Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • kr kgao. 12 maq. 118-131
  • Ho Hlophisetswa ho Sebeletsa “Modimo wa Kgotso”

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlophisetswa ho Sebeletsa “Modimo wa Kgotso”
  • Mmuso wa Modimo o a Busa!
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • “Ke Tla Beha Kgotso Hore e be Balebedi ba Hao”
  • Kreste o Etella Pele Phutheho Jwang?
  • “Le e ba Mehlala ho Mohlape”
  • Kajeno Baholo ba Disa Mohlape wa Modimo Jwang?
  • Diphetoho tse Amanang le Baholo di Matlafatsa Bonngwe ba Batho ba Modimo
  • Phutheho ya Dipaki Tsa Jehova e Hlophisitswe Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Mmuso wa Modimo o a Busa!
kr kgao. 12 maq. 118-131

KGAOLO YA 12

Ho Hlophisetswa ho Sebeletsa “Modimo wa Kgotso”

NTLHAKGOLO YA KGAOLO

Butlebutle Jehova o hlophisa batho ba hae

1, 2. Makasine ya Zion’s Watch Tower e ile ya e ba le phetoho efe ka January 1895, hona barababo rona ba ile ba reng?

JOHN A. BOHNET, eo e neng e le Moithuti wa Bibele ya tjhesehang, o ile a amohela makasine ya Zion’s Watch Tower ya January 1895 yaba o thaba haholo ha a e bona. Sekwahelo sa makasine se ne se fetohile, se ne se e na le setshwantsho sa tora e lewatleng le mabifi e kgantshitseng lefifing. Tsebiso e mabapi le sekwahelo se setjha sa makasine e ne e e na le sehlooho se reng, “Sekwahelo sa Rona se Setjha.”

2 A kgahlilwe ke seo a se boneng, Morabo rona Bohnet o ile a ngolla Morabo rona Russell lengolo. O ile a re: “Ke thabela ho bona kamoo makasine ya Watchtower e shebahalang kateng. E ntle.” Morabo rona, John H. Brown yena o ile a re: “E kgahla mahlo. Ke kgahlwa ke kamoo motheo wa tora eo o tiileng kateng ha maqhubu le difefo di ntse di e otla.” Ho fetoha ha sekwahelo sa makasine e ile ya e ba phetoho ya pele eo barababo rona ba ileng ba e bona selemong seo, empa ha ya ka ya e ba ya ho qetela. Ka November ho ile ha boela ha e ba le phetoho e kgolo. Ho thahasellisang ke hore e ne e amana le lewatle le mabifi.

3, 4. Ke bothata bofe bo ileng ba pepeswa makasineng ya Watch Tower ya November 15, 1895, hona ho ile ha phatlalatswa phetoho efe e kgolo?

3 Ho ile ha e ba le sehlooho se seholo se ileng sa hatiswa makasineng ya Watch Tower ya November 15, 1895, se ileng sa pepesa bothata bo itseng: Ho ne ho e na le maqhubu a mabifi a neng a sitisa kgotso mokgatlong wa Baithuti ba Bibele. Barababo rona ba ne ba dula ba ngangisana ka hore na ke mang eo e lokelang ho ba moetapele ka phuthehong. E le hore barababo rona ba thuswe ho lokisa ditsekisano tseo tse neng di baka dikarohano, sehlooho seo se ile sa tshwantsha mokgatlo le sekepe. Yaba, se sa hlathe kwana le kwana, se bontsha hore batho ba neng ba etella pele mokgatlong ba hlolehile ho etsa hore mokgatlo o tshwantshetswang ke sekepe o itokisetse difefo. Keng se neng se lokela ho etswa?

4 Sehlooho seo se ile sa bontsha hore motsamaisi wa sekepe o lokela ho etsa bonnete ba hore ho na le dintho tse tla sebediswa ho pholosa batho le hore basebetsi ba sekepeng ba itokisetse ho thusa batho ha sefefo se tla. Ka ho tshwanang, batho ba etellang pele mokgatlong ba ne ba lokela ho etsa bonnete ba hore diphutheho tsohle di itokiseditse ho sebetsana le maemo a kang sefefo. E le hore ho finyellwe seo, sehlooho seo se ile sa phatlalatsa phetoho e kgolo. Se ile sa bolela hore hanghang “phuthehong e nngwe le e nngwe ho lokela ho kgethwa baholo e le hore “‘ba lebele’ mohlape.”—Lik. 20:28.

5. (a) Ke hobaneng ha tokisetso ya ho kgetha baholo e ile ya e ba nakong? (b) Re tla tshohla dipotso dife?

5 Tokisetso ena ya ho kgetha baholo e ile ya e ba mohato o nakong bakeng sa ho theha diphutheho tse tsitsitseng. E ile ya thusa barababo rona ho feta maqhubung a ileng a fehlwa ke Ntwa ya Pele ya Lefatshe. Dilemo tse mashome tse ileng tsa latela, ho ile ha e ba le diphetoho mokgatlong tse ileng tsa thusa batho ba Modimo hore ba sebeletse Jehova hamolemo. Ke boprofeta bofe ba Bibele bo ileng ba bolela ka phetoho ye? Ke diphetoho dife tseo o di boneng? Diphetoho tseo di o thusitse jwang?

“Ke Tla Beha Kgotso Hore e be Balebedi ba Hao”

6, 7. (a) Esaia 60:17 e bolelang? (b) Jehova o ne bontshang ha a ne a bua ka “balebedi” le “ba o abelang mosebetsi”?

