Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • g21 No. 2 maq. 7-9
  • Ke Jwang Theknoloji e ka Amang Bana ba Hao?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ke Jwang Theknoloji e ka Amang Bana ba Hao?
  • Fadimehang!—2021
  • Dihloohwana
  • SEO O LOKELANG HO SE TSEBA
  • SEO O KA SE ETSANG
Fadimehang!—2021
g21 No. 2 maq. 7-9
Bana ba dilemo tse fapaneng ba ithabisa ka disebediswa tsa elektronike ho e na le hore ba bapale dipapadi tsa ka ntle kapa ka di toy.

Ke Jwang Theknoloji e ka Amang Bana ba Hao?

Ho ka ba thata hore batho ba baholo ba ithute ho sebedisa marangrang kapa disebediswa tsa elektronike. Empa ho bonolo hore bana ba di sebedise hobane ba hlaha theknoloji e se e ntse e le karolo ya bophelo ba bona.

Batho ba bang ba hlokometse hore bana ba qetang nako e ngata ba sebedisa marangrang, hangata . . .

  • ba lemalla ho dula ba le disebedisweng tsa elektronike.

  • ba a hloriswa kapa ba hlorisa bana ba bang Inthaneteng.

  • ba qetella ba shebelletse pornography le ha e ne e se ka morero.

SEO O LOKELANG HO SE TSEBA

Moshanyana o tshwere fono mme o kwala monyako a tshohile ha Mme wa hae a feta.

HO LEMALLA THEKNOLOJI

Ho bonolo ho lemalla dintho tse Inthaneteng jwalo ka dipapadi tsa Inthanete. Taba ena e entswe ka boomo. Buka ya Reclaiming Conversation e re “dintho tse difonong tsa rona di entswe ka tsela e tla etsa hore re dule re di shebile.” Ha re dula re shebile dintho tse bapatswang difonong tsa rona, re thusa borakgwebo ho etsa tjhelete e ngata le ho feta.

SEO O KA NAHANANG KA SONA: Na o bona eka bana ba hao ba rata disebediswa tsa elektronike ho feta tekano? O ka ba thusa jwang hore ba sebedise nako ya bona hantle?​—BAEFESE 5:​15, 16.

HO HLORISWA INTHANETENG

Ha batho ba bang ba le Inthaneteng, ba buisa batho ba bang hampe ebile ba ba utlwisa bohloko le ho rohakana e leng se ka fellang ka hore ba ba hlorise.

Batho ba bang ba sebedisa marangrang ka tsela ena e le hore ba ratwe le ho latelwa ke batho ba bangata. Motho e mong a ka utlwa bohloko kapa a utlwa eka ba bang ba mo tshwara hampe ha a bona hore ho ne ho entswe moketjana mme yena a sa mengwa.

SEO O KA NAHANANG KA SONA: Na bana ba hao ba buisa batho ba bang hampe Inthaneteng? (Baefese 4:​31) Ba ikutlwa jwang haeba ba sa kenyelletswe dinthong tse ding?

PORNOGRAPHY

Ho bonolo ho fumana kapa ho bona dintho tse mpe Inthaneteng. Batswadi ba lokela ho hlokomela hore le hoja ba sebedisa mekgwa e thibelang bana ba bona ho bona dintho tse mpe Inthaneteng, ha se ka mehla mekgwa e jwalo e sebetsang ka ho felletseng.

E ka ba tlolo ya molao hore motho a romele ditshwantsho tsa moo a tsotseng kapa ho amohela tsa ba bang. Ho itshetlehile ka melao ya sebakeng seo o dulang ho sona le dilemo tsa batho ba hlahang difotong tseo, batho ba etsang ntho ena ba ka qoswa ka pornography ya bana.

SEO O KA NAHANANG KA SONA: Ke jwang o ka thusang bana ba hao hore ba se ke ba lekeha ho sheba kapa ho romela ditshwantsho tse ditshila ka marangrang?​—BAEFESE 5:​3, 4.

SEO O KA SE ETSANG

KWETLISA BANA BA HAO

Le hoja ho le bonolo hore bana ba sebedise theknoloji, ba ntse ba hloka tataiso. Buka e bitswang Indistractable e bontsha hore ho fa bana difono kapa disebediswa tse ding tsa elektronike pele ba kwetlisetswa ho di sebedisa hantle, ho tshwana le ho “ba dumella ho ikakgela ka letamong ba sa tsebe ho sesa.”

KELETSO YA BIBELE: “Kwetlisa [ngwana] ho ya ka tsela e mo loketseng, esita le ha a tsofala a ke ke a e kgeloha.”​—LIPROVERBIA 22:6.

Tshwaya ditlhahiso tseo o ka ratang ho di sebedisa kapa o ngole dintho tseo o batlang ho di etsa.

  • Buisana le ngwana ka hore a buise batho hantle ha a sebedisa marangrang

  • Thusa ngwana hore a se ke a utlwa bohloko ha a sa mengwa dinthong tse itseng

  • Etsa sohle seo o ka se kgonang ho kwala dintho tse mpe tse ka hlahang Inthaneteng

  • Hlahloba fono ya ngwana kgafetsa ho bona hore na o etsang ka yona

  • Beha nako eo a ka e qetang a sebedisa fono

  • Thibela ngwana hore a se ke a sebedisa fono ha a ilo robala

  • Etsa molao wa hore ho se be le motho ya sebedisang fono nakong ya dijo

DIPOTSO TSEO BATSWADI BA KA BUISANANG KA TSONA

  • Na re fa ngwana fono kapa sesebediswa se seng sa elektronike e le hore a dule a phathahane?

  • Na ngwana wa rona o hloka Inthanete? Haeba ho jwalo, hobaneng?

  • Na re ka kgona ho fa ngwana wa rona sesebediswa sa elektronike se kgonang ho kena Ithaneteng?

  • Na ngwana wa rona o kgona ho bontsha boitshwaro ha a sebedisa marangrang?

  • Ngwana wa rona o bontshitse jwang hore o na le boikarabelo?

  • Re ka mo behela melao efe?

  • Re ka thusa ngwana wa rona jwang hore a be le nako ya dintho tse ding eseng fono feela?

    KELETSO YA BIBELE: ‘Batho ba hodileng ka ho feletseng, matla a bona a ho lemoha a kwetliseditswe ho kgetholla se nepahetseng le se fosahetseng.’​—BAHEBERU 5:14.

Laureta le David.

“Ke hobaneng ha bana ba hao ba batla ho ba le difono? Ba sebedisa ya hao jwang? Ba kena diwebsaeteng dife? Ba bapala dipapadi tse jwang? Ba sebedisa fono nako e kae? Hlahloba hore na bana ba hao ba hodile ka ho lekaneng le hore na ba bontsha boitshwaro pele o ba fa sesebediswa sa elektronike.”​—LAURETA LE MONNA WA HAE DAVID

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela