Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ypq potso 3 maq. 9-11
  • Nka Buisana le Batswadi ba ka Jwang?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Nka Buisana le Batswadi ba ka Jwang?
  • Dikarabo Tsa Dipotso Tse 10 Tseo Batjha ba di Botsang
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Ke Hobaneng ha Eka Batswadi ba ka ha ba Batle ha ke Ithabisa?
    Batjha ba a Botsa
  • Keng e ka Thusang Ngwana ha a Hlokahalletswe ke Motswadi?
    Fadimehang!—2017
Dikarabo Tsa Dipotso Tse 10 Tseo Batjha ba di Botsang
ypq potso 3 maq. 9-11
Moshanyana o a furalla ha ntate wa hae a bua le yena

POTSO YA 3

Nka Buisana le Batswadi ba ka Jwang?

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA?

Ha o sebedisana hantle le batswadi ba hao, o tla thaba.

O NE O TLA ETSANG?

Nahana ka sena: Ke Laboraro mantsiboya. Lebo ya dilemo di 17 o qetile mosebetsi wa hae, jwale o batla ho phomola ho se hokae! O itahlela sofeng mme o laeta TV.

Hona nakong eo, ntate wa hae o kena monyako, mme ha a thabele seo.

“Lebohang! Ke hobaneng ha o senya nako ka ho shebella TV ha e lokela ebe o thusa ngwaneno ka homework? Ha ho mohla o etsang seo re o laelang sona!”

Lebo o buela ka marameng, o re: “Eish! Ntate o se a qadile,” empa ntate wa hae o wa mo utlwa.

Ntate wa hae o atamela ho yena o re: “O reng moshanyana?”

Lebo o bua a tenehile o re: “Ha ke re letho.”

Ntate o halefa le ho feta. O re: “O se ke wa bua le nna jwalo!”

Haeba e ne e le wena, o ne o tla etsang hore o qobe boemo boo?

NAHANISISA HANTLE!

Ho buisana le batswadi ba hao ho tshwana le ho kganna koloi. Ha o fihla moo tsela e kwetsweng, o ka sebedisa tsela e nngwe.

KA MOHLALA:

Ngwanana ya bitswang Leah o re: “Ho thata ho bua le ntate wa ka. Ka dinako tse ding ha ke ntse ke bua, o tla be a re, ‘Ha ke a utlwa, o ntso reng?’”

LEAH A KA KGETHA HO ETSA E NNGWE YA DINTHO TSENA TSE THARO.

  1. A ka halefela ntate wa hae.

    Leah o wa kwata mme o re: “Ako mamele hle! Taba ena ke ya bohlokwa!”

  2. A ka tlohela ho bua le ntate wa hae.

    Leah o kgetha hore a se ke a hlola a bolella ntate wa hae mathata a hae.

  3. A ka emela nako e loketseng, ebe o bua le ntate wa hae hape.

    Leah o bua le ntate wa hae ka nako e nngwe, kapa o mo ngolla lengolo ho mo hlalosetsa mathata a hae.

O ne o ka kgothalletsa Leah hore a etseng?

NAHANA KA SENA: Ho na le ntho e ferekantseng ntate wa Leah, ka hoo ha a hlokomele hore moradi wa hae o na le bothata. Haeba Leah a kgetha ho kwata, ntate wa hae o ne a tla mo makalla hore na o kwatetseng. Ho feta moo, ntate wa Leah o ne a ke ke a mo mamela, ebile seo se ne se tla bontsha hore ha a hlomphe ntate wa hae. (Baefese 6:2) Ka hoo, ho hlakile hore ho etsa dintho ka tsela ena ho ke ke ha mo tswela molemo.

Koloi e fihla moo tsela e kwetsweng

Feela jwalo ka ha o ka nka tsela e nngwe ha e nngwe e kwetswe, o ka fumana tsela e nngwe ya ho buisana le batswadi ba hao

Le hoja ho bonahala eka ho kgaotsa ho bua ke yona tsela e bonolo, ha e le hantle ho kotsi. Hobaneng? Hobane ho hlokahala hore Leah a bue le ntate wa hae ka mathata a hae e le hore a fumane thuso. Ho thola ha ho thuse ka letho.

Ha Leah a emela nako e loketseng ya ho bua le ntate wa hae, seo se bontsha hore ha a dumelle letho hore le mo sitise hore ba buisane. Ebile ha a kgetha ho ngolla ntate wa hae lengolo, o tla imoloha hanghang.

Ho ngola lengolo ho ka boela ha mo thusa hore a behe ditaba tsa hae hantle. Ha ntate wa Leah a bala lengolo leo, o tla utlwa seo Leah a neng a batla ho mo bolella sona, e leng se ka mo thusang hore a utlwisise bothata ba hae. Ho emela nako e loketseng ya ho bua ho ka tswela Leah le ntate wa hae molemo. Ho sa tsotellehe hore na Leah o buisana le ntate wa hae kapa o ngola lengolo, sena se dumellana le keletso ya Bibele e reng re ‘phehelle dintho tse tlisang kgotso.’—Baroma 14:19.

Ke dintho dife tse ding tseo Leah a ka di etsang?

Nahana ka ntho e le nngwe, ebe ka mora moo o nahana ka hore na ho tla ba le diphello dife?

KELETSO E BOHLALE E TSWANG BIBELENG

“Hlompha ntatao le mmao.”—Baefese 6:2.

“Seo le se buang ka mehla e ke e be se nang le mosa.”—Bakolose 4:6.

‘O potlakele ho utlwa, o diehe ho bua, o diehe ho halefa.’—Jakobo 1:19.

QOBA HO BUA DINTHO TSE SA HLAKANG

Hopola hore batswadi ba hao ba ka nna ba se ke ba utlwisisa seo o se buang.

KA MOHLALA:

Batswadi ba o botsa hore na o kwatetseng. Wena o re, “Ha ke batle ho bua ka taba eo.”

Ha o tjho jwalo, batswadi ba hao ba nahana hore ha o batle ho bua le bona hobane ha o ba tshepe. Ba nka hore o batla ho bolella metswalle ya hao mathata a hao, eseng bona.

A re re mohlomong o tobane le bothata, jwale batswadi ba hao ba batla ho o thusa. Jwale o re: “Le se ke la kgathatseha, ke tla bona hore na ke etsa jwang.”

  • Batswadi ba hao ba ka nahanang?

  • Ho ka ba molemo hore o reng?

SEO KE RERANG HO SE ETSA

  • Ke tla etsang nakong eo ke ikutlwang ke sa batle ho bua le batswadi ba ka?

  • Ke tla etsang haeba batswadi ba ka ba nqobella hore ke bue ka ntho eo ke sa batleng ho bua ka yona?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela