THUTO 15
Ke Hobaneng ha o Lokela ho Tswela Pele ho Ithuta Ditaba Tse Molemo?
1. O ka fumana molemo jwang ha o ntse o ithuta Bibele?
Ha ho pelaelo hore ho hlahloba dithuto tsa bohlokwa tsa Bibele ho entse hore o rate Jehova le ho feta. Tswela pele o sebetsa ka thata, e le hore lerato leo le dule le le matla. (1 Petrose 2:2) Tshepo ya hao ya ho phela ka ho sa feleng e itshetlehile ka hore o tswele pele ho atamela haufi le Modimo ka ho ithuta Lentswe la hae.—Bala Johanne 17:3; Juda 21.
Ha o ntse o eketsa tsebo ya hao ka Modimo, tumelo ya hao e tla matlafala. Tumelo e tla o thusa hore o thabise Modimo. (Baheberu 11:1, 6) E tla o thusa hore o bake le hore o etse diphetoho bophelong ba hao.—Bala Liketso 3:19.
2. Tsebo ya hao ka Modimo e ka thusa ba bang jwang?
O ka ba motswalle wa Jehova
Ho tla itlela feela hore o batle ho bolella batho ba bang dintho tseo o ithutileng tsona, kaofela ha rona re rata ho bolella ba bang ditaba tse molemo. Ha o ntse o bala Bibele, o tla ithuta kamoo o ka e sebedisang ho hlalosa tumelo ya hao ho Jehova le kamoo o ka hlalosang ditaba tse molemo kateng.—Bala Baroma 10:13-15.
Batho ba bangata ba qala ka ho bolella metswalle le beng ka bona ditaba tse molemo. Eba bohlale. Ho e na le hore o ba bolelle hore bodumedi ba bona hase ba nnete, ba bolelle ka seo Modimo a se tshepisang. Hape, hopola hore hangata batho ba kgahlwa ke boitshwaro ba hao bo botle ho feta seo o se buang.—Bala 2 Timothea 2:24, 25.
3. O ka ba le setswalle sa mofuta ofe le Modimo?
Ho ithuta Lentswe la Modimo ho tla o thusa hore setswalle sa hao le yena se hole. Qetellong, o ka nna wa ba le kamano e kgethehileng le Jehova. Ha e le hantle a ka o amohela hore o be setho sa lelapa la hae.—Bala 2 Bakorinthe 6:18.
4. O ka etsa jwang hore setswalle sa hao le Modimo se tswele pele ho hola?
O ka hodisa setswalle sa hao le Modimo ka ho eketsehileng ka hore o tswele pele ho ithuta Lentswe la hae. (Baheberu 5:13, 14) Kopa e mong wa Dipaki Tsa Jehova hore a ithute Bibele le wena le sebedisa buka ya Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Ha o ntse o ithuta Lentswe la Modimo, o tla atleha haholwanyane bophelong.—Bala Pesaleme ya 1:1-3; 73:27, 28.
Ditaba tse molemo di tswa ho Jehova, Modimo ya thabileng. O ka atamela haufi le yena haeba o tlwaelana le batho ba hae. (Baheberu 10:24, 25) Ha o tswela pele ho leka ho thabisa Jehova, o batla bophelo ba sebele, e leng bophelo bo sa feleng. Ho atamela haufi le Modimo ke ntho e molemo ka ho fetisisa eo o ka e etsang.—Bala 1 Timothea 1:11; 6:19.