6 Jwalokaha re bone Kgaolong ya 9, Esaia o ile a bolela esale pele hore Jehova o ne a tla hlohonolofatsa batho ba hae ka hore ba eketsehe. (Esa. 60:22) Empa Jehova o ile a tshepisa ho etsa se fetang seo. Boprofeteng bona boo, o ile a re: “Ke tla tlisa kgauta ho e na le koporo, ke tla tlisa silevera ho e na le tshepe, mme ke tla tlisa koporo, ho e na le lehong, ke tlise tshepe, ho e na le majwe; ke tla beha kgotso hore e be balebedi ba hao le ho loka hore e be ba o abelang mosebetsi.” (Esa. 60:17) Boprofeta boo bo bolelang? Bo re ama jwang kajeno?

Ha diphetoho di e ba teng, se molemo se nkelwa sebaka ke se molemo le ho feta, eseng hore se molemo se nkelwa sebaka ke se sebe

7 Boprofeta ba Esaia bo bolela hore serafshwa se seng se ne se nkelwa sebaka ke se seng. Empa hlokomela hore ho nkelwa sebaka hona ke diphetoho, hase hore se sebe se nkelwa sebaka ke se molemo empa se molemo se nkelwa sebaka ke se molemo le ho feta. Ha koporo e nkelwa sebaka ke kgauta, seo ke ntlafatso mme se tshwanang se etsahala ka dirafshwa tse ding tseo ho builweng ka tsona. Kahoo, ha Jehova a etsa papiso ena, o ne a bolela hore boemo ba batho ba hae bo ne bo tla ntlafala mohato ka mohato. Boprofeta bo bua ka ho ntlafala ha mofuta ofe? Ha Jehova a bua ka “balebedi” le “ba o abelang mosebetsi” o ne a bontsha hore ntlafatso ena e ne e tla ba ka tsela eo batho ba hae ba neng ba tla hlokomelwa le ho hlophiswa ka yona.

8. (a) Dintlafatso tseo ho builweng ka tsona boprofeteng ba Esaia di tlisitswe ke mang? (b) Re rua molemo jwang diphetohong tseo? (Sheba le lebokose le reng, “O Ile a Amohela Kgalemelo ka Boikokobetso.”)

8 Ke mang ya etsang hore ho be le tswelo pele e jwalo ka hara mokgatlo? Jehova o re: “Ke tla tlisa kgauta, . . . ke tla tlisa silevera, . . . ke tla beha kgotso.” Ka sebele, diphetoho tse bileng teng tsa ho hlophisa phutheho, ha dia etswa ke batho empa di entswe ke Jehova. Hape, ka mora hore Jesu a hlomamiswe jwaloka Morena, Jehova o ile a nna a tlisa diphetoho tseo a sebedisa Mora wa hae. Re rua molemo jwang diphetohong tseo? Lengolo lona leo le bontsha hore diphetoho tsena di tlisa “kgotso” le “ho loka.” Ha re amohela tataiso ya Modimo mme re etsa diphetoho, ho rena kgotso hara rona mme ho rata ho loka ho tla re susumelletsa hore re sebeletse Jehova, eo Pauluse a ileng a re ke “Modimo wa kgotso.”—Bafil. 4:9.

9. Motheo wa ho ba le taolo le bonngwe ka phuthehong ke ofe, hona hobaneng?

9 Ha a bua ka Jehova, Pauluse o ile a boela a re: “Modimo hase Modimo wa ho hloka taolo, empa ke wa kgotso.” (1 Bakor. 14:33) Hlokomela hore Pauluse ha aa ka a bapisa ho hloka taolo le ho ba le taolo, empa o ile a bapisa ho ba le taolo le kgotso. Hobaneng? Nahana ka sena: Hase kamehla ho ba le taolo ho fellang ka kgotso. Ka mohlala, masole a ka matjha ka taolo ho ya moleng wa ntwa empa taolo eo e fella ka ntwa, eseng kgotso. Ke kahoo, rona jwaloka Bakreste re batlang ho dula re hopola sena: Ha re ka ba le taolo empa motheo wa yona e se kgotso, taolo eo e ke ke ya tshwarella. Ho fapana le hoo, kgotso ya Modimo e etsa hore ho be le taolo e tshwarellang. Kahoo, re thaba hakaakang hore ebe mokgatlo wa rona o tataiswa le ho hlwekiswa ke “Modimo ya fanang ka kgotso”! (Bar. 15:33) Kgotso eo Modimo a re fang yona e etsa hore re be le taolo mme re be le bonngwe boo re bo thabelang diphuthehong tsa rona lefatsheng lohle.—Pes. 29:11.

10. (a) Ke diphetoho dife tse ileng tsa ba mokgatlong wa rona dilemong tsa pele? (Sheba lebokose le reng, “Kamoo ho Kgethwa ha Baholo ho Ileng ha Ntlafala Kateng.”) (b) Re tla tshohla dipotso dife?

10 Ha re hlahloba lebokose le reng, “Kamoo ho Kgethwa ha Baholo ho Ileng ha Ntlafala Kateng,” re bona kamoo diphetoho tse ileng tsa ba mokgatlong wa rona dilemong tseo tsa pele di ileng tsa ba molemo mme tsa tlisa taolo kateng. Empa morao tjee, ke diphetoho dife tse tshwanang le ho tlisa “kgauta ho e na le koporo” tseo Jehova a ileng a di tlisa ka Morena wa rona? Diphetoho tseo tse mabapi le bolebedi di ile tsa matlafatsa kgotso le bonngwe ba diphutheho lefatsheng lohle jwang? Di o thusa jwang hore o sebeletse “Modimo wa kgotso”?

Kreste o Etella Pele Phutheho Jwang?

11. (a) Lenaneo la thuto ya Bibele le ile la etsa hore sehlopha se busang se etse phetoho efe? (b) Barababo rona ba sehlopha se busang ba ile ba ikemisetsa ho etsang?

11 Ho tloha ka 1964 ho ya ho 1971 sehlopha se busang se ile sa hlophisa hore ho be le lenaneo la thuto ya Bibele le pharalletseng mme hara tse ding tsa dintho tse neng di hlahlojwa e ne e le kamoo phutheho ya Bokreste ya mehleng ya baapostola e neng e sebetsa kateng.a Thuto eo e ile ya bontsha hore mehleng ya baapostola, phutheho e ne e sa hlokomelwe ke moholo kapa molebedi a le mong empa e ne e hlokomelwa ke sehlopha sa baholo. (Bala Bafilipi 1:1; 1 Timothea 4:14.) Ha barababo rona ba sehlopha se busang ba se ba utlwisisitse taba eo hantle, ba ile ba hlokomela hore Morena Jesu, o ne a ba tataisetsa hore ba ntlafatse tsela eo ba hlophisang batho ba Modimo ka yona, mme ba ile ba ikemisetsa ho ikokobelletsa tataiso eo. Ntle ho tshenyo ya nako ba ile ba etsa diphetoho mme ba latela tataiso ya Mangolo ha ba kgetha baholo. Tse ding tsa diphetoho tse ileng tsa etswa qalong ya 1970 ke dife?

O ILE A AMOHELA KGALEMELO KA BOIKOKOBETSO

MAKASINE ya The Watch Tower ya April 1, 1916, ya Sefinnishe e ne e e na le lengolo le tswang ho Morabo rona Russell le neng le e e ya ho barababo rona ba mmalwa ba dulang Scandinavia, ho akarelletsa le Morabo rona Kaarlo Harteva. Morabo rona Russell o ile a re: “Re kgothalletsa lona barababo rona tumelong hore le kgutlele nneteng mme le etse mosebetsi o lokelang ho etswa.” Ke hobaneng ha Morabo rona Russell a ile a kgothalletsa seo?

Kaarlo Harteva

Kaarlo Harteva

Morabo rona Harteva, ya hlahileng ka 1882 e ne e le e mong wa Baithuti ba Bibele ba Finland. O ile a kolobetswa ka April 1910 mme ka 1912, Morabo rona Russell o ile a mo fa tumello ya hore a hatise The Watch Tower ka Sefinnishe. Dintho di ne di ntse di tsamaya hantle ho fihlela ha Ntwa ya Pele ya Lefatshe e qhoma. Morabo rona Harteva o ile a ngola makasineng ya The Watch Tower ya December 1, 1914 a re: “Ka lebaka la maemo a thata a moruo, . . . re ke ke ra tshepisa hore The Watch Tower e tla hatiswa e feletse kapa hore e tla hatiswa kamehla selemong sena.” Leha ho le jwalo, e le hore ba fumane tjhelete ya ho hatisa, ka 1915, Morabo rona Harteva le ba bang ba ile ba theha mokgatlo o bitswang Ararat o ileng wa qala ho hatisa makasine e bitswang ka lebitso leo.

Morabo rona Harteva o ile a ameha haholo ka mokgatlo o motjha le makasine e ntjha mme morabo rona e mong o ile a qala ho ba mohlophisi wa Watch Tower ya Sefinnishe. Makasine ya Ararat e ile ya hatisa dihlooho tsa Bibele empa hape e ne e e na le dihlooho tse neng di bua ka ho sebedisa dintho tsa tlhaho ho phekola mafu hape e bua ka puo e ntjha ya Seesperanto. Ho e so ye kae, makasine ena e ntjha e ile ya sitisa barababo rona hore ba ithute dithuto tse hlakileng tsa nnete. Ka nako eo, Morabo rona Russell o ile a kgathatseha ka hore ba tla tlohela nnete yaba o kgothalletsa Morabo rona Harteva le ba bang hore “ba kgutlele nneteng.”

Morabo rona Harteva o ile a etsang? O ile a hatisa lengolo leo la Morabo rona Russell hammoho le karabo ya hae makasineng ya Ararat. Morabo rona Harteva o ile a kopa tshwarelo mme a re: “Ke batla ho etsa seo nka se kgonang ho lokisa dintho.” Nakwana ka mora moo, makasineng ya ho qetela ya Ararat, Morabo rona Harteva o ile a boela a kopa tshwarelo ka lebaka la pherekano eo a e bakileng yaba o phaella ka ho re: “Ke tla leka hore ke be hlokolosi haholwanyane mabapi le dinnete tseo re ithutang tsona hona jwale.” Ho fapana le baholo ba bang ba neng ba ikgohomosa ka nako eo, Kaarlo Harteva o ile a amohela kgalemelo eo ka boikokobetso.

Hamorao Morabo rona Harteva o ile a boela a kgethwa hore e be mohlophisi wa The Watch Tower ka Sefinnishe le hore e be molebedi wa ofisi ya lekala. O ile a phetha boikarabelo boo ho fihlela ka 1950. O ile a qeta tshebeletso ya hae ya lefatsheng ka 1957, a ntse a tshepahala ho Jehova le dinneteng tseo a ithutileng tsona. Ka sebele, ha batho ba amohela kgalemelo e tswang ho Morena Jesu ka boikokobetso, ba a hlwekiswa mme Jehova wa ba hlohonolofatsa.

12. (a) Ke phetoho efe e ileng ya etswa ho sehlopha se busang? (b) Hlalosa hore na Sehlopha se Busang se hlophisitswe jwang kajeno. (Sheba le lebokose le reng “Sehlopha se Busang se Hlokomela Ditlhoko Tsa Mmuso Jwang?” leqepheng la 130.)

12 Phetoho ya pele e ile ya ama sehlopha se busang ka ho toba. Ho fihlela ka nako eo, sehlopha seo sa barababo rona ba batlotsuwa e ne e le ditho tse supileng tsa batsamaisi ba Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. Leha ho le jwalo, ka 1971, sehlopha se busang se ile sa eketseha ho tloha ho ditho tse 7 ho ya ho tse 11 mme ho ile ha e ba le phapang pakeng tsa sehlopha se busang le sehlopha sa batsamaisi. Ditho tseo di ne di nka hore ha ho ya phahametseng e mong mme selemo le selemo di ne di fapanyetsana ka ho ba modulasetulo ho ya ka tatellano ya ditlhaku tse qalang tsa mabitso a bona.

13. (a) Ho ile ha e ba le tokisetso efe e ileng ya sebetsa ho tloha ka 1932 ho ya ho 1972? (b) Sehlopha se Busang se ile sa etsang ka 1972?

13 Phetoho e ileng ya latela e ile ya ama diphutheho. Jwang? Ho tloha ka 1932 ho ya ho 1972 phutheho e ne e etellwa pele ke morabo rona a le mong. Ho fihlela ka 1936, morabo rona eo ya kgethilweng o ne a bitswa motsamaisi wa tshebeletso. Ka mora moo o ile a bitswa mohlanka wa phutheho mme qetellong a bitswa molebedi wa phutheho. Ka tjheseho bara bao babo rona ba ile ba hlokomela mohlape moyeng. Hangata molebedi o ne a etsa diqeto a le mong ntle le hore a buisane le bahlanka ba bang ba phutheho. Leha ho le jwalo, selemong sa 1972, Sehlopha se Busang se ile sa lokisetsa phetoho e nngwe e kgolo. Phetoho eo e ne e le efe?

14. (a) Ke tokisetso efe e ntjha e ileng ya qala ho sebetsa ka la 1 October, 1972? (b) Mohokahanyi wa sehlopha sa baholo o sebedisa keletso e ho Bafilipi 2:3 jwang?

14 Ho e na le hore ebe morabo rona a le mong ya sebeletsang e le molebedi wa phutheho, barababo rona ba bang ba neng ba tshwaneleha ho latela Mangolo le bona ba ne ba kgethwa ka tsela ya puso ya Modimo hore ba sebeletse e le baholo ba Bakreste. E ne e tla ba sehlopha sa baholo se neng se tla lebela phutheho. Tokisetso eo e ntjha ya ho kgetha baholo e ile ya qala ho sebetsa ka la 1 October, 1972. Kajeno mohokahanyi wa sehlopha sa baholo ha a inke e le wa bohlokwa ho feta baholo ba bang empa o inka e le “e monyenyane.” (Luka 9:48) Ke tlhohonolofatso e kaakang ho ba le barababo rona ba ikokobeditseng jwalo mokgatlong wa rona wa lefatsheng lohle wa bara ba motho!—Bafil. 2:3.

Ho hlakile hore Morena wa rona ya bohlale o ile a nna a fa balatedi ba hae badisa ka nako e nepahetseng

15. (a) Tokisetso ya hore ho be le sehlopha sa baholo ka diphuthehong e hlahisitse melemo efe? (b) Keng se bontshang hore Morena wa rona o bohlale?

15 Tokisetso ya hore dihlopha tsa baholo di arolelane boikarabelo ba phutheho e ile ya nna ya e ba ntlafatso e kgolo. Nahana ka melemo ena e meraro: Wa pele e leng wa bohlokwa ka ho fetisisa, ke hore tokisetso ena e thusa baholo bohle, ho sa tsotellehe hore na boikarabelo ba phutheho bo boima hakae, hore ba ele hloko hore Jesu ke Hlooho ya phutheho. (Baef. 5:23) Wa bobedi, jwalokaha Liproverbia 11:14 e bolela: “Ho na le poloko ha baeletsi ba le bangata.” Ha baholo ba buisana ka dintho tse amanang le hore na phutheho e ka sebeletsa Modimo jwang ebile ba ela hloko ditlhahiso tsa baholo ba bang, ba ka kgona ho fihlela diqeto tse dumellanang le melaomotheo ya Bibele. (Liprov. 27:17) Jehova o hlohonolofatsa diqeto tse jwalo mme dia atleha. Wa boraro, kaha barababo rona ba tshwanelehang ho sebeletsa jwaloka baholo ba ntse ba eketseha, seo se thusitse mokgatlo hore o kgone ho thusa diphutheho tse ntseng di eketseha hore di fumane baholo ba tla di disa. (Esa. 60:3-5) A ko nahane ka sena, palo ya diphutheho tsa lefatsheng lohle e ile ya eketseha ho tloha ho tse fetang 27 000 ka 1971 ho ya ho tse fetang 113 000 ka 2013! Ho hlakile hore Morena wa rona ya bohlale o ile a nna a fa balatedi ba hae badisa ka nako e nepahetseng.—Mik. 5:5.

KAMOO HO KGETHWA HA BAHOLO HO ILENG HA NTLAFALA KATENG

  • 1881—E le hore Baithuti ba Bibele ba dulang dibakeng tse tshwanang ba tsebane, Morabo rona Russell o ile a kopa batho ba tshwarang diboka hore ba tsebise ofisi ya Watch Tower hore na ba kopanela hokae.

