PINA YA 19
Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena
1. Jehova Ntate’a lehodimong,
Ke bosiu bo halalelang!
Letsatsing lona leo, ho ile ha hlaka
Toka, matla le lerato.
Konyan’a Paseka ya thusa,
Batho ba hao ba lokollwa.
Ha morao madi a Mor’a hao a tshollwa,
Ho phethahatsa boprofeta.
2. Bohobe le veine ke tsena,
Di re hopotsa thekollo.
O ile a mame-
la bophelong bohle,
Re tlotlisa Mora wa hao
Re tshwara Sehopotso sena;
Ke nako ya ho hopola
Kamoo lefu la Mo-
ra wa hao le ntshitseng
Batho bohle lefung le sebeng.
3. Re bokane mona pel’a hao.
Re tletse ho tla o boka
Ka lerato le theotseng
Mora wa hao
Re re re a le leboha.
Re ikutlwa re matlafetse
Ka baka la Sehopotso.
Kamehla re tla latela Jesu Kreste,
Re rue phelo bo sa feleng.
(Sheba le Luka 22:14-20; 1 Bakor. 11:23-26.)