LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • nwt leq. 28-leq. 29
  • Potso ya 16: O ka etsang ha o ena le mathata?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Potso ya 16: O ka etsang ha o ena le mathata?
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Potso ya 16: O ka etsang ha o ena le mathata?

POTSO YA 16

O ka etsang ha o ena le mathata?

“Lahlela morwalo wa hao ho Jehova, o tla o tshehetsa. Le ka mohla a ke ke a tlohela ya lokileng hore a we.”

Pesaleme ya 55:22

“Merero ya motho ya kgothetseng e a mo thusa empa e mong le e mong ya lepotlapotla o tla futsaneha.”

Diproverbia 21:5

“O se ke wa tshoha ka ha ke na le wena. O se ke wa tshwenyeha hobane ke nna Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke tla o thusa. Ke tla o tshwara ka letsoho la ka le letona la ho loka.”

Esaia 41:10

“Ke mang ho lona eo ha a tshwenyeha a ka lelefatsang bophelo ba hae le ha e le hanyenyane feela?”

Matheu 6:27

“Le ka mohla le se ke la tshwenyeha ka letsatsi le hlahlamang hobane letsatsi le hlahlamang le tla ba le matshwenyeho a lona. Letsatsi ka leng le na le mathata a lona.”

Matheu 6:34

“Le kgone ho lemoha hore na dintho tsa bohlokwa haholo ke dife.”

Bafilipi 1:10

Mme o rapela le moradi wa hae pele ba ja

“Le se ke la tshwenyeha ka letho. Ho ena le hoo, le rapele Modimo ka mehla, le mo kope ka tiyo hore a le tataise dinthong tsohle mme le mo lebohe ka mehla. Ha le etsa jwalo, Modimo o tla lebela dipelo tsa lona le menahano ya lona ka ho le fa kgotso eo batho ba ke keng ba e utlwisisa, a sebedisa Kreste Jesu.”

Bafilipi 4:6, 7

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share