  • 1895—Diphutheho tsohle di bolellwa hore di ikgethele barababo rona ba ka sebeletsang e le baholo.

  • 1919—Motsamaisi wa tshebeletso phuthehong e nngwe le e nngwe o kgethwa ke ofisi ya lekala ka tsela ya puso ya Modimo. Mosebetsi wa hae ke ho hlophisa mosebetsi wa boboledi le ho kgothalletsa ditho tsa phutheho hore di etse mosebetsi wa boboledi. Baholo ba bang ba phutheho ba ne ba sa tshehetse tokisetso ya ho ba le motsamaisi wa tshebeletso.

  • 1932—Ho ile ha fediswa ho kgethwa ha baholo ka ho ba voutela selemo le selemo. Ho e na le hoo, phutheho e kgetha komiti ya tshebeletso e nang le barababo rona ba etsang mosebetsi wa boboledi ka tjheseho le ba phelelang lebitso le letjha la Dipaki Tsa Jehova. E mong wa bona, ya kgethilweng ke phutheho, o ne a kgethwa ke Mokgatlo kapa ofisi ya lekala hore e be motsamaisi wa tshebeletso.

  • 1937—Barababo rona bao e leng karolo ya bongata bo boholo ba ile ba sebetsa dikomiting tsa tshebeletso hammoho le barababo bona ba tlotsitsweng.

  • 1938—Diphutheho di dumela ho nka qeto ya hore bahlanka bohle ba phutheho ba kgethwe ka tsela ya puso ya Modimo. Ho voutela baholo ho ile ha fediswa ka phuthehong.

E le hore o ithute ho eketsehileng ka diphetoho tse ileng tsa e ba teng tsamaisong ya mokgatlo, sheba buka ya Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, leqepheng la 204-235.

“Re ne re voutela baholo ka hore re phahamise letsoho le letona. Ebe morabo rona o tsamaya a bala divoutu.”​—⁠Moradiwabo rona Rose Swingle, Chicago, Illinois, U.S.A.

“Le e ba Mehlala ho Mohlape”

16. (a) Baholo ba na le boikarabelo bofe? (b) Baithuti ba Bibele ba ile ba tadima keletso ya Jesu e reng ‘disa dinku’ jwang?

16 Morao kwana matsatsing a Baithuti ba Bibele, baholo ba ne ba se ntse ba utlwisisa hore ba ne ba ikarabella ho thusa badumedimmoho le bona hore ba dule ba sebeletsa Modimo. (Bala Bagalata 6:10.) Ka 1908, makasine ya Watch Tower e ile ya ba le sehlooho se neng se e na le keletso ya Jesu e reng: “Disa dinku tsa ka tse nyenyane.” (Joh. 21:15-17) Sehlooho seo se ile sa bua le baholo sa re: “Ke habohlokwa hore mosebetsi oo Monga rona a re fileng wona wa ho hlokomela mohlape o tle pele bophelong ba rona mme re ho nke e le tokelo ho fepa le ho hlokomela balatedi ba Morena.” Ka 1925, makasine ya The Watch Tower e ile ya boela ya hatisa bohlokwa ba hore baholo ba sebeletse e le badisa, e ile ya re: “Kereke ke ya Modimo, . . . mme bohle ba tla ikarabella ho Modimo ka tokelo ya bona ya ho sebeletsa barababo bona.”

17. Balebedi ba ile ba nna ba thuswa jwang hore ba etse mosebetsi wa bona wa bodisa ka katleho?

17 Mokgatlo wa Jehova o ile wa thusa baholo jwang hore ba ntlafatse tsebo ya bona ya bodisa jwalokaha eka ba ile ba fumana “silevera ho e na le tshepe”? Ka ho ba kwetlisa. Ka lekgetlo la pele ka 1959, ho ile ha tshwarwa Sekolo sa Tshebeletso sa Mmuso sa baholo. Karolo e nngwe e ile ya tshohla sehlooho se reng, “Ho Hlokomela Batho ka Bomong.” Bara bao babo rona ba ile ba kgothalletswa ho “etsa kemiso ya ho etela ditho tsa phutheho malapeng a bona.” Karolo eo e ile ya bua ka ditsela tse fapaneng tseo badisa ba ka etsang hore bahweletsi ba rue molemo maetong ao. Ka 1966 ho ile ha qala Sekolo sa Tshebeletso sa Mmuso se ntjhafaditsweng. Ho ile ha tshohlwa sehlooho se reng “Bohlokwa ba Mosebetsi wa Bodisa.” Morero o ka sehloohong wa karolo eo e ne e le ofe? E ne e le ho ruta hore ba etellang pele “ba lokela ho hlokomela mohlape wa Modimo ka lerato empa ha ba a lokela ho hlokomoloha malapa a bona le ho ya tshebeletsong ya tshimo.” Dilemong tsa morao tjena ho ile ha nna ha tshwarwa dikolo tsa baholo tse eketsehileng. Kwetliso eo mokgatlo wa Jehova o faneng ka yona e bile le diphello dife? Kajeno, diphutheho tsa Bokreste di na le barababo rona ba tshwanelehang ba dikete, ba sebetsang e le badisa ba moya.

Sekolo sa Tshebeletso sa Mmuso se neng se tshwaretswe Philippines, ka 1966

18. (a) Baholo ba fuwe boikarabelo bofe bo boima? (b) Ke hobaneng Jehova le Jesu ba rata baholo ba sebetsang ka thata?

