taolo ya Mora, Mora le yena o tla ipeha tlasa taolo ya Modimo e leng yena ya behileng dintho tsohle tlasa taolo ya Mora.+ Ka tsela eo, Modimo o tla busa batho bohle.+

29 Jwale haeba bafu ba ke ke ba tsoswa, ho tla etsahalang ka ba ntseng ba kolobetswa ka morero wa hore ba shwe?+ Ke hobaneng ha ba ntse ba kolobetswa ka morero oo? 30 Ke hobaneng ha le rona re dula re le kotsing?+ 31 Letsatsi le letsatsi ke ba kotsing ya ho shwa. Taba ena ke nnete bana beso feela jwalo ka ha e le nnete hore ke ikotla sefuba ka lona barutuwa ba Kreste Jesu Morena wa rona. 32 Na ho na le thuso ya hore ebe ke lwanne le dibata Efese+ jwalo ka batho ba bang?* Haeba bafu ba ke ke ba tsoswa, “a re jeng, re nweng hobane hosane re tlo shwa.”+ 33 Le se ke la thetswa. Ho tlwaelana le batho ba fosahetseng ho senya mekgwa e metle.+ 34 Hlaphohelwang mme le etse dintho tse nepahetseng. Le se ke la tlwaela ho etsa sebe hobane ba bang ba lona ha le tsebe Modimo. Ke bua tjena e le hore le swabe.

35 Le ha ho le jwalo, e mong a ka nna a re: “Bafu ba tla tsoswa jwang? Ba tla tsoswa ba ena le mmele ya mofuta ofe?”+ 36 Wena ya se nang kelello! Na ha o tsebe hore ha o jala peo e tlameha ho shwa pele ebe ke hona e tla hola?* 37 Ha o jala, ha o jale semela se hodileng. O jala peo feela ebang ke ya koro kapa ke peo ya mofuta o mong. 38 Empa Modimo o etsa hore e hole ka tsela eo a e batlang mme peo e nngwe le e nngwe e hlaha e fapane le tse ding. 39 Mmele ha e tshwane. Ho na le mmele ya batho, ya dikgomo, ya dinonyana le ya ditlhapi. 40 Ho na le mmele ya lehodimong+ le mmele ya lefatsheng.+ Mmele ya lehodimong e metle ka tsela ya yona le mmele ya lefatsheng e metle ka tsela ya yona. 41 Kganya ya letsatsi ha e tshwane le kganya ya kgwedi kapa ya dinaledi.+ Le kganya ya naledi e nngwe ha e tshwane le ya naledi e nngwe.

42 Le tsoho ya bafu e jwalo. Mmele o shweleng* o a bola empa mmele o tsositsweng ha o bole.+ 43 O patwa* o sa hlomphehe empa o tsoswa o hlompheha.+ O patwa* o fokola empa o tsoswa o le matla.+ 44 O patwa* e le mmele wa nama, o tsoswa e le mmele wa moya. Haeba ho na le mmele wa nama, ho boetse ho na le wa moya. 45 Le Mangolo a re: “Motho wa pele Adama e ile ya eba motho ya phelang.”+ Adama wa ho qetela ya eba moya o fanang ka bophelo.+ 46 Le ha ho le jwalo, mmele wa moya ha o a tla pele. Mmele wa nama ke wona o tlileng pele yaba ka mora moo ho tla mmele wa moya. 47 Motho wa pele o tswa lefatsheng mme o entswe ka lerole,+ motho wa bobedi yena o tswa lehodimong.+ 48 Ba entsweng ka lerole ba tshwana le motho wa pele ya entsweng ka lerole, ba lehodimong ba tshwana le ya tswang lehodimong.+ 49 Feela jwalo ka ha re tshwana le ya entsweng ka lerole,+ re tla boela re tshwane le ya tswang lehodimong.+

