LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • nwt maq. 2022-2023
  • B1 Molaetsa wa Bibele

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • B1 Molaetsa wa Bibele
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Ka mora 4026 B.C.E.
  • 1943 B.C.E.
  • Ka mora 1070 B.C.E.
  • 29 C.E.
  • 33 C.E.
  • Hoo e ka bang ka 1914 C.E.
  • Bokamoso
  • Boprofeta ba Pele bo Hlahang ka Bibeleng bo ka o Tswela Molemo Jwang?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Jehova o Senola Morero wa Hae
    Mmuso wa Modimo o a Busa!
  • O ka Fumana Mangolo Jwang ka Bibeleng ya Hao?
    Dihlooho Tse Ding
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
B1 Molaetsa wa Bibele

B1

Molaetsa wa Bibele

Printed Edition

Jehova Modimo o na le tokelo ya ho busa. Mokgwa wa hae wa ho busa ke ona o molemo. Morero wa hae ka lefatshe le ka batho o tla phethahala.

Adama le Eva Serapeng sa Edene le noha pela bona

Ka mora 4026 B.C.E.

“Noha” e belaella tokelo ya Jehova ya ho busa le tsela ya hae ya ho busa. Jehova o tshepisa ho hlahisa “ngwana” ya tla fedisa noha e leng Satane. (Genese 3:1-5, 15) Empa Jehova o dumella hore ho fete nako batho ba ntse ba ipusa ba laolwa ke noha e leng Satane.

Abrahama o utlwa tshepiso ya Modimo

1943 B.C.E.

Jehova o bolella Abrahama hore “ngwana” ya tshepisitsweng e tla ba e mong wa ditloholo tsa hae.—Genese 22:18.

Morena Davida

Ka mora 1070 B.C.E.

Jehova o kgodisa Morena Davida mme ha morao o kgodisa le mora wa hae Solomone hore “ngwana” ya tshepisitsweng o ne a tla hlaha lelokong la bona.—2 Samuele 7:12, 16; 1 Marena 9:3-5; Esaia 9:6, 7.

Jesu ha a ne a kolobetswa

29 C.E.

Jehova o tsebahatsa Jesu e le “ngwana” ya tshepisitsweng eo e tla ba Mojalefa teroneng ya Davida.—Bagalata 3:16; Luka 1:31-33; 3:21, 22.

Jesu ha a ne a shwa

33 C.E.

Noha e leng Satane, e holofatsa “ngwana” ya tshepisitsweng ka ho etsa hore Jesu a bolawe. Jehova o tsosa Jesu hore a yo phela lehodimong mme o amohela bophelo ba Jesu bo phethahetseng boo a faneng ka bona e le sehlabelo mme e eba motheo wa tshwarelo ya dibe le ho fa ditloholo tsa Adama bophelo bo sa feleng.—Genese 3:15; Diketso 2:32-36; 1 Bakorinthe 15:21, 22.

Noha, Satane, o lahlelwa lefatsheng jwalo ka ha ho tshepisitswe ho Tshenolo

Hoo e ka bang ka 1914 C.E.

Jesu o dihela noha e leng Satane lefatsheng mme o mo boloka moo ka nakwana.—Tshenolo 12:7-9, 12.

Jesu o busa lefatshe a dutse teroneng lehodimong jwalo ka ha ho tshepisitswe ho Tshenolo

Bokamoso

Jesu o kwalla Satane ka dilemo tse 1 000 mme o a mo fedisa, o mo kgoba hlooho ka tsela ya tshwantshetso. Morero wa Jehova ka lefatshe le batho o a phethahala mme ho tloswa qoso lebitsong la hae le pusong ya hae.—Tshenolo 20:1-3, 10; 21:3, 4.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share