18 Jehova o sebedisa Morena wa rona Jesu ho kgetha baholo ba Bakreste hore ba etse mosebetsi o boima. Mosebetsi oo ke ofe? Ke wa ho etella pele dinku tsa Modimo nakong ena e mahlonoko ka ho fetisisa. (Baef. 4:11, 12; 2 Tim. 3:1) Jehova le Jesu ba rata baholo bana ba sebetsang ka thata hobane bara bana babo rona ba mamela keletso ya Mangolo e reng: “Disang mohlape wa Modimo o tlhokomelong ya lona . . . ka ho rata . . . , ka tabatabelo . . . , le e ba mehlala ho mohlape.” (1 Pet. 5:2, 3) A re ke re hlahlobe ditsela tse pedi hara tse ngata tseo badisa ba Bakreste e leng mehlala ho mohlape le kamoo ba etsang hore ho be le kgotso le thabo ka phuthehong.

“RE NE RE HLOLETSWE”

BANYALANI ba baromuwa ba Asia ba ile ba abelwa phutheho e ileng ya nka dilemo tse ngata ho hola. Ba ile ba hlokomela hore le hoja barababo rona ba phutheho eo ba ne ba le lerato, ba ne ba sa latele ditaelo tsa mokgatlo. Ka mora hore baromuwa ba etse setswalle le bahweletsi, morabo rona wa moromuwa o ile a thusa phutheho mohato ka mohato hore e kgone ho hlophiseha ka tsela eo batho ba Jehova ba hlophisehileng ka yona lefatshe lohle. Diphello e ile ya e ba dife? Ka dilemo tse pedi, palo ya batho ba ileng ba e ba teng dibokeng e ile ya menahana habedi, ba batjha ba ile ba etsa mosebetsi wa boboledi mme ho ile ha kolobetswa ba 20. Banyalani bao ba re: “Re ne re hloletswe, Jehova o ile a re hlohonolofatsa haholo! Ho bona diphello tsa ho sebedisa ditaelo tse tswang mokgatlong wa Modimo ho tliseditse phutheho yohle thabo.”

Kajeno Baholo ba Disa Mohlape wa Modimo Jwang?

19. Re ikutlwa jwang ha baholo ba sebetsa le rona tshebeletsong?

19 Tsela ya pele, baholo ba sebetsa le ditho tsa phutheho. Mongodi wa Kosepele Luka o ile a bua ka Jesu a re: “A qala ho tsamaya ho tloha motseng o mong ho ya ho o mong le ho tloha motsaneng o mong ho ya ho o mong, a bolela mme a phatlalatsa ditaba tse molemo tsa mmuso wa Modimo. Ba leshome le metso e mmedi ba ne ba e na le yena.” (Luka 8:1) Jwalokaha Jesu a ile a sebetsa mahetla a bapile le baapostola ba hae, baholo ba behang mohlala kajeno ba sebetsa hammoho le badumedimmoho le bona mosebetsing wa boboledi. Ba a hlokomela hore ha ba etsa jwalo, seo se etsa hore ho be le moya o motle ka phuthehong. Ditho tsa phutheho di ikutlwa jwang ka baholo bao? Jeannine, moradiwabo rona ya dilemong tsa bo 80, o re: “Ha ke sebetsa hammoho le moholo tshebeletsong ya tshimo, seo se mpha monyetla wa hore re buisane le hore ke mo tsebe hamolemo.” Steven, morabo rona ya dilemong tsa bo 30, o re: “Ha moholo a sebetsa le nna tshebeletsong ya ntlo le ntlo, ke ikutlwa eka o batla ho nthusa. Ke a thaba ha ke fumana thuso e jwalo.”

Jwalokaha modisa a batla nku e lahlehileng, baholo le bona ba batla batho ba seng ba sa kopanele le phutheho.

20, 21. Baholo ba ka etsisa modisa ya papisong ya Jesu jwang? Fana ka mohlala. (Sheba le lebokose le reng, “Maeto a Ileng a Beha Ditholwana.”)

20 Tsela ya bobedi, mokgatlo wa Jehova o kwetlisitse baholo hore ba hlokomele batho ba seng ba sa kopanele le phutheho. (Baheb. 12:12) Ke hobaneng ha baholo ba lokela ho thusa batho bao ba fokolang moyeng, hona ba lokela ho ba thusa jwang? Papiso ya Jesu e buang ka modisa le nku e lahlehileng e fana ka dikarabo. (Bala Luka 15:4-7.) Ha modisa wa papisong eo a hlokomela hore ho na le nku e lahlehileng, o e batla jwalokaha eka nku eo ke yona feela eo a nang le yona. Kajeno baholo ba Bakreste ba etsisa mohlala wa modisa eo jwang? Jwalokaha nku e lahlehileng e le ya bohlokwa ho modisa, batho ba seng ba sa kopanele le batho ba Modimo le bona ke ba bohlokwa ho baholo. Ba nka motho ya fokolang e le nku e lahlehileng, ha ba nke hore ho batla nku eo ke tshenyo ya nako. Ho feta moo, jwalokaha modisa a “batla [nku] e lahlehileng ho fihlela a e fumana,” baholo ba ithaopela ho batla batho ba fokolang moyeng le ho ba thusa.