50 Le ha ho le jwalo bana beso, ke a le bolella hore mmele ya nama le madi e ke ke ya kena Mmusong wa Modimo hape ntho e bolang e ke ke ya eba karolo ya ntho e sa boleng. 51 Ke le bolella lekunutu lena le halalelang: Re ke ke ra shwa kaofela empa kaofela re tla fetolwa+ 52 ka motsotswana, ka ho panya ha leihlo ha terompeta ya ho qetela e lla. Terompeta e tla lla+ mme bafu ba tla tsoswa ba ena le mmele e sa boleng. Re tla fetolwa. 53 Mmele ona o bolang o tla fetolwa o ke keng wa bola+ mme mmele o shwang o tla fetolwa o sa shweng.+ 54 Empa ha mmele o bolang o se o fetotswe o sa boleng mme mmele o shwang o fetotswe o sa shweng, ho tla phethahala mantswe ana a hlahang ka Mangolong a reng: “Lefu le fedisitswe ka ho sa feleng.”+ 55 “Lefu, matla a hao a ho hlola a hokae? Lefu, motsu wa hao o hlabang o hokae?”+ 56 Motsu o hlabang o bakang lefu ke sebe+ mme Molao o fa sebe matla.+ 57 Re leboha Modimo hobane o re thusa ho hlola lefu ka Morena wa rona Jesu Kreste.+

58 Ka hoo, bana beso bao ke ba ratang, le eme le tiile,+ le sa sisinyehe. Le dule le phathahane+ ka mosebetsi wa Morena, le tsebe hore mosebetsi oo le o etsetsang Morena ha se wa lefeela.+

16 Le latele ditaelo tseo ke di fileng diphutheho tsa Galatia tabeng ya tjhelete e bokellwang bakeng sa badumedimmoho le rona.*+ 2 Letsatsing la pele la beke e nngwe le e nngwe, e mong le e mong wa lona a behelle ho hong ka thoko a ipapisitse le hore na a ka kgona ho ntsha bokae e le hore tjhelete e se ke ya bokellwa ha ke fihla. 3 Ha ke fihla moo, banna bao le itseng ba a tshepahala mangolong a lona,+ ke tla ba roma Jerusalema hore ba ise mpho eo le faneng ka yona ka ho rata. 4 Le ha ho le jwalo, haeba ho bonahala ho loketse hore le nna ke ye Jerusalema, ba tla tsamaya le nna.

5 Ke tla tla ho lona ha ke tswa Macedonia hobane ke rera ho pota teng.+ 6 Mohlomong ke tla dula le lona ka nakwana kapa ke qete mariha ohle le lona e le hore le ka mphelehetsa yaba le nkgutlela tseleng ha ke ya moo ebang ke ya teng. 7 Ha ke batle ho pota ho lona ke bile ke feta ka ha ke batla ho dula le lona ka nakwana+ haeba Jehova* a dumela. 8 Ke tla ba mona Efese+ ho fihlela ka Mokete wa Pentekonta 9 hobane ke buletswe monyetla* o moholo wa hore ke sebeletse Morena+ empa ho na le bahanyetsi ba bangata.

10 Haeba Timothea+ a ka fihla, le etse bonnete ba hore ha a tshohe letho ha a le hara lona hobane o etsa mosebetsi wa Jehova*+ jwalo ka nna. 11 Ka hona, ho se ke ha eba le motho ya mo kgellang fatshe. Mo felehetseng e le hore a fihle ho nna a sireletsehile hobane nna le bana ba bo rona re mo emetse.

12 Ha e le ngwanabo rona Apolose,+ ke mo kopile hore a tle ho lona le bana ba bo rona ba bang. O ne a sa rera ho tla hona jwale empa o tla tla ha a ena le monyetla.

13 Dulang le fadimehile,+ le eme le tiile tumelong,+ le be sebete mme le be matla.+ 14 Le etse dintho tsohle ka lerato.+

15 Bana beso, le a tseba hore ba ntlo ya Setefanase ke bona ba pele ba ho ba badumedi Akaia mme ba iteletse ho sebeletsa bana ba bo rona.* 16 Ke kopa hore le sebedisane hantle le batho ba tshwanang le ba ntlo ya Setefanase ha mmoho le bohle ba sebetsang le bona ka thata.+ 17 Ke thabile haholo ha Setefanase,+ Fortunatase le Akaikase ba le teng mona hobane ba nthusitse haholo ha le ne le le siyo. 18 Ba kgothaditse nna le lona haholo. Ka lebaka leo, le ananele* banna ba jwalo.

19 Diphutheho tsa Asia di re le dumele. Akuila le Priska ha mmoho le phutheho e bokanang ha bona+ ba le dumedisa ka mofuthu lona balatedi ba Morena. 20 Bana ba bo rona kaofela ba re le dumele. Dumedisanang ka lerato.*

21 Nna Pauluse, ke le romela ditumediso tsa ka tseo ke di ngotseng ka letsoho la ka.

22 Haeba le ha e le mang a sa rate Morena, o lokela ho fuwa kotlo. Morena wa rona, tloo! 23 E se eka Morena Jesu a ka ba mosa* haholo ho lona. 24 Kgodisehang hore ke le rata haholo kaofela ha lona ba latelang Kreste Jesu.

Ka Segerike: “ba ipiletsang.”

Sheba Tlhaloso.

Lebitso le leng la hae ke Petrose.

Ka Segerike: “palo ya.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “palong eo batho ba hlokofatswang ho yona.” Sheba Tlhaloso ya Palo.

Kapa: “ke tla qhelela ka thoko.”

E leng setsebi sa molao.

Kapa: “mehleng ee.” Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “sesosa sa kgopiso ho Bajuda.”

Sheba Ntlha ya A5.

Ka Segerike: “ke fokola.”

Kapa: “mehleng ena.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “mehleng ena.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “kgokgothela palong.”

Ka Segerike: “moya wa lefatshe.”

Sheba Ntlha ya A5.

Ka Segerike: “jwalo ka bana ho Kreste.”

Kapa: “ba na le sepheo se tshwanang.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “mehleng ena.” Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ya A5.

Lebitso le leng la hae ke Petrose.

Sheba Ntlha ya A5.

Kapa: “re tshwarwa ka sehloho.”

Sheba Ntlha ya A5.

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ke ntse ke nahana ka lona.”

Kapa: “ba etsang.”

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ba etsang.”

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ya etsang.”

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ya meharo.”

Ka Segerike: “bahalaledi.”

Ka Segerike: “bahalaledi.”

Ka Segerike: “ngwanabo.”

Kapa: “thetswa.”

Kapa: “ba etsang.”

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike ho sebedisitswe mantswe a mabedi a fapaneng, mantswe ao a akareletsa banna ba dumelang ho etsa thobalano le banna ba bang le ba etsang thobalano le banna ba bang.

Kapa: “ba meharo.”

Kapa: “ba hlabang ba bang ka mantswe.”

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “ke moya o le mong le yena.”

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “a fe mosadi wa hae tokelo ya mosadi.”

Sheba Ntlha ya A5.

Ka Segerike: “masoha.”

Kapa: “ba se ke ba di sebedisa ka ho feletseng.”

Ka Segerike: “mmele wa hae.”

Ka Segerike: “moya.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “a fetile palesa ya botjha.”

Lebitso le leng la hae ke Petrose.

Kapa: “ditokelo tsa ka.”

Ka Segerike: “ke otla mmele wa ka.”

Kapa: “e ne e le.”

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ya A5.

Ka Segerike: “motimetsi.”

Ka Segerike: “senwelo sa tlhohonolofatso seo re se hlohonolofatsang.”

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Mona ha ho bolelwe lefu la sebele empa ho buuwa ka ho lahlehelwa ke kamano e ntle le Modimo.

Sheba Ntlha ya A5.

Kapa: “ha ke na thuso.”

Kapa: “o a hlompha.”

E leng bokgoni ba ho bua dipuo tse ding ka mohlolo.

Kapa: “ka ho feletseng.”

Ka Segerike: “ya buang maleme.”

Ka Segerike: “tshenolo.”

Sheba Ntlha ya A5.

Ka Segerike: “o na le tshenolo.”

Ka Segerike: “tshenolo.”

Ka Segerike: “bahalaledi.”

Kapa mohlomong: “Haeba mang kapa mang a se na tsebo o tla tswela pele a se na yona.”

Ke lebitso le leng la Petrose.

Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “ditholwana tsa pele ho ba robetseng lefung.”

Ka Segerike: “ditholwana tsa pele.”

Ka Segerike: “maoto a hae.”

Ka Segerike: “maoto a.”

Kapa mohlomong: “ho ya ka batho.”

Ka Segerike: “phela.”

Ka Segerike: “jetsweng.”

Ka Segerike: “jalwa.”

Ka Segerike: “jalwa.”

Ka Segerike: “jalwa.”

Ka Segerike: “bahalaledi.”

Sheba Ntlha ya A5.

Ka Segerike: “monyako.”

Sheba Ntlha ya A5.

Ka Segerike: “bahalaledi.”

Kapa: “le hlomphe.”

Ka Segerike: “ka kako e halalelang.”

Sheba Tlhaloso.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share