Keng Seo Modimo a se Batlelang Batho?
HA O bala koranta, o shebella TV kapa o mamela ditaba radiong, o utlwa ho buuwa ka dintho tse mpe tse kang bonokwane, dintwa le bokgukguni. Mohlomong le wena o na le mathata a kang ho kula kapa ho shwelwa ke motho eo o mo ratang.
O ka nna wa ipotsa:
Na ke seo Modimo a se batlelang nna le ba lelapa la ka?
Keng e ka nthusang ho rarolla mathata a ka?
Na ka le leng ho tla ba le kgotso lefatsheng?
Bibele e araba dipotso tseo ka tsela e kgotsofatsang.
BIBELE E RE MODIMO O TLA RE ETSETSA DINTHO TSE NTLE MONA LEFATSHENG.
Batho ha ba sa tla hlola ba utlwa bohloko, ba tsofala le ho shwa.—Tšenolo 21:4
‘Ya holofetseng o tla tlola jwaloka kgama.’—Esaia 35:6
“Mahlo a difofu a tla tutuboloha.” —Esaia 35:5
Bafu ba tla tsoswa. —Johanne 5:28, 29
Ha ho na motho ya tla kula. —Esaia 33:24
Motho e mong le e mong o tla ba le dijo tse ngata. —Pesaleme ya 72:16
RUA MOLEMO HO SEO BIBELE E SE RUTANG
O ka nna wa nahana hore dintho tsena tseo o sa tswa di bala maqepheng a qalang a buka ena ke ditoro. Empa Modimo o tshepisitse hore haufinyane o tla etsa diphetoho mona lefatsheng, ebile Bibele e ya hlalosa hore na o tla di etsa jwang.
Bibele e re bolella seo re lokelang ho se tseba e le hore re thabele bophelo hona jwale. A ko nahane ka dintho tse o tshwenyang. Mohlomong o tshwenyehile ka tjhelete, mathata a lelapa, ho kula kapa ho shwelwa ke motho eo o mo ratang. Bibele e ka o thusa ho sebetsana le mathata ana ebile e ka o thusa ho utlwisisa dikarabo tsa dipotso tse latelang:
Ke hobaneng ha re hlahelwa ke mathata?
Re ka sebetsana jwang le mathata a rona?
Na ho ka ba le thabo lelapeng la hao?
Ho etsahalang ka rona ha re shwa?
Na ka le leng re tla boela re bone batho bao re ba ratang ba seng ba hlokahetse?
Ke hobaneng ha re kgodisehile hore Modimo o tla phethahatsa ditshepiso tsa hae?
Taba ya hore o bala buka ena e bontsha hore o batla ho tseba hore na keng seo Bibele e se rutang. Buka ena e tla o thusa. Dirapa tsa buka ena di na le dipotso tse ka o thusang hore o utlwisise Bibele haholwanyane. Batho ba bangata ba ile ba thabela ho ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova. Re tshepa hore le wena o tla thabela ho etsa jwalo. E se e ka Modimo a ka o hlohonolofatsa ha o ntse o etsa boiteko ba ho tseba hore na Bibele e re rutang!