21 Modisa ya papisong o etsang ha a fumana nku? O e phahamisa ka mosa, “o e jara mahetleng,” mme o e kgutlisetsa mohlapeng. Ka ho tshwanang, ha moholo a bua ka tsela e bontshang hore o amehile ka motho eo ya fokolang, a ka mo phahamisa moyeng mme a mo thusa hore a kgutlele ka phuthehong. Ke sona se ileng sa etsahalla Victor, morabo rona ya dulang Afrika ya ileng a kgaotsa ho kopanela le phutheho. O re: “Dilemong tse robedi tseo ke neng ke sa kopanele ka tsona baholo ba ne ba ntse ba leka ho nthusa.” Ke eng se ileng sa mo ama maikutlo ka ho kgetheha? O re: “Ka letsatsi le leng, John, moholo eo re neng re le Sekolong sa Tshebeletso sa Bopulamadiboho le yena, o ile a nketela yaba o mpontsha tse ding tsa dinepe tseo re ileng ra di nka ha re le sekolong. Ke ile ka hopola dinako tseo tse monate hoo ke ileng ka labalabela ho ba le thabo eo ke neng ke na le yona ha ke ntse ke sebeletsa Jehova.” Victor, o ile a kgutlela ka phuthehong nakwana ka mora hore John a mo etele. Kajeno ke pulamadiboho hape. Ka sebele ha baholo ba Bakreste ba re tsotella rea thaba.—2 Bakor. 1:24.b

MAETO A ILENG A BEHA DITHOLWANA

BAHOLO ba phutheho ya United States ba ne ba batla ho thusa dinku tse lahlehileng mme ba ile ba hlahloba hore na ba ka etsang ho thusa dinku tseo. Ba ile ba fumana hore batho ba ka bang 30 ba neng ba kgaoditse ho sebeletsa Jehova ka dilemo tse mashome ba ne ba ntse ba dula tshimong ya phutheho. Ba bangata ba bona ba ne ba se ba hodile dilemong.

E mong wa baholo bao, e leng Alfredo, o ne a e na le mabitso a bona mme o ile a ba etela. O re: “Labohlano le leng le le leng, ke etela motho ya seng a sa kopanele.” Alfredo o qoqa le motho eo ka mofuthu ebe o mo bontsha hore o amehile ka yena. O bolella mora kapa moradiwabo rona ya seng a sa kopanele hore phutheho ha e so lebale mosebetsi o motle oo a ileng a o etsa ha a ntse a tshehetsa Mmuso wa Jehova. Alfredo o re, “Ha ke bolella morabo rona e mong ya hodileng ya ileng a kgaotsa ho kopanela ka tlaleho ya hae ya kgwedi ya ho qetela eo a ileng a fana ka yona ka 1976, o ile a seka meokgo.” Alfredo o boetse o bala Luka 15:4-7, 10 ha a ba etetse, ebe o re ho bona, “Ho etsahalang ha nku e lahlehileng e kgutlela ka phuthehong? Jehova, Jesu le mangeloi ba a thaba. A ko nahane ka seo!”

Dilemo tse pedi tse fetileng, Alfredo o ile a nna a thusa batho ba seng ba sa kopanele le phutheho. Diphello tsa boiteko ba hae e bile dife? O ile a thusa barababo rona ba babedi ho kgutlela ka phuthehong mme seo se ile sa mo tlisetsa thabo. Hona jwale ba dula ba le teng dibokeng tsa Sontaha. O bua a bososela o re: “Ha ba kena ka Holong ya Mmuso, le nna ke ile ka seka meokgo.” O phaella ka ho re: “Le hoja batho bana ba se ba qadile ho tla dibokeng, ke ntse ke e e ya ho bona ka Labohlano le leng le le leng hobane ba mpolella hore ba thabela ha ke ba etela beke le beke mme le nna ke ikutlwa ka tsela e tshwanang!”

Diphetoho tse Amanang le Baholo di Matlafatsa Bonngwe ba Batho ba Modimo

22. Ho loka le kgotso ho matlafatsa bonngwe ba phutheho ya Bokreste jwang? (Sheba le lebokose le reng “Re ne re Hloletswe.”)

22 Jwalokaha re bone pejana, Jehova o ile a bolela esale pele hore ho loka le kgotso di ne di tla eketseha hara batho ba Modimo. (Esa. 60:17) Dintho tsena ka bobedi di matlafatsa bonngwe ka diphuthehong. Jwang? Tabeng ya ho loka, ‘Modimo ke Jehova a le mong.’ (Deut. 6:4) Melao ya hae e lokileng e sebediswa ka tsela e tshwanang diphuthehong tsa dinaheng tse fapaneng. Molao wa hae wa se nepahetseng le se fosahetseng o mong mme o a tshwana “diphuthehong tsohle tsa bahalaledi.” (1 Bakor. 14:33) Kahoo, diphutheho dia hola hafeela ho sebediswa melao ya Modimo. Morena wa rona o boetse o batla hore re se ke ra thabela feela ho ba le kgotso ka phuthehong empa re be batho ba bopang kgotso. (Mat. 5:9) Kahoo re ‘phehella dintho tse tlisang kgotso.’ Re ithaopela ho rarolla mathata a ka hlahang hara rona. (Bar. 14:19) Ha re etsa jwalo re etsa hore ho be le kgotso le bonngwe ka hara phutheho.—Esa. 60:18.

23. Keng eo re e thabelang re le bahlanka ba Jehova kajeno?

23 Morao kwana ka November 1895, ha makasine ya Watch Tower e phatlalatsa tokisetso ya pele ya ho kgetha baholo, barababo rona ba ile ba e amohela ka pelo yohle. Ba ile ba bontsha seo jwang? Ba ne ba labalabela ba bile ba rapella hore tokisetso ena e ntjha e thuse batho ba Modimo hore “ba tle ka potlako e le hore ba be bonngweng tumelong.” Ha re nahana ka dilemo tse mashome tse fetileng, ka sebele re thabiswa ke ho bona hore diphetoho tseo Jehova a di tlisitseng ka Morena wa rona di matlafaditse bonngwe ba borapedi ba rona. (Pes. 99:4) Seo se entse hore kajeno batho ba Jehova ba tsamaye ka “moya o tshwanang,” ba latele “mehato e tshwanang” ba sebeletse “Modimo wa kgotso” ‘mahetla a bapile.’—2 Bakor. 12:18; bala Sofonia 3:9.

a Dipatlisiso tseo tse ileng tsa etswa ka hloko di ile tsa hatiswa bukeng ya Aid to Bible Understanding.

b Sheba sehlooho se reng, “Baholo ba Bakreste—‘Basebetsimmoho Bakeng sa Thabo ya Rona’” sa Molula-Qhooa wa January 15, 2013, leqepheng la 27-31.

Mmuso ke wa Sebele Hakae ho Wena?

  • Ke diphetoho dife tseo Mmuso o di tlisitseng mokgatlong?

  • Diphetoho tse mabapi le ho kgetha baholo ka phuthehong di o thusitse jwang hore o sebeletse “Modimo wa kgotso”?

  • Keng eo moholo a ileng a e bua kapa a e etsa e ileng ya o thabisa?

  • O ka etsang e le hore ho be le kgotso le bonngwe ka phuthehong?

“Re ne re voutela baholo ka hore re phahamise letsoho le letona. Ebe morabo rona o tsamaya a bala divoutu.”—Moradiwabo rona Rose Swingle, Chicago, Illinois, U.S.A.

Ho tloha ka ho le letshehadi ho ya ka ho le letona: Gerrit Lösch, Geoffrey Jackson, Samuel Herd, Guy Pierce, Mark Sanderson, David Splane, Anthony Morris III, Stephen Lett

SEHLOPHA SE BUSANG SE HLOKOMELA DITLHOKO TSA MMUSO JWANG?

SEHLOPHA se Busang sa Dipaki Tsa Jehova ke barababo rona ba tlotsitsweng ba sebeletsang Jehova Modimo. E le sehlopha, ba bitswa “lekgoba le tshepahalang le le masene.” Ba na le boikarabelo ba ho fana ka dijo tsa moya le ho fana ka tataiso e le hore mosebetsi wa ho bolela ka Mmuso lefatsheng ka bophara o etswe.—Mat. 24:14, 45-47.

Sehlopha se Busang se ba le diboka beke le beke, haholoholo ka Laboraro. Sena se thusa barababo rona hore ba sebetse mmoho ba le bonngweng. (Pes. 133:1) Ditho tsa Sehlopha se Busang di boetse di sebeletsa dikomiting tse fapaneng. Komiti ka nngwe e hlokomela karolo e itseng e amanang le ditlhoko tsa Mmuso. Sehlopha se Busang se etsa mesebetsi e latelang.

  • Komiti ya Bohokahanyi

    Komiti ena e hlokomela ditaba tsa molao le tshebediso ya metjha ya ditaba ha ho hlokahala ho hlalosa ka tsela e nepahetseng seo re se dumelang. E boetse e sebetsana le ditaba tsa dikoduwa, mahloriso le ditaba tse ding tse potlakileng tse amang Dipaki Tsa Jehova lefatsheng lohle.

  • Komiti ya Basebetsi

    Komiti ena e hlokomela ditho tsa lelapa la Bethele lefatsheng lohle ka dintho tseo ba di hlokang nameng le moyeng. E kgetha le ho bitsa ditho tse ntjha tsa lelapa la Bethele le ho hlophisa dipotso tse mabapi le tshebeletso ya Bethele.

  • Komiti ya Kgatiso

    Ba sebetsang komiting ena ba ikarabella ka ditsi tsa kgatiso le thepa e sebediswang ke mekgatlo e sa tshwaneng ya Dipaki Tsa Jehova, le ka mosebetsi o etswang wa ho haha Diholo Tsa Mmuso. Ba boetse ba ikarabella ka tsela eo ditjhelete tse nehetsweng bakeng sa mosebetsi wa Mmuso di sebediswang ka yona.

  • Komiti ya Tshebeletso

    Barababo rona ba sebetsang komiting ena ba hlokomela dikarolo tsa mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo le dintho tse amang diphutheho, bahweletsi, bo pulamadiboho, baholo, balebedi ba tsamayang le baromuwa. Hara dintho tse ding tse ngata tseo ba di hlokomelang, ba hlokomela mosebetsi o etswang ke Komiti ya Bohokahanyi le Dipetlele.

  • Komiti ya Thuto

    Komiti ena e ikarabella ka thupelo e fanwang dikopanong tse kgolo le tse nyenyane le dibokeng tsa phutheho. E hlophisa mananeo a thupelo bakeng sa Sekolo sa Gileade, Sekolo sa Baevangedi ba Mmuso, Sekolo sa Tshebeletso sa Bopulamadiboho hammoho le dikolo tse ding. Ho phaella moo, e ikarabella ka ho hlophisa Bukana ya Diboka ya Bophelo le Tshebeletso ya Rona hammoho le dikgatiso tse mamelwang le tsa divideo.

  • Komiti ya Bongodi

    Barababo rona ba sebetsang komiting ena ba ikarabella ka ho lokisetsa dijo tsa moya tse fumanehang dingolweng tsa rona le disebedisweng tsa elektronike bakeng sa badumedimmoho le bona le batho ka kakaretso. Ba boetse ba hlophisa Websaete ya mokgatlo le ho hlokomela mosebetsi wa phetolelo lefatsheng lohle. Ho phaella moo, komiti ena e arabela dipotso tse amanang le mangolo le dintlha tse ka hara dingolwa tsa rona.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela